Numere 10:1-36

  • Literompeta tsa silevera (1-10)

  • Ba tloha Sinai (11-13)

  • Ba tsamaea ka tatellano (14-28)

  • Hobabe o tataisa Baiseraele (29-34)

  • Thapelo ea Moshe ha ba tloha liahelong (35, 36)

10  Jehova a re ho Moshe:  “Iketsetse literompeta+ tse peli. U li etse ka silevera e tutsoeng ka hamore ’me u li sebelise ha u bitsa sechaba leha u se tsebisa ha e le nako ea ho hlomolla litente.  Ha li letsoa ka bobeli, sechaba sohle se lokela ho tla ho uena monyako oa tente ea pokano.+  Haeba ho letsoa e le ’ngoe feela, likhosana e leng lihlooho tsa ba likete ba Iseraele, ke tsona feela tse tla tla ho uena.+  Ha le letsa terompeta le etsa molumo o lerata o feto-fetohang, lihlopha tsa ba hlommeng litente tsa bona ka bochabela+ li tsamaee.  Ka lekhetlo la bobeli, ha le letsa terompeta le etsa molumo o lerata o feto-fetohang, lihlopha tsa ba hlommeng litente tsa bona ka boroa+ li tsamaee. Literompeta li letsoe ka tsela ena lekhetlo le leng le le leng ha se seng sa lihlopha se tsamaea.  Ha le bokella sechaba, le letse literompeta+ tseo empa le se ke la li letsa ka molumo o lerata o feto-fetohang.  Bara ba Arone e leng baprista, ba letse literompeta+ ’me li sebelisoe e le taelo e tla lula e le teng bakeng sa lona melokong eohle ea lona.  Haeba le lokela ho loantša mohatelli ea le tšoenyang naheng ea lona, le letse molumo oa ntoa ka literompeta+ ’me Jehova Molimo oa lona o tla le utloa ’me a le pholose ho lira tsa lona. 10  Hape, linakong tsa lona tsa ho thaba,+ e leng meketeng+ ea lona le ha khoeli e ’ngoe le e ’ngoe e qala, le letse literompeta bakeng sa linyehelo tsa lona tsa secheso+ le mahlabelo a lona a kopanetsoeng.+ Molumo oa tsona o tla etsa hore Molimo a le hopole. Ke ’na Jehova Molimo oa lona.”+ 11  Joale ka selemo sa bobeli, ka khoeli ea bobeli, letsatsing la bo20 la khoeli,+ leru la phahama holim’a tabernakele+ ea Bopaki. 12  Kahoo, Baiseraele ba tloha lefeelleng la Sinai ka mokhoa oo ho neng ho hlophisitsoe hore ba tsamaee ka oona+ ’me leru la lula lefeelleng la Parane.+ 13  Lena e ne e le lekhetlo la pele ba tloha ho ea ka taelo eo Jehova a e fileng Moshe.+ 14  Kahoo, sehlopha sa maloko a mararo sa bara ba Juda sa tloha pele ho ea ka lihlopha tsa sona.* Nashone+ mora oa Aminadabe o ne a okametse sehlopha seo. 15  Ea okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Isakare e ne e le Nethaniele+ mora oa Zuare. 16  Ea okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Zabulone e ne e le Eliabe+ mora oa Helone. 17  Ha tabernakele e theoloa,+ bara ba Gershone+ le bara ba Merari,+ ba neng ba jara tabernakele, ba ne ba tloha. 18  Ka mor’a moo, sehlopha sa maloko a mararo sa ba lulang liahelong tsa Rubene sa tloha ka lihlopha tsa sona.* Elizure+ mora oa Shedeure o ne a okametse sehlopha seo. 19  Ea okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Simeone e ne e le Shelumiele+ mora oa Zurishadai. 20  Ea okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Gade e ne e le Eliasafe+ mora oa Deuele. 21  Ka mor’a moo, Bakohathe ba neng ba jara thepa ea sehalalelo,+ ba tloha. Tabernakele e ne e lokela hore e be e se e hlonngoe ha ba fihla. 22  Ka mor’a moo, sehlopha sa maloko a mararo sa bara ba Efraime sa tloha ka lihlopha tsa sona.* Elishama+ mora oa Amihude o ne a okametse sehlopha seo. 23  Ea okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Manase e ne e le Gamaliele+ mora oa Pedazure. 24  Ea okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Benjamine e ne e le Abidane+ mora oa Gideoni. 25  Ka mor’a moo, sehlopha sa maloko a mararo sa bara ba Dane sa tloha ka lihlopha tsa sona.* Ba ne ba le ka morao ’me ba sirelelitse lihlopha tse ling kaofela ’me Akiezere+ mora oa Amishadai o ne a okametse sehlopha seo. 26  Ea okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Ashere e ne e le Pagiele+ mora oa Okrane. 27  Ea okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Nefthali e ne e le Ahira+ mora oa Enane. 28  Ena ke tsela eo Baiseraele ba neng ba tloha ka eona ka lihlopha tsa bona* ha ba tsamaea.+ 29  Moshe a re ho Hobabe mora oa Reuele*+ oa Momidiane, ntate oa mosali oa Moshe: “Rea tsamaea, re ea sebakeng seo Jehova a tšepisitseng hore o tla re fa sona.+ Tsamaea le rona+ ’me re tla u tšoara hantle hobane Jehova o tšepisitse Iseraele lintho tse ntle.”+ 30  Empa a re ho eena: “Nke ke ka tsamaea. Ke tla khutlela naheng ea heso le ho ba leloko la heso.” 31  Eaba o re: “Ka kopo u se ke oa re siea hobane u tseba moo re lokelang ho hloma litente tsa rona teng lefeelleng ’me u ka re tataisa.* 32  Haeba u tsamaea le rona,+ ntho leha e le efe e molemo eo Jehova a re etsetsang eona, le rona re tla u etsetsa eona.” 33  Ba tloha thabeng ea Jehova,+ ba nka leeto la matsatsi a mararo ’me areka+ ea selekane sa Jehova e ne e tsamaea ka pel’a bona ka matsatsi a mararo ho ba batlela sebaka sa ho phomola.+ 34  Leru la Jehova+ le ne le le holim’a bona motšehare ha ba tloha liahelong. 35  Neng kapa neng ha Areka e tlosoa, Moshe o ne a re: “Etsa ho hong hle Jehova+ ’me lira tsa hao li ke li hasanngoe. Ba u hloileng ba ke ba balehe ka pel’a hao.” 36  Ha e behoa fatše, o ne a re: “Jehova, khutlela ho likete tse se nang palo* tsa Iseraele.”+

Linaletsana

Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a sona.”
Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a sona.”
Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a sona.”
Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a sona.”
Ka Seheberu: “ho ea ka mabotho a bona.”
E leng Jethro.
Kapa: “u ka ba mahlo a rona.”
Kapa: “limiriade tse likete.”