Deuteronoma 32:1-52

  • Pina ea Moshe (1-47)

    • Jehova ke Lefika (4)

    • Baiseraele ba lebala Lefika la bona (18)

    • “Phetetso ke ea ka” (35)

    • “Thabang lona lichaba hammoho le batho ba hae” (43)

  • Moshe o ne a tla shoella Thabeng ea Nebo (48-52)

32  “Mamelang lona maholimo ’me ke tla bua,Lefatše le ke le utloe mantsoe a tsoang molomong oa ka.   Taeo ea ka e tla na joaloka pula,Mantsoe a ka a tla rotha joaloka phokaJoaloka pula ea melupe holim’a joangLe joaloka pula e nang haholo holim’a limela.   Ke tla bolela lebitso la Jehova.+ Buang ka boholo ba Molimo oa rona!+   Ke Lefika, lintho tsohle tseo a li etsang li phethahetse+Hobane litsela tsohle tsa hae li na le toka.+ Ke Molimo ea tšepahalang+ le ea se nang leeme,+O lokile ’me oa hlompheha.+   Ke bona ba entseng bobe.+ Ha se bana ba hae ’me ke molato oa bona.+ Ke moloko o sa lokang le o khopo!+   Na le lokela ho tšoara Jehova ka tsela ee,+Lona batho ba se nang kelello le ba seng bohlale?+ Na ha se eena Ntate oa lona ea le bopileng,+Ea le entseng sechaba se tiileng?   Hopolang matsatsi a khale,Hopolang se etsahalletseng meloko e fetileng. Botsang ntate oa lona ’me a ka le bolella,+Le botse banna ba baholo ba lona ’me ba tla le bolella.   Ha Ea Phahameng ka ho Fetisisa a ne a fa lichaba lefa la tsona,+Ha a ne a arola bara ba Adama,*+O ile a behela lichaba moeli+Ho ea ka hore na bara ba Iseraele ba bakae ka palo.+   Sechaba ke sa Jehova,+Jakobo ke lefa la hae.+ 10  O mo fumane lefeelleng+Le lehoatateng le feela, le se nang letho.+ A mo sireletsa ka hore a mo pota-pote, a mo hlokomela,+Le ho mo sireletsa joaloka thaka ea leihlo la hae.+ 11  Feela joalokaha ntsu e ruta malinyane a eona ho fofa,E fofa-fofa holim’a ’ona,E emisa mapheo a eona, e nka malinyane a eona,E a jara ka masiba a eona,+ 12  Ke Jehova feela ea neng a mo* tataisa,+Ho ne ho se molimo e mong ea neng a e-na le eena.+ 13  O ile a etsa hore a laole libaka tse phahameng lefatšeng,+Hoo a ileng a ja lijo tsa naha.+ O ne a mo fepa mahe a linotši a tsoang lefikengLe oli e tsoang lefikeng le thata, 14  Botoro e tsoang lebeseng la mohlape oa likhomo le lebese le tsoang mohlapeng oa linku le lipoliHammoho le linku tse ntle ka ho fetisisa,*Le liramo tsa Bashane le lipoli tse tonaHammoho le koro e ntle ka ho fetisisa+’Me o ile oa noa veine ea morara o tutsoeng.* 15  Ha Jeshurune* a nona, o ile a fetohela mong’a hae ’me a mo raha. O nonne, o motenya ebile o pipitletsoe.*+ Kahoo, a lahla Molimo ea mo entseng+A hloea Lefika la poloko ea hae. 16  Ba ile ba mo halefisa ka melimo e meng,+Ba ne ba mo utloisa bohloko ka ho etsa lintho tse nyonyehang.+ 17  Ba ne ba etsetsa bademona mahlabelo, eseng Molimo,+Melimo eo ba sa kang ba e tseba,E mecha e sa tsoa hlaha,Melimo eo baholo-holo ba lona ba neng ba sa e tsebe. 18  Le lebetse Lefika le ileng la le tsoala+’Me ha lea ka la hopola Molimo ea ileng a le fa bophelo.+ 19  Ha Jehova a bona seo, o ile a ba lahla+Hobane bara le barali ba hae ba ile ba mo halefisa. 20  Eaba o re, ‘Ke tla ba patela sefahleho sa ka,+Ke tla bona hore na ho tla etsahala’ng ka bona. Kaha ke moloko o mobe,+Bara ba sa tšepahaleng.+ 21  Ba nkhalefisitse* ka ntho eo eseng molimo,+Ba nkutloisitse bohloko ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse se nang thuso.+ Kahoo, ke tla etsa hore ba halefele batho bao eseng sechaba,+Ke tla ba khopisa ka sechaba se se nang kelello.+ 22  Khalefo ea ka e tsositse mollo+O tla tuka ho fihlela botebong ba Lebitla*+O tla chesa lefatše le lihlahisoa tsa lonaO tla chesa metheo ea lithaba. 23  Ke tla eketsa litlokotsi tsa bona,Metsu ea ka e tla fella holim’a bona. 24  Ba tla khathatsoa ke tlala+Ba qetoe matla ke feberu e chesang ’me ba felisoe habohloko.+ Ke tla romela meno a liphoofolo ho bona+Le chefo ea lihahabi tsa lefatše. 25  Ka ntle, sabole e tla ba amoha bana,+Ka hare ke tšabo,+Ho mohlankana le moroetsana,Lesea hammoho le motho ea moriri o moputsoa.+ 26  Nka be ke itse: “Ke tla ba hasanya,Ke tla etsa hore batho ba ba lebale,” 27  Hoja ebe ke ne ke sa tšabe hore na sera sa ka se tla re’ng+Hobane bahanyetsi ba ka utloisisa sena ka tsela e fosahetseng.+ Ba ka ’na ba re: “Re hlotse ka matla a rona,+Ha se Jehova ea entseng sena sohle.” 28  Kaha ke sechaba se se nang kelello*’Me ha se utloisise letho.+ 29  Haeba ba ne ba le bohlale,+ ba ne ba tla nahanisisa ka sena.+ Ba ne ba tla nahana ka se tla ba etsahalla.+ 30  Ke joang motho a le mong a ka lelekisang ba 1 000’Me ba babeli ba balehisa ba 10 000?+ Ntle le haeba Lefika la bona le ba rekisitse+’Me Jehova a nehelane ka bona. 31  Kaha lefika la bona ha le tšoane le Lefika la rona,+Esita le lira tsa rona li utloisisa sena.+ 32  Hobane sefate sa bona sa morara se tsoa sefateng sa morara sa SodomaLe masimong a Gomora.+ Merara ea bona ke merara e chefo,Masihla a eona aa baba.+ 33  Veine ea bona ke chefo ea linohaChefo e bolaeang ea bo-masumu. 34  Boitšoaro ba bona bo koalletsoe,Bo bolokiloe ka hloko ka tlung ea ka ea polokelo?+ 35  Phetetso ke ea ka le kotlo ke ea ka,+Ka nako e behiloeng ha maoto a bona a thella+Hobane letsatsi la koluoa ea bona le haufi’Me se ba emetseng se tla tla ka potlako.’ 36  Kaha Jehova o tla ahlola batho ba hae+’Me o tla utloela bahlanka ba hae bohloko*+Ha a bona hore ha ba sa na matla’Me ho setse feela ba hlokang thuso le ba fokolloang ke matla. 37  Joale o tla re, ‘Melimo ea bona e hokae,+Lefika leo ba batlileng setšabelo ho lona, 38  E neng e ja mafura a mahlabelo* a bona,E noa veine ea linyehelo tsa bona tsa lino?+ E ke e eme ’me e le thuse. E ke e be setšabelo sa lona. 39  Ke ’na Molimo+’Me ha ho melimo e meng ntle le ’na.+ Kea bolaea ebile kea phelisa.+ Ke ntša maqeba+ ’me ke tla folisa.+ Ha ho na ea ka pholosang ba bang letsohong la ka.+ 40  Kaha ke phahamisetsa letsoho la ka leholimong,“Ke hlapanya ka bophelo ba ka bo sa feleng,”+ 41  Haeba ke leotsa sabole ea ka e benyang’Me ke itokisetsa ho ahlola,+Ke tla iphetetsa ho bahanyetsi ba ka+’Me ke otle ba ntlhoileng. 42  Ke tla etsa hore metsu ea ka e tahoe ke mali’Me sabole ea ka e tla ja namaLe mali a ba bolailoeng le a batlamuoaLe lihlooho tsa baeta-pele ba sera.’ 43  Thabang lona lichaba hammoho le batho ba hae+Hobane o tla pheteletsa mali a bahlanka ba hae,+O tla iphetetsa ho bahanyetsi ba hae,+O tla etsa sehlabelo sa ho tšoareloa libe* naheng ea batho ba hae.” 44  Kahoo, Moshe a tla ’me a bua mantsoe ’ohle a pina ena moo sechaba se ntseng se mo utloa+ hammoho le Hoshea*+ mora oa Nune. 45  Ha Moshe a se a boleletse Baiseraele bohle mantsoe ana ’ohle, 46  a re ho bona: “Mamelang mantsoe ana ’ohle ao ke a buang+ e le hore le ka laela bara ba lona hore ba phethe mantsoe ’ohle a Molao ona.+ 47  Kaha mantsoe ana ke a bohlokoa, a bolela bophelo ba lona.+ Ka mantsoe ana le ka phela nako e telele naheng eo le tšelang Jordane ho ea e nka.” 48  Jehova a bua le Moshe letsatsing lona lena a re: 49  “Nyolohela thabeng ena ea Abarime+ e leng Thaba ea Nebo+ e naheng ea Moabe, e shebileng Jeriko ’me u shebe naha ea Kanana, eo ke e fang Baiseraele hore e be ea bona.+ 50  Joale u tla shoela* thabeng eo u tl’o nyolohela ho eona feela joalokaha abuti oa hao Arone a shoeletse Thabeng ea Hore+ 51  hobane ka bobeli ba lona ha lea ka la ntšepahalla har’a Baiseraele metsing a Meriba+ ea Kadeshe lefeelleng la Zine ’me ha lea ka la nkhalaletsa ka pel’a sechaba sa Iseraele.+ 52  U tla bona naha u le hole empa u ke ke oa kena naheng eo ke e fang sechaba sa Iseraele.”+

Linaletsana

Kapa mohlomong: “moloko oa batho.”
E leng Jakobo.
Ka Seheberu: “mafura a linku.”
Ka Seheberu: “mali a morara.”
E bolelang “Ea Lokileng,” e leng tlotla e hlomphang Iseraele.
Kapa: “o khotše haholo.”
Kapa: “Ba entse hore ke be mona.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “ha se utloe keletso.”
Kapa: “o tla ikutloa a soabile.”
Kapa: “e ja mahlabelo a bona a matle ka ho fetisisa.”
Kapa: “o tla hloekisa.”
Lebitso la Joshua la pele. Hoshea ke khutsufatso ea Hoshaia e bolelang “Ho Pholosoa ke Jah; Jah o Pholositse.”
Ka Seheberu: “a patoa joaloka batho ba habo.”