Deuteronoma 9:1-29

  • Lebaka la hore Molimo a fe Baiseraele naha (1-6)

  • Baiseraele ba halefisa Jehova ka makhetlo a mane (7-29)

    • Namane ea khauta (7-14)

    • Moshe o buella sechaba (15-21, 25-29)

    • Ba halefisa Molimo ka makhetlo a mang a mararo (22)

9  Mamelang lona Baiseraele. Kajeno le tšela Jordane+ ho ea leleka lichaba tse kholo le tse matla ho le feta,+ metse e meholo le eo marako a eona a fihlang maholimong,+  sechaba se matla le se nang le batho ba balelele, bara ba Baanake,+ bao le ba tsebang le bao le ileng la utloa ho thoe ka bona, ‘Ke mang ea ka emang ka pel’a bara ba Anake?’  Kahoo, tsebang kajeno hore Jehova Molimo oa lona o tla le etella pele.+ O tšoana le mollo o felisang+ ’me o tla ba felisa. O tla ba kokobetsa ka pel’a lona e le hore le ka ba leleka ka potlako ’me la ba felisa feela joalokaha Jehova a le tšepisitse.+  Ha Jehova Molimo oa lona a ba leleka, le se ke la re ka lipelong tsa lona, ‘Jehova o re tlisitse ho tla nka naha ena hobane re lokile.’+ Ho e-na le hoo, Jehova o leleka lichaba tsena ka lebaka la bokhopo ba tsona.+  Ha le tl’o nka naha ea tsona hobane le lokile kapa le e-na le lipelo tse lokileng. Ho e-na le hoo, Jehova Molimo oa lona o leleka lichaba tsena ka pel’a lona+ kahobane li le khopo e le hore a phethe lentsoe leo Jehova a le hlapanyelitseng baholo-holo ba lona e leng Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo.+  Joale tsebang hore ha se hobane le lokile Jehova Molimo oa lona a le fang naha ena e ntle hore le e nke ’me e be ea lona hobane le sechaba se manganga.*+  Le se ke la lebala kamoo le halefisitseng Jehova Molimo oa lona kateng lefeelleng.+ Le fetohetse Jehova+ ho tloha letsatsing leo ka lona le tsoileng naheng ea Egepeta ho fihlela le fihla sebakeng sena.  Leha le le Horebe le ile la halefisa Jehova ’me Jehova o ile a le halefela hoo a batlileng a le felisa.+  Ha ke nyolohela thabeng ho ea amohela matlapa a lejoe+ e leng matlapa a selekane seo Jehova a neng a se entse le lona,+ ke ile ka lula thabeng ka matsatsi a 40 le masiu a 40,+ ke sa je ebile ke sa noe metsi. 10  Joale Jehova a mpha matlapa a mabeli a lejoe a ngotsoeng ka monoana oa Molimo ’me ho ’ona ho ne ho e-na le mantsoe ’ohle ao Jehova a a buileng le lona thabeng har’a mollo letsatsing leo le neng le kopane* moo.+ 11  Ha matsatsi a 40 le masiu a 40 a fela, Jehova a mpha matlapa a mabeli a lejoe e leng matlapa a selekane. 12  Eaba Jehova o re ho ’na, ‘Ema ’me u theohe kapele hobane sechaba sa heno seo u se ntšitseng Egepeta se entse sebe.+ Se khelohile kapele tseleng eo ke itseng se e latele. Se iketselitse setšoantšo sa tšepe.’*+ 13  Jehova a boela a re ho ’na, ‘Ke bone hore sechaba sena ke sechaba se manganga.*+ 14  u se ke oa nthibela hore ke se felise, ke hlakole lebitso la sona tlas’a maholimo ’me ke u etse sechaba se matla le se sengata ho se feta.’+ 15  Eaba ke theoha thabeng ha thaba e ntse e tuka mollo+ ke nkile matlapa a mabeli a selekane.+ 16  Joale ka bona hore le sitetsoe Jehova Molimo oa lona. Le ne le iketselitse namane ea tšepe.* Le ne le khelohile kapele tseleng eo Jehova a itseng le e latele.+ 17  Eaba ke phahamisa matlapa a mabeli, kea lahlela fatše ’me kea pshatla ka pel’a lona.+ 18  Ka khumama* ka pel’a Jehova sefahleho sa ka se shebile fatše joaloka pele, ka matsatsi a 40 le masiu a 40. Ke ne ke sa je lijo leha e le ho noa metsi+ ka lebaka la libe tsohle tseo le li entseng ka ho etsa lintho tse sa thabiseng Jehova le ho mo utloisa bohloko. 19  Ke ne ke tšohile hobane Jehova o ne a le halefetse haholo+ hoo a neng a ikemiselitse ho le felisa. Leha ho le joalo, le ka nako eo Jehova o ile a ’mamela.+ 20  Jehova o ne a halefetse Arone ’me a ikemiselitse ho mo felisa+ empa le ka nako eo ke ile ka etsetsa Arone thapeli. 21  Eaba ke nka namane eo le neng le e entse,+ eo le ileng la etsa sebe ka lebaka la ho e etsa, ka e chesa mollong. Ka e pshatla ka ba ka e sila ho fihlela e e-ba joaloka lerole ’me ka e qhalla nokaneng e phallang ho tloha thabeng.+ 22  Le ile la boela la halefisa Jehova ha le le Tabera,+ Masa+ le Kibrothe-hatava.+ 23  Ha Jehova a le ntša Kadeshe-barnea+ ’me a re, ‘Nyolohang ’me le nke naha eo ka sebele ke tla le fa eona,’ le ile la boela la hana ho mamela taelo ea Jehova Molimo oa lona+ ’me ha lea ka la bontša tumelo ho eena+ le ho mo mamela. 24  Haesale le sa mamele Jehova ho tloha ha ke qala ho le tseba. 25  Kahoo, ka ’na ka khumama ka pel’a Jehova sefahleho sa ka se shebile fatše ka matsatsi a 40 le masiu a 40.+ Ke ile ka khumama ka tsela ena hobane Jehova a ne a itse o tl’o le felisa. 26  Ka etsa thapeli ho Jehova ka re, ‘Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, u se ke oa felisa sechaba sa hao. Ke sechaba sa hao*+ seo u se lopolotseng ka matla a hao ’me oa se ntša Egepeta ka letsoho le matla.+ 27  Hopola bahlanka ba hao e leng Abrahama, Isaka le Jakobo.+ U tšoarele manganga a sechaba sena, bokhopo ba sona le sebe sa sona.+ 28  Ho seng joalo, sechaba seo u re ntšitseng naheng ea sona se ka re: “Jehova o ne a sa khone ho se isa naheng eo a se tšepisitseng eona ’me kaha o se hloile, o se ntšitse hore a se bolaele lefeelleng.”+ 29  Ke sechaba sa hao le lefa la hao.*+ Ke sechaba seo u se ntšitseng ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le matla.’+

Linaletsana

Ka Seheberu: “melala e sataletseng.”
Kapa: “phuthehile.”
Kapa: “seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.”
Ka Seheberu: “melala e sataletseng.”
Kapa: “qhibilihisitsoeng.”
A thetsitse fatše ka hlooho.
Kapa: “Ke lefa la hao.”
Kapa: “le thepa ea hao.”