Numere 28:1-31
28 Eaba Jehova o re ho Moshe:
2 “Laela Baiseraele, u re ho bona, ‘Le ele hloko hore le ntlisetse nyehelo ea ka, bohobe ba ka. Linyehelo tsa ka tse chesoang ka mollo e le monko o monate* ho ’na li lokela ho etsoa ka linako tsa tsona tse behiloeng.’+
3 U re ho bona, ‘Ena ke nyehelo e chesoang ka mollo eo le tla e nyehela ho Jehova: Ka letsatsi le tlise likonyana tse peli tse tona tse phetseng hantle tse nang le selemo e le nyehelo ea secheso ea kamehla.+
4 Le fane ka konyana e ’ngoe e tona hoseng ’me konyana e ’ngoe e tona le tla fana ka eona ha letsatsi le likela.*+
5 Le fane le ka lilithara tse peli* tsa phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le lithara* ea oli e tutsoeng e le nyehelo ea lijo.*+
6 Ke nyehelo ea secheso ea kamehla,+ e thehiloeng Thabeng ea Sinai e le monko o monate,* nyehelo e etselitsoeng Jehova ka mollo.
7 Konyana ka ’ngoe e tona e tsamaee le nyehelo ea eona ea seno e etsang lithara.*+ Le tšollele seno se tahang sebakeng se halalelang e le nyehelo ea seno ho Jehova.
8 Le tla fana ka konyana e ’ngoe e tona ha letsatsi le likela.* Le tla fana ka eona e le nyehelo e chesetsoang Jehova e monko o monate,* e e-na le linyehelo tse tšoanang le tse etsoang hoseng e leng nyehelo ea lijo* le nyehelo ea seno.+
9 Leha ho le joalo, ka letsatsi la Sabatha,+ le tla nyehela likonyana tse tona tse peli tse nang le selemo hammoho le nyehelo ea tsona ea seno le lilithara tse ’nè le halofo* tsa phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.*
10 Ena ke nyehelo ea secheso ea Sabatha hammoho le nyehelo ea secheso ea kamehla le nyehelo ea eona ea seno.+
11 Qalong ea khoeli* ka ’ngoe le tlisetse Jehova nyehelo ea secheso ea lipohoana tse peli, ramo e le ’ngoe le likonyana tse tona tse supileng tse phetseng hantle, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo.+
12 Pohoana ka ’ngoe e tlisoe le lik’hilokramo tse ka bang tharo le halofo* tsa phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.*+ Ramo e tlisoe le lik’hilokramo tse ka bang peli* tsa phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo.+
13 Konyana ka ’ngoe e tona e tlisoe le k’hilokramo e le ’ngoe* ea phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli e le nyehelo ea lijo* hore e be nyehelo ea secheso e monko o monate,*+ nyehelo e cheselitsoeng Jehova.
14 Linyehelo tsa tsona tsa seno e be veine e batlileng e lekana le lilithara tse peli bakeng sa pohoana,+ e ka holimonyana ho lithara bakeng sa ramo+ le e lekanang le lithara bakeng sa konyana e tona.+ Ena ke nyehelo ea secheso ea khoeli le khoeli selemo kaofela.
15 Hape, ho lokela hore ho fanoe ka potsanyane e le ’ngoe e le nyehelo ea sebe ho Jehova ho phaella ho nyehelo ea secheso ea kamehla hammoho le nyehelo ea eona ea seno.
16 Ka khoeli ea pele, letsatsing la bo14 la khoeli, e tla ba Paseka ea Jehova.+
17 Ka letsatsi la bo15 la khoeli ena, ho tla ba le mokete. Ho tla jeoa mahobe a se nang tomoso ka matsatsi a supileng.+
18 Ka letsatsi la pele ho tla ba le kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima.
19 Le tlisetse Jehova nyehelo ea secheso e chesoang ka mollo. Nyehelo eo e be lipohoana tse peli, ramo e le ’ngoe le likonyana tse supileng tse tona, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo. Le fane ka liphoofolo tse phetseng hantle.+
20 Le fane ka tsona li e-na le linyehelo tsa tsona tsa lijo* tsa phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli.+ E be lik’hilokramo tse ka bang tharo le halofo bakeng sa pohoana le k’hilokramo e le ’ngoe bakeng sa ramo.
21 Le fane ka k’hilokramo e le ’ngoe ea phofo bakeng sa konyana e ’ngoe le e ’ngoe e tona ho likonyana tse tona tse supileng
22 hammoho le poli e le ’ngoe ea nyehelo ea sebe ho etsa sehlabelo sa tšoarelo ea libe bakeng sa lona.
23 Ntle ho nyehelo ea secheso ea hoseng e leng nyehelo ea secheso ea kamehla, le tla fana ka lintho tsena.
24 Le fane ka lintho tsena ka tsela e tšoanang letsatsi le leng le le leng ka matsatsi a supileng e le lijo.* E be nyehelo e chesetsoang Jehova, e monko o monate.* E fanoe hammoho le nyehelo ea secheso ea kamehla le nyehelo ea eona ea seno.
25 Ka letsatsi la bosupa le tšoare kopano e halalelang.+ Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima.+
26 Ka letsatsi la ho tlisa lihlahisoa tsa pele tse butsoitseng,+ ha le tlisetsa Jehova nyehelo ea lona ea lijo* tse ncha,+ le tšoare kopano e halalelang moketeng oa lona oa libeke.+ Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima.+
27 Le nyehele lipohoana tse peli, ramo e le ’ngoe le likonyana tse supileng tse tona e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le selemo, e le nyehelo ea secheso e monko o monate* ho Jehova.+
28 Bakeng sa nyehelo ea tsona ea lijo* ea phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli, le fane ka lik’hilokramo tse ka bang tharo le halofo bakeng sa pohoana ka ’ngoe, lik’hilokramo tse ka bang peli bakeng sa ramo ka ’ngoe,
29 k’hilokramo e le ’ngoe bakeng sa konyana e ’ngoe le e ’ngoe e tona ho likonyana tse supileng
30 hammoho le potsanyane e le ’ngoe ho etsa sehlabelo sa tšoarelo ea libe bakeng sa lona.+
31 Le fane ka tsona ho phaella ho nyehelo ea kamehla ea secheso le nyehelo ea eona ea lijo.* E be liphoofolo tse phetseng hantle+ hammoho le linyehelo tsa tsona tsa seno.
Linaletsana
^ Ka Seheberu: “khathollang.”
^ Ka Seheberu: “pakeng tsa lishoalane tse peli.”
^ E leng karolo ea leshome ea efa. Sheba Ntlha ea B14.
^ E leng kotara ea hine. Sheba Ntlha ea B14.
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “khathollang.”
^ E leng kotara ea hine. Sheba Ntlha ea B14.
^ Ka Seheberu: “pakeng tsa lishoalane tse peli.”
^ Ka Seheberu: “khathollang.”
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
^ E leng likarolo tse peli ho tse leshome tsa efa. Sheba Ntlha ea B14.
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “ea likhoeli tsa lona.”
^ Ka Seheberu: “litekanyo tse peli ho tse leshome.” Sheba Ntlha ea B14.
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “litekanyo tse tharo ho tse leshome.” Sheba Ntlha ea B14.
^ Ka Seheberu: “tekanyo ea leshome.” Sheba Ntlha ea B14.
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “khathollang.”
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “bohobe.”
^ Ka Seheberu: “khathollang.”
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “khathollang.”
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

