Liproverbia 28:1-28
28 Ba khopo baa baleha leha ho se ea ba lelekisangEmpa ba lokileng ba sebete joaloka tau.*+
2 Ha baahi ba naha ba tlola melao,* naha e tla ba le ’musi ka mor’a ’musi+Empa ka thuso ea motho ea nang le kutloisiso le tsebo, ’musi o tla tšoarella.+
3 Monna ea futsanehileng ea etsetsang ba tlase bolotsana+O joaloka pula e hoholang lijo kaofela.
4 Batho ba tlolang molao ba rorisa ea khopoEmpa ba mamelang molao ba halefela ba tlolang molao.+
5 Batho ba khopo ba ke ke ba utloisisa tokaEmpa ba batlang Jehova ba ka utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.+
6 Motho ea futsanehileng empa a tšepahalaO molemo ho feta morui ea tletseng bobolu.+
7 Mora ea nang le kutloisiso o boloka molaoEmpa motsoalle oa menyollo o tlotlolla ntate oa hae.+
8 Motho ea atisang maruo a hae ka phaello le tsoala+O a bokellela motho ea hauhelang bafutsana.+
9 Motho ea hanang ho mamela molao,Esita le thapelo ea hae ea nyonyeha.+
10 Ea khelosetsang ba lokileng tseleng e khopo o tla oela ka sekoting sa hae+Empa ba lokileng ba tla putsoa ka se molemo.+
11 Motho ea ruileng o ipona a le bohlale+Empa mofutsana ea seli o tla mo lemoha.+
12 Ha ba lokileng ba hlola, ho ba le thabo e kholo*Empa ha batho ba khopo ba fumana matla, batho baa ipata.+
13 Motho ea patang liphoso tsa hae a ke ke a atleha+Empa ea li bolelang ’me a li bakela o tla hauheloa.+
14 Ho thaba motho ea lulang a falimehile*Empa ea thatafatsang pelo ea hae o tla oela tlokotsing.+
15 ’Musi ea khopo ea laolang bafutsanaO joaloka tau e rorang le bere e futuhang.+
16 Moeta-pele ea hlokang temoho o sebelisa matla a hae hampe+Empa ea hloileng phaello ea bolotsana o tla lelefatsa bophelo ba hae.+
17 Motho ea molato oa polao e tla ba mophaphathehi ho isa lefung.*+
Ho se ke ha e-ba le motho ea mo tšehetsang.
18 Motho ea phelang ka botšepehi o tla pholoha+Empa ea bolotsana o tla oa hang-hang.+
19 Motho ea lemang mobu oa hae o tla ba le lijo tse ngataEmpa ea sebeletsang lintho tse se nang thuso o tla futsaneha.+
20 Motho ea tšepahalang o tla hlohonolofala haholo+Empa ea potlakelang ho rua o tla lula a le molato.+
21 Ho ba leeme* ha se ntho e ntle+Empa motho a ka etsa phoso hore a fumane sengoathoana sa bohobe.
22 Motho ea mona* o khalla ho ruaEmpa ha a tsebe hore bofutsana bo tla mo oela holimo.
23 Mang kapa mang ea khalemelang motho+ o tla ratoa+Ho feta ea fanang ka thoriso ea boikaketsi.
24 Mang kapa mang ea utsoetsang ntate oa hae le ’mè oa hae ebe o re: “Ha se phoso,”+Ke motsoalle oa masholu.+
25 Motho ea meharo* o baka moferefereEmpa ea itšetlehang ka Jehova o tla atleha.*+
26 Motho ea tšepang pelo ea hae ha a na kelello+Empa ea etsang lintho ka bohlale o tla phonyoha.+
27 Mang kapa mang ea fang bafutsana a ke ke a hloka+Empa ea iphapanyetsang bohloki ba bona o tla ba le bomalimabe bo bongata.
28 Ha ba khopo ba fumana matla, motho oa ipataEmpa ha ba timela, ba lokileng baa ngatafala.+

