Numere 19:1-22

  • Khomo e ’mala o mofubelu le metsi a hloekisang (1-22)

19  Jehova a boela a bua le Moshe le Arone a re:  “Ona ke molao oo Jehova a faneng ka oona a re, ‘Bolella Baiseraele hore ba le nkele khomo e phetseng hantle e ’mala o mofubelu* e se nang bokooa+ le e sa kang ea jara joko.  Le e fe moprista Eleazare, a e ise ka ntle ho liahelo ’me e hlajoe ka pel’a hae.  Joale moprista Eleazare a nke mali a mang a eona ka monoana ’me a fafatse mali a eona ka makhetlo a supileng ka ho toba ka pel’a tente ea pokano.+  Ka mor’a moo, khomo eo e chesoe ka pel’a mahlo a hae. Lekoko la eona, nama ea eona, mali a eona hammoho le bolokoe ba eona li chesoe.+  Moprista a nke patsi ea kedare, hisopa*+ le lesela le lefubelu* ’me a li lahlele ka mollong oo khomo e chesetsoang ho oona.  Ka mor’a moo, moprista a hlatsoe liaparo tsa hae ’me a itlhatsoe ka metsi ebe o kena liahelong. Empa moprista o tla be a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.  Ea chesitseng khomo o tla hlatsoa liaparo tsa hae metsing ’me a itlhatsoe ka metsi ’me o tla be a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.  Motho ea hloekileng a bokelle molora oa khomo+ eo ’me a o behe ka ntle ho liahelo sebakeng se hloekileng ’me sechaba sa Baiseraele se o boloke e le hore se tle se o tsoake le metsi a tla sebelisetsoa ho hloekisa.+ Ke nyehelo ea sebe. 10  Ea bokellang molora oa khomo a hlatsoe liaparo tsa hae ebe o lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea. Ena e tla ba taelo e tla lula e le teng ho Baiseraele le ho balichaba ba lulang har’a bona.+ 11  Mang kapa mang ea thetsang motho ea shoeleng o tla lula a sa hloeka ka matsatsi a supileng.+ 12  Ka letsatsi la boraro motho eo o lokela ho itlhoekisa ka metsi a hloekisang ’me ka letsatsi la bosupa o tla hloeka. Empa haeba a sa itlhoekise ka letsatsi la boraro, ka letsatsi la bosupa a ke ke a hloeka. 13  Motho e mong le e mong ea thetsang setopo sa motho ’me a sa itlhoekise, o silafalitse tabernakele ea Jehova+ ’me motho eo a bolaoe Iseraele.+ O tla lula a sa hloeka hobane ha aa ka a fafatsoa ka metsi a hloekisang.+ 14  Ona ke molao o tla sebelisoa haeba motho a ka shoella ka tenteng: Motho e mong le e mong ea kenang ka tenteng le e mong le e mong ea neng a se a le ka tenteng o tla lula a sa hloeka ka matsatsi a supileng. 15  Lijana tsohle tse sa koaheloang ka sekoahelo se fasellelitsoeng ho tsona ha lia hloeka.+ 16  Motho e mong le e mong ea naheng ea thetsang motho ea bolailoeng ka sabole kapa ea thetsang setopo, lesapo la motho ea shoeleng kapa lebitla, o tla lula a sa hloeka ka matsatsi a supileng.+ 17  Ba nkele motho ea sa hloekang o mong oa molora oa nyehelo ea sebe e ileng ea chesoa ’me ba tšele metsi a macha holim’a oona ka sejaneng. 18  Joale motho ea hloekileng+ a nke hisopa+ ’me a e qopetse ka har’a metsi ’me ka oona a fafatse tente le lijana tsohle hammoho le batho ba neng ba le moo le motho ea ammeng masapo a motho ea shoeleng kapa ea ammeng motho ea bolailoeng kapa setopo kapa lebitla. 19  Motho ea hloekileng a fafatse ea sa hloekang ka oona ka letsatsi la boraro le ka letsatsi la bosupa.+ A mo hloekise sebeng ka letsatsi la bosupa, ka mor’a moo a hlatsoe liaparo tsa hae ’me a itlhatsoe ka metsi ’me o tla hloeka mantsiboea. 20  Empa motho ea sa hloekang ’me a sa itlhoekise, a bolaoe har’a phutheho+ hobane o silafalitse sehalalelo sa Jehova. Ha aa ka a fafatsoa ka metsi a hloekisang, kahoo ha aa hloeka. 21  Taelo ena e tla lula e le teng bakeng sa bona: Ea fafatsang metsi a hloekisang a hlatsoe liaparo tsa hae ’me ea thetsang metsi a hloekisang,+ o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea. 22  Ntho leha e le efe eo motho ea sa hloekang a e thetsang e tla lula e sa hloeka ’me motho ea e thetsang o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.’”+

Linaletsana

Kapa: “e khunoana.”
Kapa: “le ’mala o sekareleta.”