Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Linōka li Ope Liatla”

“Linōka li Ope Liatla”

Bokhabane ba Pōpo ea Jehova

“Linōka li Ope Liatla”

THALATSA mahlo ’mapeng oa lefatše, le libakeng tse ngata, u tla bona mela e tsoelipanang e haola le linaha. Metsoelipane ena e parola lithota, mahoatata le makhulo. E tsoelipana le likhohlo, liphula le meru. (Habakuke 3:9) Tsena ke linōka, e leng mecha ea bophelo lefatšeng la rōna. Linōka tsena li paka bohlale le matla a ’Mōpi oa lefatše, Jehova. Ha re ntse re li shebelletse, re lumellana le maikutlo a mopesaleme ea ileng a bina a re: “Linōka li ope liatla; lithaba li hoeletse ka thabo hammoho ka pel’a Jehova.”—Pesaleme ea 98:8, 9. *

Linōka le histori ea batho li amana haufi-ufi. Bibele e bua ka linōka tse ’nè tse khōlō tse neng li tsoa nōkeng e neng e phalla e tsoa Edene. (Genese 2:10-14) O mong oa mekhoa ea khale ka ho fetisisa ea tsoelo-pele o ile oa qaleha likhohlong tse nonneng tsa Nōka ea Tigris le ea Eufrate Bochabela bo Hare. Ho ile ha e-ba le tsoelo-pele e khōlō ka lebaka la Nōka ea Hwang e China, ea Ganges le ea Indus e Asia boroa le ea Nile e Egepeta.

Ha ho makatse hore ebe ka linako tsohle motho o ’nile a hlolloa ke matla, boholo, le botle ba linōka. Nōka ea Nile ea Egepeta e bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 6 670. Nōka e khetholloang e le e khōlō ka ho fetisisa ke ea Amazon e Amerika Boroa. Le hoja linōka tse ling li hlolla ka boholo, tse ling li ntlehali, joaloka Nōka ea Tone ea Japane e batlang e le nyenyane haholo empa e phalla ka lebelo.

Ke eng se etsang hore nōka e phalle? Karabo e tobileng ke hore, ke matla a khoheli. Ke matla a khoheli a hulang metsi ho tloha libakeng tse phahameng ho a isa libakeng tse tlaase. Ka linako tse ling sena se hlahisa liphororo tse hoasang. Ha e hlalosa lipontšo tsena tsa matla le boholo, Bibele e re: “Jehova, linōka li phahamisitse, linōka li phahamisitse molumo oa tsona; linōka li ntse li phahamisa ho khahlela ha tsona.”—Pesaleme ea 93:3.

Jehova o ile a botsa monna ea tšabang Molimo Jobo a re: “Ke mang ea romelang pula ea litloebelele?” (Jobo 38:25, Contemporary English Version) Ha e le hantle, metsi ’ohle a tsoa hokae? Karabo ke hore a tsoa tsamaisong e rarahaneng ea potoloho ea metsi. Matla a letsatsi le matla a khoheli a etsa hore metsi a lule a potoloha ka nako eohle. Ha metsi a fetoha mouoane, a nyolohela sepakapakeng. Qetellong, aa phola ’me aa tiea ebe a etsa maru. Ka mor’a nako e itseng, mouoane ona o khutlela lefatšeng e le lehloa kapa pula. Boholo ba metsi bo bolokiloe maoatleng, matšeng, linōkeng, liqubung tsa lehloa le libakeng tsa leqhoa ka tlas’a lefatše.

Mabapi le potoloho ena e babatsehang ea metsi, Bibele e re: “Melapo eohle e phoroselang ea mariha e phallela leoatleng, empa leha ho le joalo leoatle ha le tlale. Sebakeng seo melapo e phoroselang ea mariha e phallelang ho sona, e khutlela ho sona e le hore e ka phalla.” (Moeklesia 1:7) Ke Jehova feela, Molimo eo bohlale ba hae bo ke keng ba lekanngoa le ea nang le tlhokomelo e lerato, ea neng a ka etsa hore ho be le potoloho e joalo. ’Me boqapi bo joalo bo bohlale bo re bolella eng ka botho ba Molimo? Ke Molimo ea nang le bohlale bo boholo le ea nang le tlhokomelo e lerato.—Pesaleme ea 104:13-15, 24, 25; Liproverbia 3:19, 20.

Ho sa tsotellehe boholo le palo ea tsona, linōka li tsamaisa metsi a manyenyane haholo a hloekileng a lefatše. Leha ho le joalo, bophelo bo ke ke ba e-ba teng ka ntle ho tsona. Buka e bitsoang Water e re: “Ho ne ho ke ke ha khoneha ho khotsofatsa litlhoko tse nyenyane le tse khōlō tsa batho haeba metsi a ne a le sieo, kapa a sa laoloe ka tsela e itseng. Tsela eo moloko oa batho o nkileng khato ka eona hore o fumane metsi le ho a laola e tlatselitse haholo historing ea tsoelo-pele.”

Ka lilemo tse likete, linōka li ’nile tsa fana ka metsi bakeng sa batho le bakeng sa lirapa tsa bona. Mobu o nonneng o mabōpong a linōka tse ngata o thusa lijalo ho hōla. Hlokomela kamoo khopolo ena e hlalosoang kateng thorisong e neng e lebisitsoe ho bahlanka ba Jehova: “Litente tsa hao li ntle hakaakang, Uena Jakobo, litabernakele tsa hao, Uena Iseraele! Li nametse sebakeng se selelele joaloka liphula tsa melapo e phoroselang, joaloka lirapa tse pel’a nōka. Joaloka limela tsa lekhala tseo Jehova a li lemmeng, joaloka likedare tse pel’a metsi.” (Numere 24:5, 6) Hape linōka li thusa ho boloka liphoofolo tse kang matata le phokojoe eo u e bonang mona li ntse li phela. Ha e le hantle, ha re ntse re ithuta ho eketsehileng ka linōka, re susumelletseha haholo hore re ise liteboho ho Jehova.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Bona 2004 Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova, May/June.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

Liphororo Tsa Iguaçú, tse moeling o pakeng tsa Argentina le Brazil, li balloa har’a liphororo tse pharaletseng haholo ho feta tse ling tsohle. Li bophara ba lik’hilomithara tse tharo. Li morung o hloekileng oa tropike, li bōptjoa ke liphororo tse nyenyane tse ka bang 300. Motsotsoaneng o mong le o mong, metsi a ka bang lik’hubiki mithara tse 10 000 a phorosela ka sekhahla nakong ea lipula.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Nōka ea Tone, Japane