Deuteronoma 7:1-26
7 Ha Jehova Molimo oa lona a le tlisa naheng eo le tlang ho kena ho eona hore e be ea lona,+ o tla boela a tlose lichaba tse nang le baahi ba bangata ka pel’a lona:+ Bahethe, Bagirgashe, Baamore,+ Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse,+ e leng lichaba tse supileng tse nang le baahi ba bangata le tse matla ho le feta.+
2 Jehova Molimo oa lona o tla nehelana ka tsona ho lona ’me le tla li hlola.+ Ka sebele le lokela ho li felisa.+ Le se ke la etsa selekane le tsona kapa la li hauhela.+
3 Le se ke la etsa selekane leha e le sefe sa lenyalo* le lichaba tseo. Le se ke la fana ka barali ba lona hore ba nyaloe ke bara ba tsona kapa hore bara ba lona ba nyale barali ba tsona.+
4 Kaha ba tla khelosa bana ba lona hore ba se ke ba ntatela ’me ba sebeletse melimo e meng,+ Jehova o tla le halefela haholo ’me o tla le felisa ka potlako.+
5 Ho e-na le hoo, le etse tjena ho lichaba tseo: Le heletse lialetare tsa tsona, le lihe lipilara tsa tsona tse halalelang,+ le khaole lipalo tsa tsona tse halalelang*+ ’me le chese le litšoantšo tsa tsona tse betliloeng.+
6 Le sechaba se halalelang ho Jehova Molimo oa lona ’me Jehova Molimo oa lona o khethile lona hore le be sechaba sa hae, thepa ea hae e khethehileng* har’a lichaba tsohle tse holim’a lefatše.+
7 Ha se hobane le le bangata ho feta lichaba tsohle Jehova a ileng a le rata ’me a le khetha+ kaha le ne le le sechaba se senyenyane har’a lichaba tsohle.+
8 Ho e-na le hoo, Jehova o ile a le ntša ka letsoho le matla e le hore a le lopolle ntlong ea bokhoba,+ matleng* a Faro morena oa Egepeta hobane Jehova a le rata hape a phethile kano ea hae eo a e hlapanyelitseng baholo-holo ba lona.+
9 Le tseba hantle hore Jehova Molimo oa lona ke Molimo oa ’nete, Molimo ea tšepahalang, ea phethang selekane sa hae le ea bontšang lerato* melokong e sekete ea ba mo ratang le ba mamelang litaelo tsa hae.+
10 Empa ba mo hloileng o tla iphetetsa ka ho ba felisa.+ A ke ke a lieha ho fana ka kotlo ho ba mo hloileng, o tla iphetetsa.
11 Kahoo, le etse bonnete ba hore le mamela litaelo le melao eo ke le laelang eona kajeno ka hore le e phethe.
12 Haeba le tsoela pele ho mamela liqeto tsena tsa boahloli ’me le li latela, Jehova Molimo oa lona o tla phetha selekane sa hae ’me a le bontše lerato* joalokaha a hlapanyelitse baholo-holo ba lona.
13 O tla le rata, a le hlohonolofatse ’me a le atise. O tla le hlohonolofatsa ka bana ba bangata+ ’me a eketse lihlahisoa tsa mobu oa lona, lijo tsa lona tsa masimong, veine ea lona e ncha, oli ea lona,+ manamane a likhomo tsa lona le likonyana tsa linku tsa lona naheng eo a hlapanyelitseng baholo-holo ba lona hore o tla le fa eona.+
14 Le tla hlohonolofatsoa ka ho fetisisa lichabeng tsohle.+ Ha ho na monna kapa mosali ea ke keng a ba le bana har’a lona kapa mehlape ea lona e ke keng ea tsoala.+
15 Jehova o tla tlosa ho kula hohle har’a lona ’me a ke ke a le tlisetsa maloetse leha e le afe a mabe ao le a boneng Egepeta.+ Ho e-na le hoo, o tla a tlisetsa bohle ba le hloileng.
16 Le tla felisa lichaba tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le fang tsona.+ Le* se ke la li utloela bohloko+ ’me le se ke la sebeletsa melimo ea tsona+ hobane seo e tla ba leraba ho lona.+
17 Haeba le ka re ka lipelong tsa lona, ‘Lichaba tsena li ngata ho re feta. Re tla li leleka joang?’+
18 Le se ke la li tšaba.+ Le hopole seo Jehova Molimo oa lona a se entseng ho Faro le ho Baegepeta bohle+
19 le likotlo* tse kholo tseo le li boneng le lipontšo+ le mehlolo le letsoho le matla leo Jehova Molimo oa lona a le ntšitseng ka lona.+ Ke seo Jehova Molimo oa lona a tla se etsa ho lichaba tsohle tseo le li tšabang.+
20 Jehova Molimo oa lona o tla etsa hore li nyahame* ho fihlela ba neng ba siiloe+ le ba neng ba ipatetse lona ba felisoa.
21 Le se ke la tšoha ka lebaka la bona hobane Jehova Molimo oa lona o na le lona,+ Molimo e moholo le ea hlomphehang.+
22 Jehova Molimo oa lona o tla leleka lichaba tsena hore li be hole le lona butle-butle.+ Le ke ke la lumelloa hore le li felise kapele e le hore liphoofolo tse hlaha li se ke tsa ba ngata ’me tsa le lematsa.
23 Jehova Molimo oa lona o tla nehelana ka tsona ho lona ’me le li hlole ho fihlela li felisitsoe.+
24 O tla nehelana ka marena a tsona matsohong a lona+ ’me ha ho na motho ea tla hopola mabitso a tsona.+ Ha ho na motho ea tla ema khahlanong le lona+ ho fihlela le li felisitse.+
25 Le chese litšoantšo tsa melimo ea tsona mollong.+ Le se ke la khalla silevera le khauta e ho tsona kapa la inkela eona+ e le hore e se ke ea le tšoasa hobane ke ntho e nyonyehang ho Jehova Molimo oa lona.+
26 Le se ke la tlisa ntho e nyonyehang ka matlung a lona eaba le fetoha ntho e lokelang ho felisoa joaloka eona. Le e hloee ka lipelo tsohle tsa lona hobane e lokela ho felisoa.
Linaletsana
^ Kapa: “la nyallana.”
^ Kapa: “letlotlo la bohlokoa.”
^ Ka Seheberu: “letsohong.”
^ Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
^ Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “Leihlo la hao le.”
^ Kapa: “liteko.”
^ Kapa mohlomong: “tšohe.”

