Numere 24:1-25
24 Ha Balame a bona hore Jehova o ne a batla* ho hlohonolofatsa Iseraele, ha aa ka a tloha hape ho ea batla hore na ho na le ntho e mpe*+ e tla hlahela Iseraele empa o ile a sheba lefeelleng.
2 Ha Balame a phahamisa mahlo ’me a bona Baiseraele ba hlomme litente ho ea ka maloko a bona,+ moea oa Molimo oa e-ba holim’a hae.+
3 Eaba o bua maele ana a reng:+
“Ana ke mantsoe a Balame mora oa Beore,Mantsoe a monna eo mahlo a hae a butsoeng,
4 Mantsoe a ea utloang lentsoe la Molimo,Ea boneng pono ea Ea Matla ’Ohle,Ea itihetseng fatše a ntse a butse mahlo:+
5 Litente tsa hao li ntle hakaakang, uena Jakobo,Litabernakele tsa hao, uena Iseraele.+
6 Li nametse sebakeng se selelele joaloka likhohlo,*+Joaloka lirapa tse pel’a noka,Joaloka lekhala leo Jehova a le lemmeng,Joaloka likedare tse pel’a metsi.
7 Metsi a ntse a rotha linkhong tsa hae tse peli tsa matlalo.
Peo* ea hae e lenngoe pel’a metsi a mangata.+
Le morena oa hae+ o tla ba moholo ho feta Agage,+’Muso oa hae o tla phahamisoa.+
8 Molimo o mo ntša Egepeta.
O joaloka manaka a poho e hlaha bakeng sa hae.
O tla felisa lichaba, bahatelli ba hae,+O tla phuphura masapo a tsona ’me o tla li felisa ka marumo a hae.
9 O bothile, o robetse fatše joaloka tau,Ke mang ea ka itetang sefuba ’me a mo qala?
Ba u hlohonolofatsang ba hlohonolofetse,Ba u lakaletsang bomalimabe ba tla lakaletsoa bomalimabe.”+
10 Eaba Balake o halefela Balame. Balake a opa liatla a halefile eaba o re ho Balame: “Ke u bitselitse hore u bitsetse lira tsa ka bomalimabe+ empa uena u li hlohonolofalitse ka makhetlo ana a mararo.
11 Joale e-ea hae hona joale. Ke ne ke ikemiselitse ho u putsa haholo+ empa Jehova o u thibetse hore u fumane moputso.”
12 Balame a araba Balake a re: “Ke boleletse baromuoa ba hao ka re,
13 ‘Le haeba Balake a ka mpha ntlo ea hae e tletseng silevera le khauta, nke ke ka etsa ntho leha e le efe eo ke e ratang* e hanyetsanang le taelo ea Jehova ebang e molemo kapa e mpe. Ke tla bua feela seo Jehova a tla mpolella sona.’+
14 Joale ke ea ho batho ba heso. Empa e-re ke u bolelle hore na sechaba sena se tla etsa’ng ho batho ba heno nakong e tlang.”*
15 Kahoo a bua maele ana a reng:+
“Ana ke mantsoe a Balame mora oa Beore,Mantsoe a monna eo mahlo a hae a butsoeng,+
16 Mantsoe a ea utloang lentsoe la MolimoLe ea nang le tsebo ea Ea Phahameng ka ho Fetisisa.
O bone pono ea Ea Matla ’Ohle,Ha a itihela fatše a ntse a butse mahlo:
17 Ke tla mo bona empa eseng hona joale,Ke tla mo bona empa eseng haufinyane.
Naleli+ e tla tsoa ho Jakobo’Me molamu oa borena+ o hlahe ho Iseraele.+
O tla pshatla phatla ea Moabe+Le mahata a bara bohle ba morusu.
18 Edomo o tla hapuoa,+Seire+ o tla hapuoa ke lira tsa hae,+Ha Iseraele a bontša hore o sebete.
19 E mong o tla qala ho busa a tsoa ho Jakobo+’Me o tla felisa mophonyohi leha e le ofe motseng.”
20 Ha a bona Amaleke, a tsoela pele ho bua maele a reng:“Amaleke e bile oa pele lichabeng+Empa qetellong o tla felisoa.”+
21 Ha a bona Bakene,+ a tsoela pele ho bua maele a reng:
“Lehae la hao le tsitsitse ’me sebaka sa hao sa bolulo se behiloe lefikeng.
22 Empa ho na le ea tla chesa Kaine.
Ho tla nka nako e kae pele Asiria e u isa botlamuoeng?”
23 A boela a bua maele a reng:
“Jo! Ebe ke mang ea tla pholoha ha Molimo a etsa joalo?
24 Likepe li tla tla li tsoa lebopong la Kitime+’Me li tla hlorisa Asiria.+
Li tla hlorisa Ebere.
Empa le eena o tla felisoa tu!”
25 Ka mor’a moo, Balame+ a ema eaba oa tsamaea o khutlela hae. Balake le eena a tsamaea.

