Liproverbia 6:1-35

  • E-ba hlokolosi ka ho itlamela ho patalla moahisani sekoloto (1-5)

  • “Uena ea botsoa, e-ea ho bohloa” (6-11)

  • Motho ea se nang thuso le ea khopo (12-15)

  • Lintho tse supileng tseo Jehova a li hloileng (16-19)

  • Itebele ho mosali oa letekatse (20-35)

6  Mora oa ka, haeba u itlamme hore u tla patalla moahisani oa hao sekoloto,+Haeba u entse tumellano le motho,*+   Haeba tšepiso ea hao e fetohile leraba ho uenaLe mantsoe a hao*+ a fetohile sefi,   Etsa tjena mora oa ka hore u itopolleKaha joale u matsohong a moahisani oa hao: E-ea u ikokobetse ’me u kope moahisani oa hao hore a u lokolle tumellanong ea lona.+   U se ke oa robalaKapa hona ho otsela.   Itopolle joaloka tšephe letsohong la setsomiJoaloka nonyana letsohong la ea tšoasang linonyana.   Uena ea botsoa,+ e-ea ho bohloa,U ithute ho bona ’me u hlalefe.   Le hoja bo se na molaoli, motsamaisi kapa ’musi,   Bo ipatlela lijo tsa bona hlabula,+Bo bokella lijo tsa bona ha ho kotuloa.   Uena ea botsoa, u tla robala moo ho fihlela neng? U tla tsoha borokong neng? 10  U ntse u re: “A nke ke robale hanyenyane, nke ke re shoa! hanyenyane,Ke phuthe matsoho hanyenyane ke iphomolele.”+ 11  Bofutsana bo tla u fihlela joaloka lesholuLe bohloki bo u tlele joaloka monna ea hlometseng.+ 12  Motho ea se nang thuso a bile a le khopo o tsamaea a bua mashano,+ 13  O koba leihlo,+ o tapa-tapa ka leoto le ho supa ka menoana. 14  Pelo ea hae e tletse bobe. Ka nako eohle o rerile bokhopo+ ebile o baka liqabang.+ 15  Kahoo, koluoa ea hae e tla tla ka tšohanyetso,Haufinyane o tla felisoa.+ 16  Ho na le lintho tse tšeletseng tseo Jehova a li hloileng,Ha e le hantle, ke lintho tse supileng tseo a li nyonyang: 17  Boikhohomoso,+ leshano,+ ho bolaea batho ba se nang molato,+ 18  Ho rera bokhopo,+ ho potlakela bobeng, 19  Ho fana ka bopaki ba bohata+Le ho qabanya bana ba motho.+ 20  Mora oa ka, u mamele taelo ea ntate oa haoHape u se ke oa furalla thuto* ea ’mè oa hao.+ 21  Li boloke pelong ea hao kamehla,U li fase molaleng oa hao. 22  Ha u tsamaea, li tla u tataisa,Ha u robala, li tla u lebela. Ha u tsoha, li tla u hlokomela.* 23  Etsoe taelo ke lebone,+Molao ke leseli.+Khalemelo le taeo ke tsela e isang bophelong.+ 24  Li tla u lebela ho mosali oa letekatse,+Le mantsoeng a mosali ea boitšoaro bo bobe* a ekang.+ 25  U se ke oa lumella pelo ea hao hore e khahloe ke botle ba hae+Kapa oa mo lumella hore a u hape ka mahlo. 26  Monna o tla futsaneha*+ ka lebaka la letekatseEmpa o tla lahleheloa ke bophelo ka lebaka la mosali oa motho e mong. 27  Na motho a ka bokella mollo sefubeng sa hae ebe liaparo tsa hae ha li che?+ 28  Kapa na motho a ka tsamaea holim’a mashala ebe maoto a hae ha a tlabohe? 29  Ho joalo le ka mang kapa mang ea robalang le mosali oa motho,*Mang kapa mang ea thetsang mosali eo o tla fuoa kotlo.+ 30  Batho ha ba hloee lesholuHobane feela le utsoa hore le khore ha le lapile. 31  Empa ha le fumanoa, le tla lefa ka makhetlo a supileng,Le fane ka matlotlo ’ohle a ntlo ea lona.+ 32  Mang kapa mang ea febang le mosali ha a na kelello,*Ea etsang joalo oa ipolaea.+ 33  O tla fumana kotlo ’me a ke ke a hlompheha,+O tla tlotloloha ho ea ho ile.+ 34  Poulelo e etsa hore monna a halefe,Ha a iphetetsa, ha a qenehele letho.+ 35  A ke ke a amohela matšeliso a* mofuta leha e le ofe,Ho sa tsotellehe hore na u mo fa mpho e kholo hakae, bohale ba hae bo ke ke ba kokobela.

Linaletsana

Ka Seheberu: “osele.”
Ka Seheberu: “mantsoe a molomo oa hao.”
Kapa: “molao.”
Kapa: “li tla u laea.”
Ka Seheberu: “molichaba.” Sheba Liprov. 2:16.
Ka Seheberu: “o tla salloa ke polokoe ea bohobe.”
Ka Seheberu: “moahisani.”
Ka Seheberu: “o na le pelo e haelloang.”
Kapa: “puseletso ea.”