Numere 2:1-34

  • Liahelo li hlophisoa ho ea ka maloko a mararo (1-34)

    • Leloko la Juda le hloma litente ka bochabela (3-9)

    • Leloko la Rubene le hloma litente ka boroa (10-16)

    • Balevi ba hloma litente tsa bona bohareng (17)

    • Leloko la Efraime le hloma litente ka bophirimela (18-24)

    • Leloko la Dane le hloma litente ka leboea (25-31)

    • Palo ea banna bohle ba ngolisitsoeng (32-34)

2  Jehova a bua le Moshe le Arone, a re:  “Baiseraele ba hlome litente tsa bona moo sehlopha sa bona sa maloko a mararo+ se abetsoeng ho lula teng. Motho e mong le e mong a be pel’a letšoao la moholo-holo oa hae. Ba hlome litente tsa bona hore li potolohe tente ea pokano ’me li shebe ka ho eona.  Ba hlomang litente tsa bona ka bochabela, e be sehlopha sa maloko a mararo sa litente tsa Juda ho ea ka lihlopha tsa bona.* Khosana ea bara ba Juda ke Nashone+ mora oa Aminadabe.  Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 74 600.+  Leloko la Isakare le hlome litente pel’a hae. Khosana ea bara ba Isakare ke Nethaniele+ mora oa Zuare.  Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 54 400.+  Pel’a hae e tla ba leloko la Zabulone. Khosana ea bara ba Zabulone ke Eliabe+ mora oa Helone.  Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 57 400.+  Bohle ba ngolisitsoeng mabothong a litente tsa Juda ke ba 186 400. Ba tlohe pele.+ 10  Sehlopha sa maloko a mararo sa litente tsa Rubene+ se be ka boroa ho ea ka lihlopha tsa sona.* Khosana ea bara ba Rubene ke Elizure+ mora oa Shedeure. 11  Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 46 500.+ 12  Leloko la Simeone le hlome litente pel’a hae. Khosana ea bara ba Simeone ke Shelumiele+ mora oa Zurishadai. 13  Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 59 300.+ 14  Pel’a hae e be leloko la Gade. Khosana ea bara ba Gade ke Eliasafe+ mora oa Reuele. 15  Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 45 650.+ 16  Bohle ba ngolisitsoeng mabothong a litente tsa Rubene ke ba 151 450. E be ba bobeli ba ho tloha.+ 17  Ha tente ea pokano e tlosoa,+ litente tsa Balevi li be bohareng ba litente tse ling. Ba tsamaee ka tsela e tšoanang le eo ba hlomang litente ka eona,+ e mong le e mong a le sebakeng sa hae, ho ea ka lihlopha tsa bona tsa maloko a mararo. 18  Sehlopha sa maloko a mararo sa litente tsa Efraime se be ka bophirimela ho ea ka lihlopha tsa sona.* Khosana ea bara ba Efraime ke Elishama+ mora oa Amihude. 19  Ba ngolisitsoeng lebothong la hae ke ba 40 500.+ 20  Pel’a hae e be leloko la Manase.+ Khosana ea bara ba Manase ke Gamaliele+ mora oa Pedazure. 21  Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 32 200.+ 22  Pel’a hae e be leloko la Benjamine. Khosana ea bara ba Benjamine ke Abidane+ mora oa Gideoni. 23  Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 35 400.+ 24  Bohle ba ngolisitsoeng mabothong a litente tsa Efraime ke ba 108 100. E be ba boraro ba ho tloha.+ 25  Sehlopha sa maloko a mararo sa litente tsa Dane se be ka leboea ho ea ka lihlopha tsa sona.* Khosana ea bara ba Dane ke Akiezere+ mora oa Amishadai. 26  Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 62 700.+ 27  Leloko la Ashere le hlome litente pel’a hae. Khosana ea bara ba Ashere ke Pagiele+ mora oa Okrane. 28  Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 41 500.+ 29  Pel’a hae e be leloko la Nefthali. Khosana ea bara ba Nefthali ke Ahira+ mora oa Enane. 30  Ba ngolisitsoeng lebothong la hae la sesole ke ba 53 400.+ 31  Bohle ba ngolisitsoeng litenteng tsa Dane ke ba 157 600. E be ba ho qetela ba ho tloha+ ho ea ka lihlopha tsa bona tsa maloko a mararo.” 32  Bana ke Baiseraele ba neng ba ngolisitsoe ho ea ka mabitso a baholo-holo ba bona. Bohle ba litenteng ba ngolisitsoeng bakeng sa sesole e ne e le ba 603 550.+ 33  Empa Balevi ha baa ka ba ngolisoa+ hammoho le Baiseraele ba bang+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe. 34  Baiseraele ba etsa sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe. Ena ke tsela eo ka eona ba neng ba hloma litente lihlopheng tsa bona tsa maloko a mararo+ ebile ke tsela eo ba neng ba tloha ka eona,+ e mong le e mong ho ea ka lelapa la habo le ho ea ka mabitso a baholo-holo ba hae.

Linaletsana

Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a bona.”
Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a sona.”
Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a bona.”
Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a bona.”