Numere 6:1-27

  • Boitlamo ba ho ba Monazari (1-21)

  • Litlhohonolofatso tsa baprista (22-27)

6  Jehova a bua le Moshe a re:  “Bua le Baiseraele u re ho bona, ‘Haeba monna kapa mosali a etsa boitlamo bo khethehileng ba ho phela e le Monazari*+ oa Jehova,  ha aa lokela ho noa veine le lino tse ling tse tahang. Ha aa lokela ho noa vinika e entsoeng ka veine kapa vinika e entsoeng ka seno se tahang.+ Ha aa lokela ho noa seno se entsoeng ka morara kapa ho ja morara, ebang ke o sa tsoa khuoa kapa o omisitsoeng.  Ka matsatsi ’ohle a Bonazari ba hae ha aa lokela ho ja ntho e tsoang sefateng sa morara ebang ke morara o sa butsoang kapa makhapetla.  A se ke a kuta moriri+ oa hae* ka matsatsi ’ohle a boitlamo ba hae ba Bonazari. A lule a halalela ka hore a tlohele moriri oa hlooho ea hae hore o hole ho fihlela matsatsi ao a inehetseng ho Jehova ka ’ona a felile.  A se ke a atamela* motho ea shoeleng ka matsatsi ’ohle ao a inehetseng ho Jehova ka ’ona.  A se ke a itšilafatsa ka motho ea shoeleng+ le haeba ntate oa hae, ’mè oa hae, mor’abo kapa khaitseli ea hae e ka shoa hobane moriri o hloohong ea hae ke letšoao la hore ke Monazari.  Oa halalela ho Jehova ka matsatsi ’ohle a Bonazari ba hae.  Empa haeba motho a ka shoella haufi le eena+ ka tšohanyetso ’me a mo thetsa ebe o silafatsa moriri o bontšang hore o inehetse ho Molimo,* a kute hlooho+ ea hae ka lehare letsatsing leo a hloekisoang ka lona. A e kute ka letsatsi la bosupa. 10  Ka letsatsi la borobeli, a tlise maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli monyako oa tente ea pokano ho moprista. 11  Moprista a etse nyehelo ea sebe ka le leng ’me ka le leng a etse nyehelo ea secheso ebe o mo etsetsa sehlabelo sa tšoarelo ea libe bakeng sa sebe+ sa hae se mabapi le motho ea shoeleng. Joale a halaletse hlooho ea hae letsatsing leo. 12  A inehele hape ho Jehova ’me a qale matsatsi a hae a Bonazari bocha ebe o tlisa ramo e nyenyane e nang le selemo e le nyehelo ea molato. Leha ho le joalo, matsatsi a seng a fetile a ke ke a baloa hobane o silafalitse Bonazari ba hae. 13  Joale ona ke molao o mabapi le Monazari: Ha matsatsi a hae a Bonazari+ a felile, a tlisoe monyako oa tente ea pokano. 14  A hlahise nyehelo ea hae ho Jehova moo. Nyehelo eo e be ramo e le ’ngoe e nyenyane e nang le selemo e phetseng hantle e le nyehelo ea secheso,+ konyana e le ’ngoe e nang le selemo e phetseng hantle e tšehali e le nyehelo ea sebe,+ ramo e le ’ngoe e phetseng hantle e le sehlabelo se kopanetsoeng,+ 15  baskete ea mahobe a selika-likoe a lesoba hare a se nang tomoso a entsoeng ka phofo e sitsoeng hantle e kopantsoeng le oli, liphaphatha tse se nang tomoso tse tlotsitsoeng ka oli le nyehelo ea tsona ea lijo*+ le linyehelo tsa tsona tsa seno.+ 16  Moprista a li hlahise ka pel’a Jehova ’me a fane ka nyehelo ea hae ea sebe le nyehelo ea hae ea secheso. 17  A fane ka ramo e le sehlabelo se kopanetsoeng ho Jehova hammoho le baskete ea mahobe a se nang tomoso ’me moprista a hlahise nyehelo ea eona ea lijo*+ le nyehelo ea eona ea seno. 18  Joale Monazari a kute moriri o hloohong ea hae*+ ka lehare a le monyako oa tente ea pokano ’me a nke moriri ona oo a o holisitseng ha e ntse e le Monazari, a o kenye mollong oa sehlabelo se kopanetsoeng. 19  Moprista a nke sephaka se phehiloeng+ sa ramo, a nke bohobe bo le bong bo selika-likoe bo lesoba hare bo se nang tomoso ka basketeng le sephaphatha se le seng se se nang tomoso ’me a li behe liatleng tsa Monazari ka mor’a hore a kute moriri oa hae, e leng letšoao la Bonazari ba hae. 20  Moprista a li tsokele koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova.+ Ke ntho e halalelang bakeng sa moprista hammoho le sefuba sa nyehelo e tsokoang le leoto le fanoang e le monehelo.+ Ka mor’a moo, Monazari a ka noa veine. 21  Ona ke molao o mabapi le Monazari+ ea etsang boitlamo: Haeba a itlama hore a ka khona ho fana ka nyehelo ho Jehova e fetang eo a lokelang ho e ntša bakeng sa Bonazari ba hae, a phethe boitlamo ba hae e le hore a hlomphe molao oa Bonazari ba hae.’” 22  Joale Jehova a re ho Moshe: 23  “Bolella Arone le bara ba hae u re, ‘Ena ke tsela eo le tla hlohonolofatsa+ sechaba sa Iseraele ka eona. Le re ho sona: 24  “E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa+ ’me a le sireletsa. 25  E se eka Jehova a ka le bontša mosa*+ ’me a le hauhela. 26  E se eka Jehova a ka le bontša mosa ’me a le fa khotso.”’+ 27  Ba bitse lebitso la ka sechabeng sa Iseraele+ e le hore nka ba hlohonolofatsa.”+

Linaletsana

Lentsoe la Seheberu na·zir′ le bolela “Ea Khethiloeng; Ea Inehetseng; Ea Arotsoeng.”
Ka Seheberu: “Lehare le se ke la feta hloohong ea hae.”
Kapa: “a ba haufi le.”
Kapa: “a silafatsa hlooho ea Bonazari ba hae.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “a kute hlooho ea Bonazari ba hae.”
Ka Seheberu: “a ka le khantšetsa sefahleho sa hae.”