Joele 3:1-21

  • Jehova o ahlola lichaba tsohle (1-17)

    • Khohlo ea Josafate (2, 12)

    • Khohlo ea kahlolo (14)

    • Jehova ke sebaka se sireletsehileng ho Iseraele (16)

  • Jehova o hlohonolofatsa batho ba hae (18-21)

3  “Mehleng eo, ka eona nako eoHa ke khutlisa batšoaruoa ba Juda le Jerusalema,+  2  Ke tla boela ke bokelle lichaba tsohle,Ke li theolele Khohlong* ea Josafate.* Ke tla li ahlolela moo,+Ke li ahlolele lintho tseo li li entseng ho sechaba sa ka sa IseraeleHobane li ile tsa hasanya BaiseraeleEaba li ikaba ka naha ea ka.+  3  Li lahla lotho hore li ikabe ka batho ba ka,+Li rekisa ngoan’a moshanyana e le hore li patale letekatse,Li rekisa oa ngoanana hore li reke veine li tle li noe.  4  Lona Tire, Sidone le lona libaka tsohle tsa Filistia,Le se nka kae sebete sa ho nketsa tjee? Na ho na le ntho e mpe eo ke le entseng eona? Na lea iphetetsa? Haeba ho joalo,Ke tla iphetetsa ka lebaka la lintho tseo le ba entseng tsona.+  5  Kaha le nkile silevera ea ka le khauta ea ka,+La isa lintho tsa ka tsa bohlokoa litempeleng tsa lona,  6  La rekisa baahi ba Juda le ba Jerusalema, la ba rekisetsa Bagerike+E le hore le ba ise hole le naha ea habo bona,  7  Ke tla ba lata moo le ba rekiselitseng teng,+Ke iphetetse ka lebaka la lintho tseo le ba entseng tsona.  8  Ke tla rekisetsa Bajuda bara ba hao le barali ba hao,+Ba tla ba rekisetsa batho ba Sheba, batho ba lulang hole. ’Na Jehova kea le tiisetsa.  9  Phatlalatsang hohle lichabeng le re:+ ‘Itokisetseng ntoa. Bitsang banna ba matla. Atametsang masole e le hore a hlasele.+ 10  Etsang lisabole ka mehoma ea lona, le etse marumo ka likere tse kutang limela. Motho ea fokolang a ke a re o matla. 11  Lona lichaba tsohle tse haufi, tloong le tl’o thusa.’+ Jehova, romela batho ba hao ba matla* sebakeng seo. 12  Lichaba li ke li itokise, li theohele Khohlong* ea JosafateHobane ke tla lula teng ke ahlole lichaba tsohle tse haufi.+ 13  Akhelang sekele hobane e se e le nako ea ho kotula. Tloong le tl’o hatakela morara hobane sehatelo se tletse.+ Linkho tse khakeletsang veine li tletse hobane bokhopo ba lichaba tseo bo bongata haholo. 14  Lichaba li se li le ka khohlong* ea kahloloHobane haufinyane letsatsi la Jehova le tla tla khohlong ea kahlolo.+ 15  Letsatsi le khoeli li tla fifala,Linaleli le tsona li tla fifala. 16  Jehova o tla bua ka lentsoe le matla a le Sione,A hoeletse a le Jerusalema. Leholimo le lefatše li tla reketlaEmpa Jehova e tla ba setšabelo ho batho ba hae,+E be sebaka se sireletsehileng ho bana ba Iseraele. 17  Le tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lona, ea lulang Sione, thabeng ea ka e halalelang.+ Jerusalema e tla ba sebaka se halalelang,+Balichaba ba ke ke ba hlola ba paroletsa le moo.+ 18  Letsatsing leo, lithabeng ho tla rotha veine e monate,+Ho phalle lebese maralleng,Linokana li phalle metsi Juda. Ho tla ba le seliba ntlong ea Jehova,+Se tla nosetsa Khohlo* ea Lifate Tsa Leoka. 19  Egepeta eona e tla lula e se na baahi,+Edomo e fetohe lithakoHobane li ile tsa tšoara Bajuda hampe,+Bao naheng ea bona ho ileng ha bolaoa batho ba se nang molato.+ 20  Juda e tla ba le baahiLe Jerusalema e be le baahi molokong o mong ka mor’a o mong.+ 21  Le hoja ke ne ke ba nka ba le molato, ke tla ba nka ba se molato,*+’Na Jehova ke tla lula Sione.”+

Linaletsana

^ Kapa: “Phuleng.”
^ E bolelang “Jehova ke Moahloli.”
^ Kapa: “bahlabani.”
^ Kapa: “Phuleng.”
^ Kapa: “phuleng.”
^ Ka Seheberu: “ke tla nka mali a bona a se na molato.”