Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Buka ea Liproverbia

Likhaolo

Kakaretso ea Buka

  • 1

    • Morero oa maele (1-7)

    • Kotsi ea ho tloaelana le batho ba sa lokang (8-19)

    • Bohlale ba ’nete bo hoeletsa phatlalatsa (20-33)

  • 2

    • Melemo ea ho ba bohlale (1-22)

      • Batla bohlale joaloka matlotlo a patiloeng (4)

      • Bokhoni ba ho nahana bo tla u sireletsa (11)

      • Boitšoaro bo bobe bo baka mathata (16-19)

  • 3

    • E-ba bohlale ’me u tšepe Jehova (1-12)

      • Hlompha Jehova ka ho mo fa lintho tsa bohlokoa (9)

    • Bohlale bo etsa hore motho a thabe (13-18)

    • Bohlale boa sireletsa (19-26)

    • Tšoara batho ba bang hantle (27-35)

      • Etsetsa ba bang se molemo ha ho khoneha (27)

  • 4

    • Taeo ea ntate e molemo (1-27)

      • Ka holim’a lintho tsohle, fumana bohlale (7)

      • Qoba tsela ea batho ba khopo (14, 15)

      • Tsela ea ba lokileng e lula e ntse e khanya (18)

      • “U sireletse pelo ea hao” (23)

  • 5

    • Itebele ho mosali ea boitšoaro bo bobe (1-14)

    • U thabe le mosali oa hao (15-23)

  • 6

    • E-ba hlokolosi ka ho itlamela ho patalla moahisani sekoloto (1-5)

    • “Uena ea botsoa, e-ea ho bohloa” (6-11)

    • Motho ea se nang thuso le ea khopo (12-15)

    • Lintho tse supileng tseo Jehova a li hloileng (16-19)

    • Itebele ho mosali oa letekatse (20-35)

  • 7

    • Mamela litaelo tsa Molimo ’me u phele (1-5)

    • Mohlankana ea se nang tsebo o hoheloa ke mosali (6-27)

      • “Joaloka poho e tl’o hlajoa” (22)

  • 8

    • Bohlale boa bua (1-36)

      • ‘Jehova o ile a mpopa ke le oa pele’ (22)

      • ‘Ke ne ke e-na le Molimo ke le mosebetsi ea hloahloa’ (30)

      • “Ke ne ke rata batho” (31)

  • 9

    • Bohlale ba ’nete bo mema batho (1-12)

      • “Ka lebaka la bohlale matsatsi a hao a tla ba mangata” (11)

    • Mosali ea se nang kelello o mema batho (13-18)

      • “Metsi a utsoitsoeng a monate” (17)

  • MAELE A SOLOMONE (10:1–24:34)

    • 10

      • Mora ea bohlale o thabisa ntate oa hae (1)

      • Ea khothetseng o tla rua (4)

      • Ho bua haholo ho baka liphoso (19)

      • Tlhohonolofatso ea Jehova ea ruisa (22)

      • Ho hlompha Jehova ho lelefatsa bophelo (27)

    • 11

      • Bohlale bo ho ba inyenyefatsang (2)

      • Mokoenehi o felisa batho ba bang (9)

      • “Ha baeletsi ba le bangata batho baa atleha” (14)

      • Motho ea fanang o tla atleha (25)

      • Ea tšepang maruo a hae o tla oa (28)

    • 12

      • Ea hloileng ho khalemeloa ha a na kelello (1)

      • “Lipuo tse sa nahanoang li hlaba joaloka sabole” (18)

      • Ho bopa khotso ho etsa hore motho a thabe (20)

      • Jehova o nyonya batho ba leshano (22)

      • Matšoenyeho a tetebetsa pelo (25)

    • 13

      • Ba batlang keletso ba bohlale (10)

      • Ha ntho eo motho a e lebeletseng e lieha ho phethahala, e kulisa pelo (12)

      • Moromuoa ea tšepahalang o tlisa pheko (17)

      • Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa (20)

      • Ho khalemela ke tsela ea ho bontša lerato (24)

    • 14

      • Motho o tseba bohloko ba pelo ea hae (10)

      • Tsela e bonahalang eka e lokile e ka lebisa lefung (12)

      • Ea se nang tsebo o lumela lentsoe le leng le le leng (15)

      • Metsoalle ea morui e mengata (20)

      • Pelo e nang le khotso e phelisa ’mele oa motho (30)

    • 15

      • Karabo e bonolo e leleka khalefo (1)

      • Mahlo a Jehova a bona hohle (3)

      • Thapelo ea ba lokileng e khahlisa Molimo (8)

      • Merero ea senyeha moo ho sa buisanoeng (22)

      • Nahana pele u bua (28)

    • 16

      • Jehova o hlahloba sepheo (2)

      • Siea lintho tsohle tseo u li etsang matsohong a Jehova (3)

      • Likala tse bekhang tse tšepahalang ke tsa Jehova (11)

      • Boikakaso bo lebisa timetsong (18)

      • Moriri o moputsoa ke korone ea botle (31)

    • 17

      • U se ke oa buseletsa botle ka bobe (13)

      • Pele khang e qhoma, u itsamaele (14)

      • Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle (17)

      • “Pelo e thabileng ke moriana” (22)

      • Motho ea nang le tsebo oa ithiba (27)

    • 18

      • Ea ikarolang ho ba bang o icheba boeena ebile ha a bohlale (1)

      • Lebitso la Jehova ke tora e matla (10)

      • Maruo aa sireletsa ho ea ka monahano oa motho (11)

      • Ke bohlale ho mamela mahlakore ’ohle a taba (17)

      • Motsoalle o tšepahala haholo ho feta ngoan’abo motho (24)

    • 19

      • Motho ea nang le temoho o lieha ho halefa (11)

      • Mosali ea likhang o joaloka marulelo a nelang (13)

      • Mosali ea bohlale ke mpho e tsoang ho Jehova (14)

      • Khalemela ngoana ha monyetla o sa le teng (18)

      • Ho mamela keletso hoa hlalefisa (20)

    • 20

      • Veine e tla u tšehisa ka batho (1)

      • Ea botsoa ha a leme mariha (4)

      • Menahano ea motho e joaloka metsi a tebileng (5)

      • Ke booatla ho etsa boitlamo ka lepotlapotla (25)

      • Botle ba bahlankana ke matla a bona (29)

    • 21

      • Jehova o tataisa pelo ea morena (1)

      • Toka e molemo ho feta sehlabelo (3)

      • Motho ea khothetseng o tla atleha (5)

      • Ea sa mameleng sello sa mofutsana a ke ke a mameloa (13)

      • Ho hanyetsa Jehova ha se bohlale (30)

    • 22

      • Botumo bo botle bo molemo ho feta maruo a mangata (1)

      • Ho ruta ngoana a sa le monyenyane ho tla mo tsoela molemo bophelo bohle (6)

      • Ea botsoa o tšaba tau e ka ntle (13)

      • Khalemelo e felisa booatla (15)

      • Motho ea tsebang mosebetsi oa hae o sebeletsa marena (29)

    • 23

      • E-ba hlokolosi ha u menngoe (2)

      • U se ke oa lelekisa maruo (4)

      • Maruo a ka fela (5)

      • U se ke oa ba har’a ba noang veine haholo (20)

      • Joala bo loma joaloka noha (32)

    • 24

      • U se ke oa khalla batho ba khopo (1)

      • Ntlo e hahoa ka bohlale (3)

      • Ea lokileng a ka oa empa o tla ema (16)

      • U se ke oa iphetetsa (29)

      • Ho rata boroko ho tla etsa hore u futsanehe (33, 34)

  • MAELE A SOLOMONE A ILENG A KOPITSOA KE BAHLANKA BA MORENA EZEKIASE (25:1–29:27)

    • 25

      • Boloka makunutu (9)

      • Ho khetha mantsoe hantle (11)

      • U se ke oa chakela moahisani oa hao hangata (17)

      • Ho bokella mashala hloohong ea sera (21, 22)

      • Tlaleho e monate e tšoana le metsi a pholileng (25)

    • 26

      • Ho hlalosoa motho ea botsoa (13-16)

      • U se ke oa kena-kenana le liqabang tsa batho (17)

      • Qoba mesoaso e ka utloisang ba bang bohloko (18, 19)

      • Ha patsi e le sieo mollo oa tima (20, 21)

      • Mantsoe a moetselletsi a tšoana le lijo tse monate (22)

    • 27

      • Ho khalemeloa ke motsoalle ho molemo (5, 6)

      • Mora oa ka, thabisa pelo ea ka (11)

      • Tšepe e leotsoa ka tšepe (17)

      • Tseba mohlape oa hao (23)

      • Maruo a ke ke a lula a le teng (24)

    • 28

      • Thapelo ea motho ea sa mameleng ea nyonyeha (9)

      • Ea bolelang liphoso tsa hae o tla hauheloa (13)

      • Ea potlakelang ho rua o tla lula a le molato (20)

      • Khalemelo e molemo ho feta thoriso ea boikaketsi (23)

      • Ea fanang a ke ke a hloka (27)

    • 29

      • Ngoana ea sa khalemeloeng o hlabisa lihlong (15)

      • Moo ho se nang pono batho ha ba laolehe (18)

      • Motho ea bohale o baka liqabang (22)

      • Motho ea ikokobelitseng o tla rorisoa (23)

      • Ho tšaba batho ke leraba (25)

  • 30

    • MANTSOE A AGURE (1-33)

      • U se ke oa etsa hore ke futsanehe kapa ke rue (8)

      • Lintho tse sa khotsofaleng (15, 16)

      • Lintho tse sa sieeng mohlala moo li fetileng (18, 19)

      • Mosali ea febang (20)

      • Liphoofolo tse bohlale ka tlhaho (24)

  • 31

    • MANTSOE A MORENA LEMUELE (1-31)

      • Ke mang ea ka fumanang mosali oa sebele? (10)

      • O sebetsa ka thata (17)

      • Mosa o laola leleme la hae (26)

      • O rorisoa ke bana le monna oa hae (28)

      • Botle boa fela (30)