Joele 2:1-32

  • Letsatsi la Jehova le lebotho la hae le leholo (1-11)

  • Jehova o re batho ba khutlele ho eena (12-17)

    • “Le bontše hore le soabile ho tloha pelong” (13)

  • Jehova o araba batho ba hae (18-32)

    • ‘Ke tla fana ka moea o halalelang’ (28)

    • Mehlolo leholimong le lefatšeng (30)

    • Ba tšepetseng lebitsong la Jehova ba tla pholoha (32)

2  “Letsang lenaka Sione,+Hoeletsang le le thabeng ea ka e halalelang,Le phatlalatse hore ho tla ba le ntoa. Baahi bohle ba lefatše ba ke ba ferekaneHobane letsatsi la Jehova lea tla,+ le haufi.  2  Letsatsing leo, ho tla ba le lefifi le tšabehang,+Ho be maru le lefifi le letšo-letšo,+Le tla hlaha joaloka mafube lithabeng. Ho na le batho ba bangata ba matla,+Ha ho e-s’o ka ho e-ba le ba tšoanang le bonaEbile ba ke ke ba hlola ba e-ba tengMolokong ofe kapa ofe.  3  Mollo o chesa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka pel’a oona,Lelakabe le chesa tsohle tse ka morao.+ Naha e ka pel’a bona e joaloka Edene,+Ka mor’a bona ke lithako. Ha ho letho le ka pholohang.  4  Ekare ke lipere,Ba ntse ba matha joaloka lipere tsa ntoa.+  5  Ho utloahala molumo oa kariki e tsamaeang thabeng,+Molumo o kang oa litlhaka tse chang. Ba tšoana le batho ba matla ba itokiselitseng ntoa.+  6  Batho ba tla hlonama ka lebaka la bona. Batho bohle ba tla bonahala le mahlong hore ba tšohile.  7  Ba matha joaloka bahlabani,Ba hloa lerako joaloka masole,E mong le e mong oa tseba hore na o lokela ho etsa’ng,Ha ho na ea khelohang tsela.  8  Ha ba sutumetsane,E mong le e mong o tsamaea tseleng ea hae. Ha e mong a bolaoa ke lerumo,Ba bang ha ba khelohe tsela.  9  Ba potlakela motseng, ba matha holim’a marako. Ba hloella matlo, ba kena ka lifensetere joaloka masholu. 10  Ha ba hlasela, lefatše lea reketla, leholimo lea thothomela,Letsatsi le khoeli lia fifala,+Linaleli le tsona lia fifala. 11  Jehova o tla phahamisa lentsoe ha a bua le masole a hae+ hobane lebotho la hae le leholo haholo.+ Ea phethang lentsoe la hae o matla. Letsatsi la Jehova le leholo ebile lea tšosa.+ Ke mang ea ka le mamellang?”+ 12  Jehova o re: “Le sa na le nako ea ho khutlela ho ’na, le khutlele ho ’na ka lipelo tsohle,+Itimeng lijo,+ le lle, le bokolle. 13  Le bontše hore le soabile ho tloha pelong,+ le se ke la tabola liaparo tsa lona feela,+Khutlelang ho Jehova Molimo oa lonaHobane o na le kutloelo-bohloko,* o mohau, o lieha ho halefa+ ’me o lerato,*+O tla fetola maikutlo a hae ebe ha a le tlisetse tlokotsi. 14  Ho tseba mang? Mohlomong o tla fetola qeto eo a e entseng+Ebe oa le hlohonolofatsaE le hore le ka etsetsa Jehova Molimo oa lona nyehelo ea lijo* le nyehelo ea seno. 15  Letsang lenaka Sione. Phatlalatsang hore batho ba itime lijo, tsebisang batho hore ho na le kopano e khethehileng.+ 16  Bokellang sechaba le se hloekise e le hore phutheho e halalele.+ Bokellang banna-baholo,* bana le masea.+ Monyali le monyaluoa le bona ba tsoe ka kamoreng ea bona. 17  Baprista, bahlanka ba Jehova, ba lleBa le lipakeng tsa aletare le foranta+ ba re: ‘Hauhela batho ba hao Jehova. U se ke oa lumella hore batho ba hao ba nyefoloe,Ba busoe ke lichaba tse lingEsere lichaba tseo tsa ba soma tsa re: “O kae Molimo oa bona?”’+ 18  Jehova o tla bontša hore o rata naha ea haeEbe o hauhela batho ba hae.+ 19  Jehova o tla araba batho ba hae a re: ‘Ke tla le fa lijo, veine le oli,Le tla ja le be le li shebe feela.+ Lichaba li ke ke tsa hlola li le nyefola.+ 20  Ea hlaselang a tsoa leboea ke tla mo suthisetsa hole le lona,Ke mo lelekele sebakeng se omeletseng, se se nang metsi,Ke tla mo shebisa leoatleng le ka bochabela,*Ke mo furallise leoatleng le ka bophirimela.* Setopo sa hae se tla nkha,Seputa sa hae se ’ne se nyolohe+Hobane ke tla etsa lintho tse kholo.’ 21  Uena naha, u se ke oa tšoha,U thabe ’me u nyakalle hobane Jehova o tla etsa lintho tse kholo. 22  Lona liphoofolo tse hlaha, le se ke la tšohaHobane naheng ho tla ba le makhulo a matala.+ Le lifate li tla beha,+Sefate sa feie* le sa morara li behe haholo.+ 23  Bana ba Sione, thabang le nyakalle ka lebaka la lintho tseo Jehova Molimo oa lona a tla li etsa,+Ka hoetla o tla le nesetsa pula eo le e hlokang,A le nesetse pula ea litloebelele,A le nesetse pula ea hoetla le ea selemo joaloka pele.+ 24  Liotlo* li tla tlala ka lijo,Lihatelo tsa veine le tsa oli li tla tšoloha.+ 25  Ke tla le buseletsa lintho tsohle tseo le lahlehetsoeng ke tsona lilemo tsena tsohle,Tse jeoeng ke lebotho la ka le leholo la litsie* tsa mefuta-futa tseo ke neng ke li rometse ho lona.+ 26  Le tla ja le khore,+Le rorise lebitso la Jehova Molimo oa lona+Ea le etselitseng lintho tse kholo. Batho ba ka ba ke ke ba hlola ba nyefoloa.+ 27  Le tla tseba hore ke na le Baiseraele,+Le tsebe hore ke ’na Jehova Molimo oa lona+ ’me ha ho e mong. Batho ba ka ba ke ke ba hlola ba nyefoloa. 28  Ka mor’a moo, ke tla fa motho e mong le e mong moea o halalelang,+Bara le barali ba lona ba tla profeta,Banna-baholo ba lona ba tla lora litoro. Bahlankana ba lona ba bone lipono.+ 29  Ka nako eo, ke tla fana ka moea oa kaEsita le ho makhoba a ka a banna le a basali. 30  Ke tla etsa hore ho be le mehlolo leholimong le lefatšeng,Ho tla ba le mali, mollo le mosi.+ 31  Pele letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova le fihla,+Letsatsi le tla fifala, khoeli e be khubelu joaloka mali.+ 32  E mong le e mong ea tšepetseng* lebitsong la Jehova o tla pholoha+Hobane Thabeng ea Sione le Jerusalema ho na le ba tla pholoha+ feela joalokaha Jehova a boletse,Ke bao Jehova a tla ba bitsa.”

Linaletsana

^ Kapa: “mosa.”
^ Kapa: “o na le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
^ Kapa: “baholo.”
^ E leng Leotle le Shoeleng.
^ E leng Leoatle la Mediterranean.
^ Kapa: “feiga.”
^ Moo ho poleloang le ho olosetsoa teng.
^ Mona Seheberu se bua ka mefuta e mene ea litsie.
^ Kapa: “ipiletsang.”