Deuteronoma 24:1-22

  • Lenyalo le tlhalo (1-5)

  • Ho hlompha bophelo (6-9)

  • Ho nahanela bafutsana (10-18)

  • Melao ea ho kotula (19-22)

24  Haeba monna a nyetse mosali empa a se a sa mo batle hobane a fumane hore o itšoere ka tsela e sa hlompheheng, a mo ngolle lengolo la tlhalo,+ a mo fe lona ’me a mo leleke.+  Ha mosali eo a se a tsamaile ntlong ea hae, a ka nyaloa ke monna e mong.+  Haeba monna oa hae oa bobeli a se a sa mo batle* ’me a mo ngolla lengolo la tlhalo, a mo fa lona ’me a mo leleka ntlong ea hae kapa haeba monna eo a shoa,  monna oa hae oa pele ea ileng a mo leleka a ke ke a lumelloa hore a mo nyale hape ka mor’a hore a silafatsoe hobane ho etsa joalo ke ntho e nyonyehang ho Jehova. Le se ke la tlisa sebe naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona e le lefa.  Haeba monna a qeta ho nyala, a se ke a ea sesoleng kapa a fuoa mosebetsi leha e le ofe. A qete selemo a se na boikarabelo leha e le bofe, a lule hae ’me a thabise mosali oa hae.+  Ho se ke ha e-ba le motho ea nkelang e mong leloala la letsoho kapa tšiloana e le bopaki ba hore o tla patala sekoloto sa hae*+ hobane ho etsa joalo e tla be e le ho nka ntho eo a iphelisang ka eona.*  Haeba ho fumanoa motho ea koetetseng e mong oa bana babo ba Iseraele, a ile a mo tšoara hampe ’me a mo rekisa,+ motho ea mo koetetseng o lokela ho shoa.+ Le tlose se sebe har’a lona.+  Haeba ho e-na le lefu la lepera,* le etse bonnete ba hore le latela litaelo tsohle tseo baprista ba Balevi ba le fang tsona.+ Le etse feela joalokaha ke ba laetse.  Le hopole seo Jehova Molimo oa lona a se entseng ho Miriame ha le ne le le tseleng le tsoa Egepeta.+ 10  Haeba u alima moahisani oa hao ntho leha e le efe,+ u se ke oa kena ka tlung ea hae e le hore u inkele ntho eo a itseng e tla ba bopaki ba hore u tla u patala. 11  U eme ka ntle ’me motho ea u kolotang e lokela ho ba eena ea tlisang ntho eo e tlang ho ba bopaki ba hore o tla u patala. 12  Haeba motho eo e le mofutsana, u se ke oa robala u e-na le ntho eo a u fileng eona e le bopaki ba hore o tla u patala.+ 13  U e khutlisetse ho eena hang ha letsatsi le likela. O tla robala ka seaparo sa hae+ ’me o tla u hlohonolofatsa. Jehova Molimo oa hao o tla nka hoo e le ketso e lokileng. 14  U se ke oa etsetsa mosebeletsi ea futsanehileng bolotsana ebang ke e mong oa bana beno kapa ke molichaba ea naheng ea heno ka har’a metse* ea lona.+ 15  U mo fe moputso oa hae letsatsing lona leo,+ pele letsatsi le likela hobane ke mofutsana ebile o hloka moputso oo e le hore a ’ne a phele. Ho seng joalo, o tla llela ho Jehova ka lebaka la hao ’me u tla be u entse sebe.+ 16  Bo-ntate ha baa lokela ho bolaeloa libe tsa bana ba bona le bana ha baa lokela ho bolaeloa libe tsa bo-ntate ba bona.+ Motho e mong le e mong o lokela ho bolaeloa sebe sa hae.+ 17  Le se ke la ahlola molichaba kapa khutsana*+ ka mokhoa o se nang toka hape le se ke la nka seaparo sa mohlolohali e le bopaki ba hore o tla patala.*+ 18  Le hopole hore le ne le le makhoba Egepeta ’me Jehova Molimo oa lona o ile a le lopolla teng.+ Ke ka lebaka leo ke le laelang hore le etse sena. 19  Ha u kotula tšimong ea hao ’me u lebetse ngata tšimong, u se ke oa khutla ho ea e nka. E lokela ho salla molichaba, khutsana le mohlolohali+ e le hore Jehova Molimo oa hao a ka u hlohonolofatsa linthong tsohle tseo u li etsang.+ 20  Ha u kotula sefate sa hao sa mohloaare, u se ke oa khutlela morao oa e’o se kotula hape. Se setseng se tla salla molichaba, khutsana le mohlolohali.+ 21  Ha u bokella morara o serapeng sa hao sa morara, u se ke oa khutla ho ea bokella o setseng. O lokela ho salla molichaba, khutsana le mohlolohali. 22  Le hopole hore le ne le le makhoba naheng ea Egepeta. Ke ka lebaka leo ke le laelang hore le etse sena.

Linaletsana

Kapa: “a mo hloile.”
Kapa: “e le tebeletso.”
Kapa: “ho nka bophelo ba hae.”
Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “lepera” le ka bolela lintho tse ngata ’me le ka akareletsa mafu a fapaneng a letlalo a tšoaetsanoang. Le ka boela la akareletsa mafu a mang a fumanoang liaparong le ka matlung.
Ka Seheberu: “likeiti.”
Kapa: “ngoana ea se nang ntate.”
Kapa: “e le tebeletso.”