Liproverbia 10:1-32
10 Maele a Solomone.+Mora ea bohlale o thabisa ntate oa hae+Empa mora ea se nang kelello ke mesarelo ea ’mè oa hae.
2 Matlotlo a fumanoeng ka bokhopo e tla ba a se nang thusoEmpa ho loka ke hona ho lopollang motho lefung.+
3 Jehova a ke ke a bolaisa ea lokileng tlala+Empa o tla hanela ba khopo ka ntho eo ba e batlang.
4 Ea botsoa o tla futsaneha+Empa ea khothetseng o tla rua.+
5 Mora ea bohlale o bokella lijo nakong ea lehlabulaEmpa mora ea robalang ha ho kotuloa oa itlotlolla.+
6 Motho ea lokileng o tla hlohonolofatsoa+Empa mantsoe a ba khopo a pata ntoa eo ba e koetlileng.
7 Ea lokileng o tla hopoloa le ho hlohonolofatsoa+Empa lebitso la ba khopo le tla bola.+
8 Ea bohlale* o tla mamela keletso*+Empa ea buang ka ho hloka kelello o tla timela.+
9 Ea tšepahalang o tla tsamaea a sireletsehile+Empa ea sa tšepahaleng o tla senoleha.+
10 Motho ea kobang leihlo ka bolotsana o baka masisa-pelo+’Me ea buang ka ho hloka kelello o tla timela.+
11 Molomo oa ea lokileng ke mohloli oa bophelo+Empa mantsoe a ba khopo a pata ntoa eo ba e koetlileng.+
12 Lehloeo ke lona le tsosang liqabangEmpa lerato le koahela liphoso tsohle.+
13 Bohlale bo fumanoa mantsoeng a* motho ea nang le kutloisiso+Empa thupa e shapa ea se nang kelello.*+
14 Ba bohlale ba baballa* tsebo+Empa lipuo tsa leoatla li* baka likhathatso.+
15 Maruo a morui aa mo sireletsa.*
Empa bafutsana ba bolaoa ke bofutsana ba bona.+
16 Mesebetsi ea motho ea lokileng e lebisa bophelongEmpa mesebetsi ea motho ea khopo e lebisa sebeng.+
17 Ea mamelang ha a khalemeloa ke tsela e lebisang bophelong*Empa ea sa mameleng ha a khalemeloa o khelosa ba bang.
18 Ea patang lehloeo la hae o bua leshano+’Me ea senyang ba bang lebitso* ha a na kelello.
19 Ha motho a bua haholo* a ke ke a qoba ho etsa phoso+Empa ea laolang lipuo tsa* hae o etsa lintho ka bohlale.+
20 Leleme la ea lokileng le tšoana le silevera e ntle+Empa pelo ea ea khopo ha e na thuso.
21 Mantsoe a ea lokileng a tataisa* ba bangata+Empa maoatla a shoa ka lebaka la ho hloka kelello.+
22 Tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova e ruisa motho+Ebile ha e tlise bohloko.*
23 Ho ea se nang kelello, ho etsa boitšoaro bo hlabisang lihlong ho joaloka papaliEmpa bohlale ke ba motho ea nang le kutloisiso.+
24 Ntho eo ea khopo a e tšohileng ke eona e tla mo hlahelaEmpa lintho tseo ba lokileng ba li labalabelang li tla phethahatsoa.+
25 Ha setsokotsane se feta, ea khopo o tla ba sieo+Empa ea lokileng ke motheo ka ho sa feleng.+
26 Joaloka vinika menong le joaloka mosi mahlong,Motho ea botsoa o joalo ho ea mo hirileng.*
27 Ho hlompha* Jehova ho lelefatsa lilemo tsa bophelo+Empa ba khopo ba tla li fokoletsoa.+
28 Tšepo* ea ba lokileng e tlisa thabo+Empa tšepo ea ea khopo e tla fela.+
29 Tsela ea Jehova ke tšireletso bakeng sa ea lokileng+Empa ke tlokotsi ho ba khopo.+
30 Ha ho mohla motho ea lokileng a tla oa+Empa ba khopo ba ke ke ba hlola ba lula lefatšeng.+
31 Molomo oa ea lokileng o hlahisa* bohlaleEmpa leleme la ea leshano le tla khaoloa.
32 Molomo oa ea lokileng o bua lintho tse thabisangEmpa molomo oa ea khopo o bua leshano.
Linaletsana
^ Ka Seheberu: “Ea pelo e bohlale.”
^ Ka Seheberu: “litaelo.”
^ Ka Seheberu: “molomong oa.”
^ Ka Seheberu: “eo pelo ea hae e haelloang.”
^ Kapa: “boloka.”
^ Ka Seheberu: “molomo oa leoatla o.”
^ Kapa: “ke motse oa hae o matla.”
^ Kapa mohlomong: “o tseleng e lebisang bophelong.”
^ Kapa: “ea sebang ba bang.”
^ Kapa: “Ha motho a bua mantsoe a mangata.”
^ Ka Seheberu: “molomo oa.”
^ Kapa: “fepa.”
^ Kapa: “mathata; masisa-pelo.”
^ Kapa: “romang.”
^ Kapa: “tšaba.”
^ Kapa: “Tebello.”
^ Kapa: “beha litholoana tsa.”