Lengolo la Pele la Petrose 5:1-14

  • Lisang mohlape oa Molimo (1-4)

  • Le ikokobetse le be le falimehe (5-11)

    • Lahlelang lintho tsohle tse le tšoenyang ho Molimo (7)

    • Diabolose o tšoana le tau e purumang (8)

  • Mantsoe a qetellang (12-14)

5  Ke etsa kopo ena ho baholo ba teng har’a lona hobane le ’na ke moholo joaloka bona ebile ke bone ha Kreste a hlorisoa ’me joaloka lona ke tla fumana tlotla e tla senoloa.+ 2  Ke kopa hore le lise mohlape oo Molimo+ a le fileng oona hore le o hlokomele. Le o hlokomele hobane le rata eseng hobane le qobeletsoe kaha ke eona ntho eo Molimo a e batlang.+ E be ka lerato eseng hobane ka meharo le batla ho ithuisa.+ 3  Le se ke la hatella batho ba Molimo+ empa le behele mohlape mohlala.+ 4  Ha molisa ea ka sehloohong+ a bonahalitsoe, le tla fuoa korone ea khanya e ke keng ea senyeha.+ 5  Lona bahlankana, le ikokobeletse baholo.*+ Kaofela ha lona le ikokobetse ha le sebelisana hobane Molimo ha a rate batho ba ikhohomosang empa ho ba ikokobelitseng o mosa.*+ 6  Le ikokobeletse Molimo ea matla e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng.+ 7  Lahlelang lintho tsohle tse le tšoenyang ho eena+ hobane oa le tsotella.+ 8  E-bang bohlale ’me le falimehe.+ Sera sa lona Diabolose se tsamaea joaloka tau e purumang e batlang ho harola e mong.+ 9  Leha ho le joalo, le mo hanyetse+ ka hore le be le tumelo e matla, le tsebe hore lintho tse bohloko tse le hlahelang li ntse li hlahela bana ba bo lona bohle lefatšeng.+ 10  Ka mor’a hore le utloe bohloko ka nakoana, Molimo ea bontšang mosa* ka litsela tse sa tšoaneng, ea le bitselitseng hore le tlotlisoe ka ho sa feleng+ ka Kreste, o tla qetela koetliso ea lona. O tla le tiisa,+ a le thuse hore le lule le tšepahala a be a le matlafatse.+ 11  Matla ke a hae ka ho sa feleng. Amen. 12  Ke kopile Silvanase*+ ngoan’abo rona ea tšepahalang hore a nthuse ho ngola lengolo lena e le hore ke le khothatse le hore ke le bontše hore kannete Molimo o bile mosa haholo ho lona. Le se ke la o tlohela. 13  Mosali* ea Babilona ea khethiloeng joaloka lona o re le lumele le Mareka+ mora oa ka o re le lumele. 14  Le lumelisane ka lerato.* E se eka kaofela ha lona balateli ba Kreste le ka ba le khotso.

Linaletsana

^ Kapa: “banna ba holileng.”
^ Lebitso le leng la hae ke Silase.
^ Mona e ka ’na eaba mosali ke phutheho.
^ Ka Segerike: “kako e lerato.”