Numere 23:1-30

  • Maele a pele a Balame (1-12)

  • Maele a bobeli a Balame (13-30)

23  Balame a re ho Balake: “Nkahele lialetare tse supileng mona+ ’me u ntokisetse lipoho tse supileng le liramo tse supileng.”  Kapele-pele Balake a etsa feela joalokaha Balame a boletse. Eaba Balake le Balame ba nyehela poho le ramo aletareng ka ’ngoe.+  Balame a re ho Balake: “Ema mona pel’a nyehelo ea hao ea secheso, ’na ke tsamaee. Mohlomong Jehova o tla bua le ’na. Ntho leha e le efe eo a tla mpontša eona, ke tla u bolella eona.” Kahoo, a ea leralleng le se nang letho.  Molimo a kopana le Balame+ ’me Balame a re ho eena: “Ke hlophisitse lialetare tse supileng ’me ke nyehetse poho le ramo aletareng ka ’ngoe.”  Jehova a laela Balame hore na a re’ng,+ a re: “Khutlela ho Balake ’me u bue mantsoe ana.”  Kahoo, a khutla ’me a bona hore Balake le likhosana tsohle tsa Moabe li ne li eme pel’a nyehelo ea hae ea secheso.  Joale Balame a bua maele ana a reng:+ “Balake morena oa Moabe o ntlositse Arame,+Ho tloha lithabeng tsa bochabela: ‘Tloo u bitsetse Jakobo bomalimabe bakeng sa ka. Tloo u nyatse Iseraele.’+   Ke joang nka bitsetsang bomalimabe bao Molimo a sa ba bitsetsang bomalimabe? Ke joang nka nyatsang bao Jehova a sa ba nyatsang?+   Ke ba bona ke le holim’a mafika,Ke ba bona ke le maralleng. E le sechaba ba lula moo ba le bang,+Ha ba ipalelle har’a lichaba.+ 10  Ke mang ea ka balang lerole la Jakobo+Kapa ea ka balang leha e ka ba kotara ea batho ba Iseraele? E-re nke ke shoe lefu la ba lokileng’Me qetello ea ka e ke e tšoane le ea bona.” 11  Eaba Balake o re ho Balame: “Ke hobane’ng ha u nkentse tjee? Ke u tlisitse mona hore u tl’o bitsetsa lira tsa ka bomalimabe empa uena u li hlohonolofalitse.”+ 12  A araba a re: “Ke buile seo Jehova a itseng ke se bue.”+ 13  Balake a re ho eena: “Ke kopa u tle le ’na sebakeng se seng seo u tla ba bona u le ho sona. U ke ke oa ba bona kaofela. U tla khona ho bona feela karolo e itseng ea bona. Ba bitsetse bomalimabe bakeng sa ka u le moo.”+ 14  Kahoo, a mo isa tšimong ea Zofime, ka holim’a Pisga+ ’me a haha lialetare tse supileng le ho nyehela poho le ramo aletareng ka ’ngoe.+ 15  Kahoo, Balame a re ho Balake: “Ema mona pel’a nyehelo ea hao ea secheso ebe ’na ke ea mane ke e’o bua le Molimo.” 16  Jehova a kopana le Balame ’me a mo laela hore na a re’ng,+ a re: “Khutlela ho Balake ’me u bue mantsoe ana.” 17  Kahoo, a tla ho Balake ’me a bona hore o ne a eme pel’a nyehelo ea hae ea secheso ’me likhosana tsa Moabe li ne li e-na le eena. Balake a re: “Jehova o itse’ng?” 18  Eaba o bua maele ana a reng:+ “Ema Balake ’me u mamele. ’Mamele, uena mora oa Zipore. 19  Molimo ha se motho hore a bue leshano+Ebile ha se mora oa motho hore a fetole monahano oa hae.*+ Ha a buile ntho, na a ke ke a e etsa? Ha a buile, na a ke ke a phetha?+ 20  Ke tlile mona ho tla hlohonolofatsa,Joale Molimo o ba hlohonolofalitse+ ’me nke ke ka khona ho fetola seo.+ 21  Ha a lumelle hore Jakobo a louoeEbile ha a lumelle hore Iseraele e hlaheloe ke khathatso. Jehova Molimo oa hae o na le bona+’Me ba mo rorisa ka mantsoe a phahameng ba phatlalatsa hore ke morena oa bona. 22  Molimo o ba ntša Egepeta.+O joaloka manaka a poho e hlaha bakeng sa bona.+ 23  Ha ho mantsoe a boloi a bakelang Jakobo bomalimabe+Kapa bonohe leha e le bofe khahlanong le Iseraele.+ Nakong ena ho ka thoe ka Jakobo le Iseraele: ‘Bonang seo Molimo a se entseng.’ 24  Sena ke sechaba se tla phahama joaloka tau’Me joaloka tau, se tla iphahamisa.+ Se ke ke sa robala se e-s’o je phofuLe ho noa mali a liphofu tse bolailoeng.” 25  Eaba Balake o re ho Balame: “Haeba u sa ba bitsetse bomalimabe, joale le teng u se ke oa ba hlohonolofatsa.” 26  Balame a araba Balake a re: “Na ha kea ka ka re ho uena, ‘Ke tla etsa sohle seo Jehova a tla se bua’?”+ 27  Balake a re ho Balame: “Ke kopa u tle ke u ise sebakeng se seng hape. Mohlomong Molimo oa ’nete o tla bona ho nepahetse hore u ba bitsetse bomalimabe bakeng sa ka u le moo.”+ 28  Eaba Balake o isa Balame ka holim’a Peore, e shebaneng le Jeshimone.*+ 29  Balame a re ho Balake: “Nkahele lialetare tse supileng mona ’me u ntokisetse lipoho tse supileng le liramo tse supileng.”+ 30  Kahoo, Balake a etsa feela joalokaha Balame a boletse ’me a nyehela poho le ramo aletareng ka ’ngoe.

Linaletsana

Kapa: “hore a ikoahlaee.”
Kapa mohlomong: “lehoatata; lefeella.”