Liproverbia 9:1-18

  • Bohlale ba ’nete bo mema batho (1-12)

    • “Ka lebaka la bohlale matsatsi a hao a tla ba mangata” (11)

  • Mosali ea se nang kelello o mema batho (13-18)

    • “Metsi a utsoitsoeng a monate” (17)

9  Bohlale ba ’nete bo hahile ntlo ea bona,Bo entse* lipilara tsa bona tse supileng.  2  Bo hlophisitse nama,Bo tsoakile veine ea bona,Bo tekile tafole ea bona.  3  Bo romme basebetsi* ba bonaE le hore ba hoeletse ba le qhooeng ea motse+ ba re:  4  “Mang kapa mang ea se nang tsebo a ke a fapohele mona.”Bohlale bo re ho ea se nang kelello:*  5  “Tloo, u je bohobe ba ka,U noe le veine eo ke e tsoakileng.  6  Furalla bothoto* e le hore u phele,+Tsoela pele ho tsamaea tseleng ea kutloisiso.”+  7  Ea khalemelang mosomi o tla tlotlolleha+Le ea khalemelang motho ea khopo o tla utloa bohloko.  8  U se ke oa khalemela mosomi hobane o tla u hloea.+ Khalemela motho ea bohlale ’me o tla u rata.+  9  Ruta motho ea bohlale ’me o tla hlalefa le ho feta.+ Ruta motho ea lokileng ’me o tla ’ne a eketse tsebo ea hae. 10  Mohato oa pele oa ho fumana bohlale* ke ho hlompha* Jehova.+ Ho tseba Ea Halalelang ka ho Fetisisa+ ho bolela kutloisiso. 11  Ka lebaka la bohlale matsatsi a hao a tla ba mangata+’Me u tla ekeletsoa lilemo tsa ho phela. 12  Haeba u hlalefa, bohlale ba hao bo tla tsoela uena molemoEmpa haeba u le mosomi, ke uena u le mong ea tla ja litholoana tsa ho soma. 13  Mosali ea se nang kelello o lerata.+ Ke sethoto ebile ha a tsebe letho ho hang. 14  O lula monyako oa ntlo ea hae,Holim’a setulo sebakeng se phahameng sa motse,+ 15  O hoeletsa ba fetang ka tsela,O re ho ba iphethelang mabaka a bona: 16  “Mang kapa mang ea se nang tsebo a ke a fapohele mona.” O re ho ba se nang kelello:*+ 17  “Metsi a utsoitsoeng a monateLe lijo tse jelloang sephiring li monate.”+ 18  Empa ba se nang kelello ha ba tsebe hore ntlo ea hae e tletse bafu,Hore baeti ba hae ba theohetse Lebitleng.*+

Linaletsana

^ Kapa: “betlile.”
^ Basebetsi ba basali.
^ Ka Seheberu: “eo pelo ea hae e haelloang.”
^ Kapa: “ba se nang tsebo.”
^ Ka Seheberu: “tšaba.”
^ Ka Seheberu: “Motheo oa bohlale.”
^ Ka Seheberu: “bao lipelo tsa bona li haelloang.”
^ Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.