Liproverbia 27:1-27
27 U se ke oa ithorisa ka tsa letsatsi le hlahlamangHobane tsa le hlahlamang ha li tsejoe.*+
2 Rorisoa ke motho e mong,* eseng uena u ithorise,*Batho ba bang ba u rorise,* eseng uena.*+
3 Lejoe le lehlabathe li boimaEmpa mathata a bakoang ke leoatla a boima ho li feta.+
4 Bohale bo senya joaloka moroallo, khalefo e sehlohoEmpa ke mang ea ka mamellang poulelo?+
5 Ho molemo ho khalemela motho ho feta ho mo rata ka lekunutu.+
6 Motsoalle ea tšepahalang o fana ka keletso leha e se monate+Empa mosa oa sera* o mongata.*
7 Motho ea khotšeng ha a batle ho ja* mahe a linotšiEmpa ho motho ea lapileng esita le ntho e babang e monate.
8 Motho ea balehang ha hae,O tšoana le nonyana e balehang sehlaheng sa eona.
9 Oli le libano li thabisa peloJoaloka motsoalle ea u khalemelang a se na boikaketsi.+
10 U se ke oa furalla motsoalle oa hao kapa motsoalle oa ntate oa hao.
Hape ha u hlaheloa ke koluoa, u se ke oa ea ha ngoan’eno.
Moahisani ea haufi o molemo ho feta ngoan’eno ea hole.+
11 Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka+E le hore nka araba ea nthohakang.*+
12 Ea bohlale o bona kotsi ebe oa ipata+Empa ba se nang kelello* ha ba ipate ebe ba fumana litholoana tse bosula.*
13 Nka seaparo sa motho haeba a itlamme hore o tla patala sekoloto sa motho e mong.
Haeba a itlamme hore o tla patala sekoloto sa mosali ea boitšoaro bo bobe,* u behe thepa ea hae paneng.+
14 Ha motho a hlohonolofatsa oa habo ka lentsoe le phahameng hoseng haholo,Oa habo o tla ho nka e le bomalimabe.
15 Mosali ea ratang likhang* o tšoana le marulelo a lulang a nela ha pula e na.+
16 Mang kapa mang ea ka khonang ho laola mosali ea joalo a ka laola moea,A ka ba a fupara oli ka letsoho la hae le letona.
17 Tšepe e leotsoa ka tšepe.
Ka ho tšoanang motho o leotsa motsoalle oa hae.*+
18 Ea hlokomelang sefate sa feie* o tla ja litholoana tsa sona,+Le ea hlokomelang mong’a hae o tla hlomphuoa.+
19 Joalokaha motho a bona sefahleho sa hae ka metsing,Ka ho tšoanang, pelo ea motho e mong ke seipone sa hae.
20 Lebitla le sekoti sa timetso* ha li khotsofale,+Le mahlo a motho ha a khotsofale.
21 Joalokaha silevera le khauta li hloekisoa ka ho qhibilihisoa mollong,+Thoriso eo motho a e fuoang ea mo senola.
22 Esita le haeba u ka sila leoatla ka tšiloana*Joalokaha u sila koro,*Le ke ke la fetoha.
23 U tšoanela ho tseba hantle hore na mohlape oa hao o shebahala joang.
Hlokomela mohlape oa hao.+
24 Maruo a ke ke a lula a le teng,+Le korone ha e* fetisetsanoe ka leloko ho ea ho ile.
25 Joang bo botala boa nyamela ’me ho hlaha bo bocha,Limela tsa lithaba lia bokelloa.
26 U tla iketsetsa liaparo ka boea ba liramo tse nyenyane’Me u reke tšimo ka liphooko.
27 Ho tla ba le lebese la lipoli le lekaneng bakeng sa hao,Bakeng sa ho fepa lelapa la hao le basebetsi ba hao.
Linaletsana
^ Ka Seheberu: “ha le tsebe hore na le hlahlamang le tla tsoala eng.”
^ Ka Seheberu: “osele.”
^ Kapa: “eseng molomo oa hao.”
^ Ka Seheberu: “Molichaba.”
^ Kapa: “molomo oa hao.”
^ Kapa mohlomong: “ke oa boikaketsi; o qobeletsoe.”
^ Kapa: “mosa oa sera ha se u suna.”
^ Ka Seheberu: “o hatakela.”
^ Kapa: “ea khahlanong le ’na.”
^ Kapa: “ba fumana kotlo.”
^ Kapa: “boiphihlelo.”
^ Kapa: “oa molichaba.”
^ Kapa: “likomang.”
^ Ka Seheberu: “sefahleho sa motsoalle oa hae.”
^ Kapa: “feiga.”
^ Kapa: “Abadone.”
^ Ke lejoe le silang.
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.”
^ Kapa: “maemo a phahameng ha a.”