Lengolo la Pele la Petrose 3:1-22

  • Banna le basali (1-7)

  • Le utloelane bohloko, le batle khotso (8-12)

  • Ho utloisoa bohloko hobane le etsa lintho tse lokileng (13-22)

    • Le lule le itokiselitse ho ikarabella (15)

    • Kolobetso le letsoalo le khutsitseng (21)

3  Lona basali, le ikokobeletse banna ba lona+ e le hore le haeba ba sa mamele lentsoe la Molimo, le ka ba thusa hore ba be le tumelo ka liketso tsa lona le sa re letho.+ 2  Ba ka ba le tumelo hobane ba bone hore le itšoere hantle+ ebile le ba hlompha haholo. 3  Botle ba lona e se ke ea e-ba ba lintho tseo batho ba li bonang tse kang ho loha moriri, mekhabiso ea khauta+ le liaparo tse turang. 4  Empa le bontše botle ba lona ka seo le leng sona pelong. Le ikhabise ka hore le be bonolo le ka hore le be mosa+ hobane ke tsona lintho tseo Molimo a li nkang li le bohlokoa ’me ke mokhabiso o ke keng oa senyeha le ka mohla. 5  Le basali ba halalelang ba mehleng ea pele ba neng ba tšepile Molimo ba ile ba ikhabisa ka tsela ena, ka ho ikokobeletsa banna ba bona. 6  Mohlala ke Sara ea ileng a mamela Abrahama a ba a mo bitsa morena.+ Lona le fetohile barali ba hae ka ho etsa lintho tse ntle le sa tšabe letho.+ 7  Ka tsela e tšoanang, lona banna, le phelisane le basali ba lona ka tsela e bontšang hore lea ba tseba.* Kaha basali ha ba matla joaloka lona, le ba tšoare ka tsela eo le neng le tla tšoara sejana se pshatlehang habonolo+ hobane le bona Molimo o ba file bophelo boo a le fileng bona+ ka lebaka la mosa oa hae. Ha le sa etse joalo, Molimo a ke ke a mamela lithapelo tsa lona. 8  Qetellong kaofela ha lona le utloane,*+ le utloelane bohloko, le ratane joaloka bana ba motho, le qenehelane+ le be le ikokobetse.+ 9  Le se ke la etsa ba bang hampe hobane ba le entse hampe+ kapa la ba rohaka hobane ba le rohakile.+ Ho e-na le ho etsa joalo, le ba etsetse lintho tse molemo*+ hobane ke eona ntho eo Molimo a le khethetseng eona ’me o tla le etsetsa lintho tse molemo. 10  Mangolo a re: “Mang kapa mang ea ratang bophelo le ea batlang ho phela nako e telele a thabile, a thibe leleme la hae hore le se ke la bua se sebe+ le molomo oa hae hore o se ke oa bua leshano. 11  A tlohele ho etsa lintho tse mpe+ empa a etse tse ntle.+ A batle khotso a be a loanele hore e lule e le teng.+ 12  Mahlo a Jehova* a shebile batho ba lokileng, litsebe tsa hae li mamela sello sa bona ha ba kopa thuso+ empa Jehova* o hloile ba etsang lintho tse mpe.”+ 13  Ke mang ea tla le utloisa bohloko ha le etsa lintho tse ntle ka pelo eohle?+ 14  Le tla thaba haeba le utloisoa bohloko hobane le etsa lintho tse lokileng.+ Leha ho le joalo, le se ke la tšaba lintho tseo ba li tšabang* kapa tsa le ferekanya.+ 15  Le lumele ka lipelong tsa lona hore Kreste ke Morena le hore oa halalela. Le lule le itokiselitse ho ikarabella ho motho leha e le ofe ea le botsang ka tšepo eo le nang le eona. Empa ha le mo araba, le mo arabe ka bonolo+ le ka tlhompho.+ 16  Le lule le e-na le letsoalo le khutsitseng+ e le hore haeba batho ba le bua hampe ka tsela efe kapa efe, ba ka soaba+ hobane ba bona hore le itšoere hantle joaloka balateli ba Kreste.+ 17  Haeba Molimo a le tlohela hore le utloe bohloko hobane le etsa lintho tse ntle,+ ho molemo ho feta hore le utloe bohloko hobane le etsa lintho tse mpe.+ 18  Kreste motho ea lokileng, o ile a shoela libe tsa batho ba sa lokang+ hanngoe ebile e le la ho qetela.+ O ile a etsa joalo e le hore a le thuse ho fumana Molimo.+ O ile a bolaoa e le motho+ empa a tsosoa ka ’mele oa moea.+ 19  Ka ’mele oona oo, o ile a phatlalatsa molaetsa oa kahlolo ho mangeloi a neng a tšoeroe.+ 20  Mangeloi ao, ha aa ka a mamela Molimo ha Molimo a ne a mameletse mehleng ea Noe.+ Nakong eo, areka e ne e ntse e hahoa.+ Areka eo e ile ea pholosa batho ba robeli feela metsing.+ 21  Ka tsela e tšoanang, kolobetso ea le pholosa hobane lea lumela hore Jesu Kreste o ile a tsosoa bafung. Ha motho a kolobetsoa, ha a hlatsuoe litšila tse ’meleng empa o kopa Molimo hore a mo thuse ho ba le letsoalo le khutsitseng.+ 22  Jesu o ka letsohong le letona la Molimo+ hobane o ile a ea leholimong. Mangeloi le balaoli bohle ba ile ba behoa tlas’a taolo ea hae.+

Linaletsana

^ Kapa: “lea ba nahanela.”
^ Kapa: “le nahane ka tsela e tšoanang.”
^ Kapa: “le ba hlohonolofatse.”
^ Kapa mohlomong: “le se ke la tšaba litšoso tsa bona.”