Lengolo le Eang ho Filemone 1:1-25

  • Litumeliso (1-3)

  • Lerato la Filemone le tumelo ea hae (4-7)

  • Pauluse o kopela Onesimase mohau (8-22)

  • Litumeliso tse phethelang (23-25)

 Lengolo leo ’na Pauluse motšoaruoa+ ka lebaka la Kreste Jesu le ngoan’abo rona Timothea+ re le ngollang Filemone mosebetsi-’moho eo re mo ratang,  Afia khaitseli ea rona, Arkipase+ lesole-’moho le rona le phutheho e kenelang ha hao:+  E se eka Molimo Ntate oa rona le Morena Jesu Kreste ba ka ba mosa* ho lona le ho le fa khotso.  Filemone ngoan’eso, kamehla ke leboha Molimo ha ke bua ka uena lithapelong tsa ka,+  ha ke ntse ke utloa ka tumelo ea hao le kamoo u ratang Morena Jesu le balumeli-’moho* kateng.  Ke rapella hore tumelo eo re nang le eona e u susumeletse ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo eo Kreste a re fileng eona.  Etsoe ke ile ka thaba haholo ka ba ka khothala ha ke utloa kamoo u leng lerato kateng ngoan’eso hobane u matlafalitse lipelo tsa* balumeli-’moho.*  Ka hona, ke le moapostola oa Kreste ke na le tokelo ea ho u laela ho etsa se nepahetseng  empa ke khetha ho u kopa ka lerato kaha ’na Pauluse ke monna ea holileng ebile ke motšoaruoa ka lebaka la ho sebeletsa Kreste Jesu. 10  Ke ipiletsa ho uena malebana le ngoan’a ka Onesimase,+ eo ke bileng joaloka ntate+ ho eena ha ke ntse ke le teronkong.* 11  Pele o ne a se na thuso ho uena empa joale o se a le molemo ho ’na le ho uena. 12  Ke mo khutlisetsa ho uena, eena Onesimase eo ke mo ratang haholo.* 13  Nka rata hore a lule mona le ’na ’me a ntšebeletse ka tsela eo u neng u ka rata ho ntšebeletsa ka eona ha ke ntse ke le teronkong e le hore litaba tse monate li ’ne li boleloe.+ 14  Empa ha ke batle ho etsa letho u sa ntumella e le hore u ka amohela kopo ea ka ka boithatelo eseng hobane u qobeletsoe.+ 15  Mohlomong o u siile ka nakoana* e le hore u ka boela oa ba le eena kamehla, 16  lekhetlong lena e se lekhoba+ empa e le ea bohlokoa ho feta lekhoba, e le molumeli-’moho le rona.+ Ke mo rata haholo ’me le uena u tla mo rata haholo e le lekhoba ebile e le Mokreste-’moho le rona. 17  Ka hona, haeba u nka hore ’na ke motsoalle oa hao, u mo amohele ka mosa ka tsela eo u neng u tla nkamohela ka eona. 18  Hape haeba o ile a u etsetsa phoso leha e le efe kapa a u kolota ntho leha e le efe, u nke e le ’na ea u kolotang. 19  ’Na Pauluse ke ngola ka letsoho la ka ’me ke tšepisa hore ke tla u lefa. Empa oa tseba hore le uena u nkolota ho hongata.* 20  Ngoan’eso, e se eka u ka nthusa kaha re le Bakreste-’moho. Matlafatsa pelo ea ka joalokaha u le molateli oa Kreste. 21  Ke u ngolla ke kholisehile hore u tla amohela kopo ea ka, ke tseba hore u tla be u etse ho fetang ntho eo ke e kopileng. 22  Hape u ntokisetse bolulo kaha ke na le tšepo ea hore ka lithapelo tsa lona ke tla lokolloa ke tl’o le bona.+ 23  Epafrase+ ea teronkong joaloka ’na ka lebaka la ho sebeletsa Kreste Jesu* o re u lumele. 24  Mareka, Aristakase,+ Demase+ le Luka+ basebetsi-’moho le ’na le bona ba re u lumele. 25  E se eka mosa oa Morena Jesu Kreste o ka ba le moea o motle oo le o bontšang.

Linaletsana

Ka Segerike: “bahalaleli.”
Kapa: “lerato la.”
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Ka Segerike: “litlamong.”
Kapa: “ea pelong ea ka.”
Ka Segerike: “ka hora.”
Kapa: “bophelo ba hao.”
Kapa: “motšoaruoa-’moho le ’na bonngoeng le Kreste Jesu.”