Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba Hōlileng—Litho Tsa Bohlokoa Mokhatlong oa Rōna oa Bokreste oa Bara ba Motho

Batho ba Hōlileng—Litho Tsa Bohlokoa Mokhatlong oa Rōna oa Bokreste oa Bara ba Motho

Batho ba Hōlileng—Litho Tsa Bohlokoa Mokhatlong oa Rōna oa Bokreste oa Bara ba Motho

“Ba lenngoeng ka tlung ea Jehova . . . ba tla hlahisa lithunthung. Ba tla ’ne ba atlehe nakong ea bohlooho-putsoa.”—PESALEME EA 92:13, 14.

1. Batho ba bangata ba na le maikutlo afe ka batho ba hōlileng?

JEHOVA o rata bahlanka bohle ba hae ba tšepahalang, ho akarelletsa le ba hōlileng. Leha ho le joalo, ho ea ka khakanyo e ’ngoe e entsoeng sechabeng, ho boleloa hore selemo se seng le se seng, hoo e ka bang halofo ea milione ea batho ba hōlileng ba United States e tšoaroa hampe kapa ea hlokomolohuoa. Litlaleho tse tšoanang le ena tse tsoang lefatšeng ka bophara, li bontša hore ho tšoaroa hampe ha batho ba hōlileng ke bothata ba lefatše lohle. Sesosa sa hona ke seo mokhatlo o mong o se bitsang “maikutlo a atileng har’a batho ba bangata . . . a hore batho ba hōlileng ha ba sa na thuso, ba feletsoe ke matla ebile ba phelela ho etsetsoa.”

2. (a) Jehova o talima bahlanka ba hae ba hōlileng ba tšepahalang joang? (b) Ke tlhaloso efe e thobang pelo eo re e fumanang ho Pesaleme ea 92:12-15?

2 Jehova Molimo o nka bahlanka ba hae ba tšepahalang ba hōlileng e le ba bohlokoa. O sheba “motho eo re leng eena ka hare”—e leng boemo ba rōna ba moea—ho e-na le ho sheba mefokolo ea ’mele ea rōna. (2 Bakorinthe 4:16) Lentsoeng la hae, Bibele, re fumana tšepiso e latelang e thobang pelo: “Ea lokileng o tla hlahisa lithunthung joaloka sefate sa lipalema; joaloka kedare Lebanone, o tla ba moholo. Ba lenngoeng ka tlung ea Jehova, mabaleng a Molimo oa rōna, ba tla hlahisa lithunthung. Ba tla ’ne ba atlehe nakong ea bohlooho-putsoa, ba tla tsoela pele ba nonne ’me ba le bacha, ba bolele hore Jehova o lokile.” (Pesaleme ea 92:12-15) Ho hlahloba litemana tsena ho tla senola lintlha tsa tlatsetso ea bohlokoa eo lōna batho ba hōlileng le ka e etsang mokhatlong oa bara ba motho oa Bokreste.

‘Ho Atleha Nakong ea Bohlooho-putsoa’

3. (a) Ke hobane’ng ha ba lokileng ba tšoantšoa le lifate tsa palema? (b) Ke joang batho ba hōlileng ba ka ‘atlehang nakong ea bohlooho-putsoa’?

3 Mopesaleme o tšoantša ba lokileng le lifate tsa lipalema ‘tse lenngoeng mabaleng a Molimo oa rōna.’ Ba ‘tsoela pele ho atleha nakong ea bohlooho-putsoa.’ Phetolelo e ’ngoe e re: “Le botsofaling ba ntse ba beha litholoana.” (Tanakh) Na ha u lumele hore khopolo ee ea khothatsa? Ho ne ho tloaelehile ho bona lifate tse ntle, tse otlolohileng tsa palema mabaleng a batho ba linaha tsa Bibele. Ho phaella ntlheng ea hore e ne e le tsa bohlokoa bakeng sa ho khabisa, lifate tsa palema e ne e le tsa bohlokoa ka lebaka la litholoana tsa tsona tse ngata, ’me lifate tse ling li ne li tsoela pele ho beha ka lilemo tse fetang tse lekholo. * Ha u lula u lenngoe ka tieo borapeling ba ’nete, le uena u ka “tsoela pele ho beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo.”—Bakolose 1:10.

4, 5. (a) Ho hlokahala hore Bakreste ba behe litholoana life tsa bohlokoa? (b) Fana ka mehlala ea Mangolo ea batho ba hōlileng ba ileng ba beha “litholoana tsa melomo.”

4 Jehova o lebeletse hore Bakreste ba behe “litholoana tsa melomo”—e leng mantsoe ao ba a buang ho rorisa eena le merero ea hae. (Baheberu 13:15) Na see sea sebetsa ho uena joaloka motho e moholo? Ka sebele ho joalo.

5 Bibele e na le mehlala ea batho ba hōlileng ba ileng ba pakela lebitso la Jehova le merero ea hae ntle ho tšabo. Moshe o ne a se a fetile “lilemo tse mashome a supileng” ha Jehova a mo rōma e le moprofeta le moemeli oa hae. (Pesaleme ea 90:10; Exoda 4:10-17) Ho hōla ha hoa ka ha thibela moprofeta Daniele ho paka ka bobusi ba Jehova ntle ho tšabo. Mohlomong Daniele o ne a le lilemong tsa bo-90 ha Belshatsare a mo bitsa hore a tl’o hlalosa mongolo oa mohlolo o neng o le leboteng. (Daniele, khaolo ea 5) Ho thoe’ng ka moapostola Johanne ea neng a tsofetse? Ho elella qetellong ea tšebeletso ea hae ea nako e telele o ile a koalloa chankaneng sehlekehlekeng sa Patmose “ka lebaka la ho bua ka Molimo le ho paka ka Jesu.” (Tšenolo 1:9) Mohlomong u ka hopola batho ba bang ba bangata bao Bibele e buang ka bona ba ileng ba beha “litholoana tsa melomo” lilemong tsa botsofali.—1 Samuele 8:1, 10; 12:2; 1 Marena 14:4, 5; Luka 1:7, 67-79; 2:22-32.

6. Jehova o sebelisitse “banna-baholo” joang hore ba profete matsatsing aa a ho qetela?

6 Moapostola Petrose o ile a qotsa moprofeta oa Moheberu Joele tjena: “Molimo o re: ‘Matsatsing a ho qetela, ke tla tšollela o mong oa moea oa ka holim’a nama ea mofuta o mong le o mong [e akarelletsang le “banna-baholo”], . . . ’me [ba] tla profeta.’” (Liketso 2:17, 18; Joele 2:28) Tumellanong le seo, matsatsing ana a ho qetela, Jehova o sebelisitse batho ba hōlileng ba sehlopha sa batlotsuoa le ba “linku tse ling” hore ba bolele merero ea hae. (Johanne 10:16) Ba bang ba bona ba ’nile ba beha litholoana tsa ’Muso ka botšepehi ka mashome a lilemo.

7. Etsa mohlala oa kamoo batho ba hōlileng ba tsoelang pele ho beha litholoana tsa ’Muso ho sa tsotellehe mefokolo ea ’mele.

7 Nahana ka Sonia, eo e bileng mohoeletsi oa nako e tletseng oa ’Muso ka 1941. Ho sa tsotellehe ho loana le boloetse bo sa foleng ka nako e telele, kamehla o ne a khanna lithuto tsa Bibele lapeng la hae. Sonia o ile a hlalosa a re: “Ho bolela litaba tse molemo ke karolo ea bophelo ba ka. Ha e le hantle, ke bophelo ba ka. Ha ke batle ho tlohela boboleli.” Hase khale ha Sonia le ausi’ae, Olive, ba ne ba bolela molaetsa oa Bibele o fanang ka tšepo ho Janet, eo e neng e le mokuli ea kulelang lefu eo ba ileng ba kopana le eena phaposing eo ho emeloang ngaka ho eona sepetlele. ’Mè oa Janet eo e leng Mok’hatholike ea chesehang, o ile a khahloa haholo ke thahasello ena e lerato e ileng ea bontšoa morali oa hae hoo a ileng a lumela tlhahiso ea hore a be le thuto ea lehae ea Bibele ’me hona joale o tsoela pele hantle haholo. Na u ka sebelisa menyetla e tšoanang ho beha litholoana tsa ’Muso?

8. Kalebe ea neng a hōlile o ile a bontša joang hore o tšepa Jehova, ’me Bakreste ba hōlileng ba ka etsisa mohlala oa hae joang?

8 Ka ho hatela pele ka sebete mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso ho sa tsotellehe mefokolo ea ho hōla, Bakreste ba hōlileng ba hata mehlaleng ea Kalebe ea tšepahalang oa Moiseraele, ea ileng a tsamaea le Moshe lefeelleng ka lilemo tse mashome a mane. Kalebe o ne a le lilemo li 79 ha a tšela Nōka ea Jordane ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Ka mor’a ho loana ka lilemo tse tšeletseng e le lesole lebothong le hlōlang la Iseraele, a ka be a ile a khotsofalla feela seo a neng a se entse nakong e fetileng. Empa ha aa ka a etsa joalo, ka sebete o ile a kōpa mosebetsi o thata oa ho hapa “metse e meholo e etselitsoeng liqhobosheane” e neng e le sebakeng se lithaba sa Juda, e leng sebaka seo ho sona ho neng ho lula Baanake ba liqhenqha. Ka thuso ea Jehova, Kalebe o ile a fela a “ba leleka, feela joalokaha Jehova a [ne a] tšepisitse.” (Joshua 14:9-14; 15:13, 14) Ha u ntse u tsoela pele ho beha litholoana tsa ’Muso botsofaling, kholiseha hore Jehova o na le uena, joalokaha a ile a ba le Kalebe. ’Me ha u lula u tšepahala, o tla u fa sebaka lefatšeng la hae le lecha leo a le tšepisitseng.—Esaia 40:29-31; 2 Petrose 3:13.

“Ba Tla Tsoela Pele ba Nonne ’me ba le Bacha”

9, 10. Bakreste ba hōlileng ba lula ba phela hantle joang tumelong le ho ipoloka ba le matla moeeng? (Bona lebokose le leqepheng la 13.)

9 Ha mopesaleme a hlokomelisa ka botšepehi ba bahlanka ba hōlileng ba Jehova, o ile a bina a re: “Ea lokileng o tla hlahisa lithunthung joaloka sefate sa lipalema; joaloka kedare Lebanone, o tla ba moholo. Ba tla ’ne ba atlehe nakong ea bohlooho-putsoa, ba tla tsoela pele ba nonne ’me ba le bacha.”—Pesaleme ea 92:12, 14.

10 U ka boloka matla a hao a moea joang ho sa tsotellehe botsofali? Ntho ea bohlokoa e etsang hore sefate sa palema se lule se le setle, ke ho ba moo ho nang le metsi a mangata a hloekileng. Ka tsela e tšoanang, u ka fumana phepo metsing a ’nete ea Bibele ka hore u ithute Lentsoe la Molimo le ka hore u kopanele le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. (Pesaleme ea 1:1-3; Jeremia 17:7, 8) Matla a hao a moea a u etsa motho oa bohlokoa ho balumeli-’moho le uena. Hlokomela kamoo sena se tiisoang kateng ke mohlala oa Jehojada, eo e neng e le Moprista ea Phahameng ea hōlileng.

11, 12. (a) Jehojada o ile a phetha karolo efe ea bohlokoa historing ea ’muso oa Juda? (b) Jehojada o ile a sebelisa tšusumetso ea hae joang ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete?

11 Ho ka etsahala hore ebe Jehojada o ne a le ka holimo ho lilemo tse lekholo ha Mofumahali Athalia ea iphahamisang a nka puso ea Juda ka mahahapa ka hore a bolaee litloholo tsa hae. Ebe Jehojada ea hōlileng o ne a ka etsa’ng? Ka lilemo tse tšeletseng eena le mosali oa hae ba ile ba pata Joase ka tempeleng, e leng mojalefa a le mong feela oa moreneng ea neng a phonyohile. Joale, ho sa lebelloa, Jehojada o ile a phatlalatsa hore Joase ea lilemo li supileng ke morena ’me a laela hore Athalia a bolaoe.—2 Likronike 22:10-12; 23:1-3, 15, 21.

12 Kaha Jehojada e ne e le mohlokomeli oa morena, o ile a sebelisa tšusumetso ea hae ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete. O ile “a hlaba selekane pakeng tsa hae le batho bohle le morena hore ba tsoele pele e le batho ba Jehova.” Jehojada o ile a laela hore batho ba heletse ntlo ea molimo oa bohata ea bitsoang Baale le ho tlosa lialetare le litšoantšo tsa hae hammoho le moprista oa hae. Jehojada o ile a boela a fana ka tataiso ea hore Joase a tsosolose litšebeletso tsa tempele le ho etsa mosebetsi o neng o hlokahala haholo oa ho lokisa tempele. “Joase [o ile] a tsoela pele ho etsa se nepahetseng mahlong a Jehova ka matsatsi ’ohle a hae ao ka ’ona moprista Jehojada a neng a mo rupela.” (2 Likronike 23:11, 16-19; 24:11-14; 2 Marena 12:2) Ha Jehojada a e-shoa a le lilemo li 130, o ile a hlomphuoa ka tsela e khethehileng ka ho patoa le marena hobane “o ne a entse ntho e ntle Iseraele le ho Molimo oa ’nete le ntlong ea Hae.”—2 Likronike 24:15, 16.

13. Bakreste ba hōlileng ba ka etsa ‘ntho e ntle ho Molimo oa ’nete le ntlong ea hae’ joang?

13 Mohlomong ho kula kapa maemo a mang ho fokotsa seo u ka se etsang ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete. Le haeba ho joalo, u sa ntse u ka khona ho ‘etsa ntho e ntle ho Molimo le ntlong ea hae.’ U ka bontša cheseho bakeng sa ntlo ea moea ea Jehova ka ho ba teng le ka ho kopanela libokeng tsa phutheho le ka ho kopanela tšebeletsong ea tšimo neng le neng ha ho khoneha. Ha u amohela keletso ea Bibele habonolo ebile ka botšepehi u tšehetsa “lekhoba le tšepahalang le le masene” hammoho le phutheho, sena se tla ba le phello e matlafatsang mokhatlong oa Bokreste oa bara ba motho. (Matheu 24:45-47) U ka boetse ua susumelletsa barapeli-’moho le uena “leratong le mesebetsing e metle.” (Baheberu 10:24, 25; Filemone 8, 9) ’Me u tla tsoela ba bang molemo haeba u etsa lintho tumellanong le keletso ea moapostola Pauluse e reng: “Banna ba hōlileng e ke e be ba itekanetseng mekhoeng, ba nkang lintho ka botebo, ba hlaphohetsoeng likelellong, ba phelang hantle [“ba mahlahahlaha,” An American Translation] tumelong, leratong, mamellong. Ka ho tšoanang basali ba hōlileng e ke e be ba nang le tlhompho ea borapeli boitšoarong, e se ke ea e-ba ba etselletsang, kapa makhoba a veine e ngata, e be mesuoe ea se molemo.”—Tite 2:2-4.

14. Bakreste bao e bileng balebeli ka nako e telele ba ka etsa’ng ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete?

14 Na u sebelelitse u le moholo oa phutheho ka lilemo tse ngata? E mong eo e bileng moholo oa phutheho ka nako e telele o fana ka keletso ena: “Bohlale boo u bo fumaneng ha u ntse u hōla lilemong u bo sebelise ntle ho boithati. Abela ba bang boikarabelo, ’me ba bang ba ratang ho ithuta, u ba arolele tsebo eo u nang le eona . . . Lemoha bokhoni boo ba bang ba nang le bona. Bo hōlise ’me u bo ntšetse pele. Lokisetsa bokamoso.” (Deuteronoma 3:27, 28) Thahasello ea hao ea ’nete mosebetsing o ntseng o hōla oa ho bolela ka ’Muso e tla fella ka litlhohonolofatso tse ngata ho ba bang ka mokhatlong oa Bokreste oa bara ba motho.

“Ba Bolele Hore Jehova o Lokile”

15. Bakreste ba hōlileng ba ‘bolela [joang] hore Jehova o lokile’?

15 Bahlanka ba hōlileng ba Molimo ba thabela ho phethahatsa boikarabelo ba bona ba ho ‘bolela hore Jehova o lokile.’ Haeba u Mokreste ea hōlileng, mantsoe a hao le liketso tsa hao li ka bontša ba bang hore ‘Jehova ke Lefika la hao, leo ho lona ho se nang ho se loke.’ (Pesaleme ea 92:15) Sefate sa palema se beha bopaki se khutsitse hore ’Mōpi oa sona o na le litšobotsi tse phahameng ka ho fetisisa. Empa Jehova o u file tokelo ea ho paka ka eena ho ba amohelang borapeli ba ’nete hona joale. (Deuteronoma 32:7; Pesaleme ea 71:17, 18; Joele 1:2, 3) Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?

16. Ke mohlala ofe oa Bibele o bontšang bohlokoa ba ‘ho bolela hore Jehova o lokile’?

16 Ha moeta-pele oa Iseraele ea bitsoang Joshua a se a ‘tsofetse ’me a se a ile lilemong,’ o ile a “bitsa Baiseraele bohle, banna ba bona ba baholo le lihlooho tsa bona le baahloli ba bona le balaoli ba bona,” le ho ba hopotsa ka litšebelisano tse lokileng tsa Molimo le bona. O ile a re: “Ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lōna.” (Joshua 23:1, 2, 14) Ka nakoana, mantsoe ana a ile a matlafatsa boikemisetso ba batho ba ho lula ba tšepahala. Leha ho le joalo, ka mor’a lefu la Joshua, “moloko o mong [oa] qala ho hlaha . . . o neng o sa tsebe Jehova kapa mosebetsi oo a neng a o etselitse Baiseraele. Bara ba Iseraele ba etsa se sebe mahlong a Jehova ’me ba sebeletsa bo-Baale.”—Baahloli 2:8-11.

17. Jehova o sebelisane le batho ba hae joang mehleng ea kajeno?

17 Botšepehi ba phutheho ea kajeno ea Bokreste ha boa itšetleha ka bopaki ba molomo ba bahlanka ba hōlileng ba Molimo. Leha ho le joalo, tumelo ea rōna ho Jehova le litšepisong tsa hae e matlafatsoa ke ha re utloa batho ba re phetela litlaleho tsa ‘mosebetsi o moholo’ oo a o etselitseng batho ba hae matsatsing ana a ho qetela. (Baahloli 2:7; 2 Petrose 1:16-19) Haeba ke khale u kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, mohlomong u hopola nako eo ka eona baboleli ba ’Muso ba neng ba fokola ka palo sebakeng sa heno kapa naheng ea heno kapa ha mosebetsi oa boboleli o ne o hanyetsoa ka matla. Qetellong, u bone ha Jehova a tlosa litšitiso tse itseng ’me a “potlakisa” keketseho ea bahoeletsi ba ’Muso. (Esaia 54:17; 60:22) U hlokometse ha ho hlakisoa linnete tsa Bibele ’me u bone ntlafatso e tsoelang pele ea karolo e bonahalang ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo. (Liproverbia 4:18; Esaia 60:17) Na u batla ho khothatsa ba bang ka ho ba phetela phihlelo ea hao mabapi le litšebelisano tse lokileng tsa Jehova? See se ka ba le phello e susumetsang le e matlafatsang hakaakang mokhatlong oa Bokreste oa bara ba motho!

18. (a) Etsa mohlala oa phello ea nako e telele oa ‘ho bolella ba bang hore Jehova o lokile.’ (b) Uena ka bouena u bile le phihlelo efe ea ho loka ha Jehova?

18 Ho thoe’ng ka makhetlo ao ka ’ona Jehova a ileng a u hlokomela le ho u tataisa ka lerato bophelong ba hao? (Pesaleme ea 37:25; Matheu 6:33; 1 Petrose 5:7) Morali e mong oabo rōna ea hōlileng ea bitsoang Martha o ne a atisa ho khothatsa ba bang ka ho re: “Ho sa tsotellehe se etsahalang, le ka mohla u se ke ua lahla Jehova. O tla u matlafatsa.” Keletso ena e ile ea ama ka matla Tolmina, e mong oa liithuti tsa Bibele tsa Martha ea ileng a kolobetsoa mathoasong a bo-1960. Tolmina o re: “Ha monna oa ka a e-shoa, ke ile ka nyahama haholo, empa mantsoe ao a ile a etsa hore ke ikemisetse hore nke ke ka fosoa ke seboka leha se le seng. ’Me Jehova o ile a fela a ’matlafatsa hore ke tsoele pele.” Ka lilemo tse ngata Tolmina o ’nile a fa liithuti tse ngata tsa hae tsa Bibele keletso eona ena. Ka sebele, ka ho fana ka khothatso le ka ho bua ka litšebelisano tse lokileng tsa Jehova, u ka matlafatsa tumelo ea balumeli-’moho le uena haholo.

Jehova o Nka Batho ba Tšepahalang e le ba Bohlokoa

19, 20. (a) Jehova o talima liketso tsa bahlanka ba hae ba hōlileng joang? (b) Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?

19 Lefatše la kajeno, le tsejoang ka ho hloka teboho, ha le na nako ea batho ba hōlileng. (2 Timothea 3:1, 2) Ha ba hopoloa, hangata ke ka lebaka la seo ba se entseng nakong e fetileng—seo ba neng ba le sona, ho e-na le seo ba leng sona hona joale. Ha ho bapisoa, Bibele e re: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli ’me le tsoela pele ho sebeletsa.” (Baheberu 6:10) Ha e le hantle, Jehova Molimo o hopola tlaleho ea hao ea nakong e fetileng ea mesebetsi ea botšepehi. Empa o boetse o nka seo u tsoelang pele ho se etsa tšebeletsong ea hae e le sa bohlokoa. E, o talima batho ba hōlileng ba tšepahalang e le Bakreste ba behang litholoana, ba phelang hantle moeeng le ba mahlahahlaha—e le bopaki ba matla a hae.—Bafilipi 4:13.

20 Na u talima batho ba hōlileng bao e leng litho tsa mokhatlo oa rōna oa Bokreste oa bara ba motho ka tsela eo Jehova a ba talimang ka eona? Haeba ho joalo, sena se tla u susumelletsa hore u bontše hore ua ba rata. (1 Johanne 3:18) Sehloohong se latelang ho tla tšohloa litsela tse ling tse molemo tsa ho bontša lerato le joalo ha ho hlokomeloa litlhoko tsa bona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Lesihla ka leng la palema le ka ’na la e-ba le lipalema tse sekete ’me boima ba lona e ka ’na ea e-ba lik’hilograma tse robeli kapa ho feta. Mongoli e mong o hakanya hore “sefate se seng le se seng [sa palema] se behang litholoana, qetellong ea bophelo ba sona se tla be se putsitse mong’a sona ka ho beha litone tse peli kapa tse tharo tsa lipalema.”

U ka Araba Joang?

• Batho ba hōlileng ba “beha litholoana” joang?

• Ke hobane’ng ha matla a moea a Bakreste ba hōlileng e le ntho ea bohlokoa?

• Batho ba hōlileng ba ka ‘bolela [joang] hore Jehova o lokile’?

• Ke hobane’ng ha Jehova a nka bahlanka ba hae ba nako e telele e le ba bohlokoa?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose le leqepheng la 13]

Se ba Thusitseng Hore ba Lule ba Phela Hantle Tumelong

Ke eng e thusitseng batho bao e leng khale e le Bakreste hore ba lule ba phela hantle tumelong le hore ba ’ne ba be matla moeeng? Ba bang ba ile ba bua mantsoe a latelang:

“Ho bala mangolo a buang ka kamano ea rōna le Jehova ke habohlokoa haholo. Hangata mantsiboea, ke pheta Pesaleme ea 23 le ea 91 ka hlooho.”—Olive, ea kolobelitsoeng ka 1930.

“Kamehla ke tiisa hore ke ba teng puong e ’ngoe le e ’ngoe ea kolobetso le ho mamela ka hloko, joalokaha eka ke ’na ea kolobetsoang. Ho hopola boinehelo ba ka kamehla e bile bohato ba bohlokoa bo nthusang hore ke lule ke tšepahala.”—Harry, ea kolobelitsoeng ka 1946.

“Hoa hlokahala hore re rapele letsatsi le leng le le leng—kamehla re kōpe thuso, tšireletso le tlhohonolofatso ho Jehova, re ‘mo ele hloko litseleng tsohle tsa rōna.’” (Liproverbia 3:5, 6)—Antônio, ea kolobelitsoeng ka 1951.

“Ha ke mamela liphihlelo tsa ba ntseng ba sebeletsa Jehova ka botšepehi ka mor’a lilemo tse ngata, sena se tsosolosa boikemisetso ba ka ba ho lula ke le khabane ebile ke tšepahala ho eena.”—Joan, ea kolobelitsoeng ka 1954.

“Ke habohlokoa hore motho a se ke a inahana ho tlōla. Seo re nang le sona re se fumane ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo. Ho ba le pono ena ho re boloka re shebile mocheng o nepahetseng bakeng sa ho fumana lijo tsa moea tse hlokahalang hore re mamelle ho fihlela qetellong.”—Arlene, ea kolobelitsoeng ka 1954.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Batho ba hōlileng ba beha litholoana tsa bohlokoa tsa ’Muso

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Matla a moea a batho ba hōlileng ke ntho ea bohlokoa