Liproverbia 11:1-31

  • Bohlale bo ho ba inyenyefatsang (2)

  • Mokoenehi o felisa batho ba bang (9)

  • “Ha baeletsi ba le bangata batho baa atleha” (14)

  • Motho ea fanang o tla atleha (25)

  • Ea tšepang maruo a hae o tla oa (28)

11  Jehova o nyonya sekala sa ho bekha se qhekellangEmpa o khahlisoa ke sekala se bekhang* ka tsela e nepahetseng.+   Ha motho a iketelletsa pele, o tla lahleheloa ke tlhompho+Empa bohlale bo ho ba inyenyefatsang.+   Botšepehi ba ba lokileng ke bona bo ba tataisang+Empa leshano la ba bolotsana le tla ba timetsa.+   Maruo* a ke ke a thusa letsatsing la khalefo ea Molimo+Empa ho loka ho tla lopolla lefung.+   Liketso tse ntle tsa ea lokileng li tla otlolla tsela ea haeEmpa ea khopo o tla oa ka lebaka la bokhopo ba hae.+   Ba lokileng ba tla pholosoa ke ho loka ha bona+Empa balotsana ba tla tšoasoa ke lintho tseo ba li ratang.+   Ha motho ea khopo a shoa, tšepo ea hae ea felaEsita le matla ao a neng a a tšepile aa fela.+   Ea lokileng o pholosoa mahlomolengEmpa ea khopo o kena ho ’ona.+   Mokoenehi* o felisa moahisani oa hae ka lipuo*Empa ba lokileng ba pholosoa ke ho ba le tsebo.+ 10  Lintho tse molemo tse etsoang ke batho ba lokileng li tlisa thabo motsengEmpa ha ba khopo ba timela ho ba le mohoo oa thabo.+ 11  Tlhohonolofatso eo ba lokileng ba e fumanang e haha motse+Empa mantsoe a ba khopo a senya motse.+ 12  Motho ea se nang kelello* ha a hlomphe moahisani oa haeEmpa motho ea nang le temoho oa ithiba.+ 13  Ea ratang ho senya batho lebitso o ntša makunutu+Empa motho ea tšepahalang o boloka lekunutu.* 14  Ha batho ba sa tataisoe ka bohlale,* baa oaEmpa ha baeletsi ba le bangata batho baa atleha.*+ 15  Motho ea itlamang hore o tla patala sekoloto sa e mong o ikenya mathateng+Empa ea sa potlakeleng ho etsa litumellano o tla qoba mathata. 16  Mosali ea mosa* o iphumanela thoriso+Empa banna ba bahatelli ba ikhapela maruo. 17  Motho ea mosa o itsoela molemo+Empa motho ea sehloho o ipakela likhathatso.*+ 18  Ea khopo o amohela moputso o se nang thuso+Empa ea jalang ho loka o kotula moputso oa ’nete.+ 19  Ea lulang a etsa lintho tse lokileng o tla fumana bophelo+Empa ea khothalletseng ho etsa bokhopo* o tla shoa. 20  Jehova o nyonya ba lipelo li bolotsana+Empa ba lulang ba tšepahala* baa mo thabisa.+ 21  Kholiseha hore motho ea khopo o tla fuoa kotlo+Empa bana ba ea lokileng ba tla pholoha. 22  Mosali e motle empa a se na kelelloO joaloka lesale la khauta sefeneng sa kolobe. 23  Takatso ea ba lokileng e qetella ka botle+Empa tšepo ea ba khopo e fehla khalefo. 24  Ea fanang o qetella a e-na le ho hongata le ho feta+Empa ea timanang leha a lokela ho fana, o qetella e le mofutsana.+ 25  Motho ea fanang o tla atleha,*+Ea khathollang ba bang le eena o tla khatholloa.+ 26  Batho ba tla rohaka ea timanang ka lijo*Empa ba tla hlohonolofatsa ea li rekisang. 27  Ea khothallang ho etsa se molemo o tla hauheloa+Empa ea phehellang ho etsa bobe, joang kapa joang bobe bo tla mo oela holimo.+ 28  Ea tšepang maruo a hae o tla oa+Empa ba lokileng ba tla atleha feela joaloka makhasi a matala.+ 29  Mang kapa mang ea tlisetsang ba ntlo ea hae likhathatso* a ke ke a fumana letho,*+Sethoto se tla sebeletsa ea bohlale. 30  Litholoana tsa ea lokileng ke sefate sa bophelo,+Ea hapang lipelo tsa ba bang* o bohlale.+ 31  Haeba ea lokileng o tla fumana moputso o mo loketseng lefatšeng,Hakaakang ka ea khopo le moetsalibe.+

Linaletsana

Kapa: “majoe a bekhang.”
Kapa: “Lintho tsa bohlokoa.”
Kapa: “Motho ea sa hlompheng Molimo.”
Kapa: “ka molomo oa hae.”
Ka Seheberu: “Eo pelo ea hae e haelloang.”
Kapa: “o na le sefuba.”
Kapa: “ke motho ea bohlale.”
Kapa: “bolokeha.”
Kapa: “motle.”
Kapa: “oa itlotlolla.”
Kapa: “ea lelekisang bobe.”
Kapa: “ba sa tšoauoeng phoso litseleng tsa bona.”
Ka Seheberu: “o tla nona.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ea tlotlollang ba ntlo ea hae.”
Ka Seheberu: “o tla fumana moea e le lefa.”
Mohlomong ke motho ea thusang ba bang ho tsamaea tseleng ea bophelo.