Numere 20:1-29

  • Miriame o shoella Kadeshe (1)

  • Moshe o otla lefika ’me o etsa sebe (2-13)

  • Baedomo ba hana ha Baiseraele ba feta (14-21)

  • Lefu la Arone (22-29)

20  Ka khoeli ea pele, sechaba sohle sa Baiseraele sa fihla lefeelleng la Zine ’me sa lula Kadeshe.+ Ke hona moo Miriame+ a ileng a shoella teng ’me a patoa teng.  Joale ho ne ho se na metsi bakeng sa sechaba+ eaba se ikopanya hore se hanyetse Moshe le Arone.  Sechaba sa qabana le Moshe+ sa re: “Hoja ra shoa ha bana ba bo rona ba ne ba shoella ka pel’a Jehova.  Ke hobane’ng ha le tlisitse phutheho ea Jehova lefeelleng lee hore re tl’o shoella moo le liphoofolo tsa rona?+  Ke hobane’ng ha le re ntšitse Egepeta la re tlisa sebakeng see se sebe?+ Ha se sebaka seo re ka lemang peo ho sona, lifeie,* lifate tsa morara le likharenate ebile ha ho na metsi a nooang.”+  Moshe le Arone ba tloha ka pel’a phutheho ba tla monyako oa tente ea pokano, ba fihla ba khumama ba inamisitse lihlooho eaba khanya ea Jehova e qala ho bonahala ho bona.+  Eaba Jehova o re ho Moshe:  “Nka molamu ebe uena le abuti oa hao Arone le bokella sechaba. Le bue le lefika e le hore le fane ka metsi sechaba se ntse se shebile. Metsi a tla tsoa lefikeng, le a fe sechaba le liphoofolo tsa sona e le hore li noe.”+  Kahoo, Moshe a nka molamu ka pel’a Jehova+ feela joalokaha a ne a mo laetse. 10  Eaba Moshe le Arone ba bitsetsa phutheho ka pel’a lefika. Moshe a re ho eona: “Mamelang lona marabele! Re le ntšetse metsi lefikeng lee?”+ 11  Moshe a phahamisa letsoho a otla lefika habeli ka molamu oa hae. Metsi a tsoa a le mangata eaba sechaba se noa metsi le liphoofolo tsa sona.+ 12  Hamorao Jehova a re ho Moshe le Arone: “Kaha ha lea ka la bontša tumelo ho ’na le ho nkhalaletsa ka pel’a sechaba sa Iseraele, le ke ke la kenya phutheho ena naheng eo ke tla e fa eona.”+ 13  Ana ke metsi a Meriba*+ moo Baiseraele ba ileng ba qabana le Jehova, hoo a ileng a ikhalaletsa har’a bona. 14  Ka mor’a moo, Moshe a romela baromuoa hore ba ee ho morena oa Edomo+ ha ba le Kadeshe ba re: “Ngoan’eno Iseraele+ o re, ‘U tseba hantle litsietsi tsohle tse re hlahetseng. 15  Bo-ntate ba rona ba ile ba ea Egepeta+ ’me ra lula Egepeta ka lilemo* tse ngata+ ’me Baegepeta ba re tšoara hampe le bo-ntate ba rona.+ 16  Qetellong ra hoeletsa ho Jehova+ eaba oa re utloa ’me a romela lengeloi+ ho re ntša Egepeta ’me ke rona bana re Kadeshe, motse o qetellong ea naha ea hao. 17  Re kopa u re lumelle hore re fete naheng ea hao. Re ke ke ra feta har’a masimo a hao kapa har’a lirapa tsa hao tsa morara ebile re ke ke ra noa metsi a liliba tsa hao. Re tla tsamaea Tseleng ea Morena* re sa khelohele ka ho le letona kapa ka ho le letšehali ho fihlela re fetile naheng ea hao.’”+ 18  Leha ho le joalo, morena oa Edomo a re ho bona: “Le se ke la feta naheng ea ka. Haeba le ka feta ke tla le hlasela.” 19  Baiseraele ba re ho eena: “Re tla nyoloha ka tsela e kholo ’me haeba rona le liphoofolo tsa rona re noa metsi a hao, re tla a patala.+ Ha re batle letho le leng haese hore re fete re itsamaela ka maoto.”+ 20  Ho ntse ho le joalo a re: “Le se ke la feta.”+ Eaba morena oa Edomo oa tsoa ho tla kopana le bona a e-na le batho ba bangata le lebotho la sesole* le matla. 21  Morena oa Edomo a hana ho lumella Baiseraele hore ba fete naheng ea hae. Kahoo Baiseraele ba mo tlohela.+ 22  Sechaba sohle sa Iseraele sa tloha Kadeshe ’me sa fihla Thabeng ea Hore.+ 23  Ha Moshe le Arone ba le Thabeng ea Hore, qetellong ea naha ea Edomo, Jehova a re ho bona: 24  “Arone o tla shoa.*+ A ke ke a kena naheng eo ke tla e fa Baiseraele hobane ka bobeli ba lona le fetohetse taelo ea ka mabapi le metsi a Meriba.+ 25  Nka Arone le mora oa hae Eleazare ’me u ba nyollele Thabeng ea Hore. 26  U hlobolise Arone liaparo*+ tsa hae u li apese mora oa hae Eleazare+ ’me Arone o tla shoella moo.” 27  Kahoo, Moshe a etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse ’me ba hloa Thaba ea Hore sechaba sohle se ba shebile. 28  Joale Moshe a hlobolisa Arone liaparo tsa hae ’me a li apesa mora oa hae Eleazare. Ka mor’a moo, Arone a shoella moo ka holim’a thaba.+ Eaba Moshe le Eleazare ba theoha thabeng. 29  Ha sechaba sohle se bona hore Arone o shoele, Baiseraele bohle ba llela Arone ka matsatsi a 30.+

Linaletsana

Kapa: “lifeiga.”
E bolelang “Ho Qabana.”
Ka Seheberu: “matsatsi.”
E leng tsela e kholo.
Ka Seheberu: “le letsoho.”
Ka Seheberu: “o tla nkeloa ho batho ba habo.” Mantsoe ana ke mokhabo-puo ’me a bolela ho shoa.
E leng tsa boprista.