Deuteronoma 27:1-26

  • Molao o lokela ho ngoloa majoeng (1-10)

  • Thabeng ea Ebale le Thabeng ea Gerizime (11-14)

  • Lithohako lia phetoa (15-26)

27  Moshe hammoho le banna ba baholo ba Iseraele ba laela sechaba ba re: “Mamelang taelo e ’ngoe le e ’ngoe eo ke le fang eona kajeno.  Letsatsing leo ka lona le tšelang Jordane ho ea naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona, le emise majoe a maholo ’me le a lile ka letsopa.*+  Ka mor’a moo, le ngole mantsoe ’ohle a Molao ona holim’a ’ona ha le se le tšetse e le hore le kene naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona, naha e phallang lebese le mahe a linotši joalokaha Jehova Molimo oa baholo-holo ba lona a le tšepisitse.+  Ha le se le tšetse Jordane, le emise majoe ana Thabeng ea Ebale+ ’me le a lile ka letsopa* feela joalokaha ke le laela kajeno.  Hape le hahele Jehova Molimo oa lona aletare moo, e be aletare ea majoe. Le se ke la betla majoe ao ka lithulusi tsa tšepe.+  Le hahe aletare ea Jehova Molimo oa lona ka majoe a sa betloang ’me le etsetse Jehova Molimo oa lona linyehelo tsa secheso ho eona.  Le nyehele mahlabelo a kopanetsoeng+ ’me lea jelle moo+ ’me le tla thaba ka pel’a Jehova Molimo oa lona.+  Hape le ngole ka ho hlaka mantsoe ’ohle a Molao ona holim’a majoe.”+  Eaba Moshe le baprista ba Balevi ba bua le Baiseraele bohle, ba re: “Tholang ’me le mamele lona Baiseraele. Letsatsing lena le fetohile sechaba sa Jehova Molimo oa lona.+ 10  Le mamele lentsoe la Jehova Molimo oa lona ’me le phethe litaelo tsa hae+ le melao ea hae eo ke le laelang eona kajeno.” 11  Letsatsing leo Moshe a laela sechaba a re: 12  “Maloko a latelang a tla ema Thabeng ea Gerizime+ ho hlohonolofatsa sechaba ha le se le tšetse Jordane: Simeone, Levi, Juda, Isakare, Josefa le Benjamine. 13  Ba latelang ke ba tla ema Thabeng ea Ebale+ e le hore ba fane ka thohako: Rubene, Gade, Ashere, Zabulone, Dane le Nefthali. 14  Joale Balevi ba tla bua ka lentsoe le phahameng ho sechaba sohle sa Baiseraele ’me ba re:+ 15  ‘Ho rohakoe motho ea etsang setšoantšo+ kapa seemahale sa tšepe*+ ebile a se beha moo ho patehileng e leng ntho e nyonyehang ho Jehova,+ ntho e entsoeng ke setsebi sa mosebetsi oa matsoho.* (Sechaba sohle se tla araba se re, ‘Amen!’*) 16  Ho rohakoe motho ea tellang ntate oa hae kapa ’mè oa hae.+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’) 17  Ho rohakoe motho ea chechisang letšoao la moeli oa moahisani oa hae.+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’) 18  Ho rohakoe motho ea etsang hore ea foufetseng a lahleheloe ke tsela.+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’) 19  Ho rohakoe motho ea etsang hore molichaba, khutsana* kapa mohlolohali+ a se ke a ahloloa ka toka.+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’) 20  Ho rohakoe motho ea robalang le mosali oa ntate oa hae hobane o tlotlolotse ntate oa hae.*+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’) 21  Ho rohakoe motho ea etsang thobalano le phoofolo.+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’) 22  Ho rohakoe motho ea robalang le khaitseli ea hae ebang ke morali oa ntate oa hae kapa oa ’mè oa hae.+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’) 23  Ho rohakoe motho ea robalang le matsale oa hae.+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’) 24  Ho rohakoe motho ea bolaeang moahisani oa hae sephiring.+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’) 25  Ho rohakoe motho ea amohelang tjotjo e le hore a bolaee motho ea se nang molato.+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’) 26  Ho rohakoe motho ea sa mameleng mantsoe a Molao ona ebile a sa a phethe.’+ (Sechaba sohle se tla re, ‘Amen!’)

Linaletsana

Kapa: “le a soeufatse ka kalaka.”
Kapa: “lea soeufatse ka kalaka.”
Kapa: “Ha ho be joalo.”
Kapa: “motho ea sebetsang ka patsi le tšepe.”
Kapa: “seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.”
Kapa: “ngoana ea se nang ntate.”
Ka Seheberu: “o phetlile mose oa ntate oa hae.”