Numere 35:1-34

  • Metse ea Balevi (1-8)

  • Metse ea setšabelo (9-34)

35  Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe lehoatateng la Moabe, pel’a Jordane+ haufi le Jeriko a re:  “Bolella Baiseraele hore lefeng leo ba tla le fuoa, ba fe Balevi metse eo ba ka lulang ho eona+ ’me ba fe Balevi makhulo a pota-potileng metse eo.+  Ba lule metseng eo ’me makhulo e tla ba a mehlape ea bona, a thepa ea bona le a liphoofolo tsohle tsa bona.  Makhulo a metse ao le tla a fa Balevi e tla ba limithara tse 445* ho tloha lerakong ho pota-pota motse oohle.  Le lekanye limithara tse 890* ka ntle ho motse lehlakoreng le ka bochabela, tse 890 ka lehlakoreng le ka boroa, tse 890 ka lehlakoreng le ka bophirimela le tse 890 ka lehlakoreng le ka leboea, motse o le bohareng. Ana e tla ba makhulo a metse ea bona.  Metse eo le tla e fa Balevi e tla ba metse e tšeletseng ea setšabelo,+ eo le tla fana ka eona hore ’molai a balehele teng+ hammoho le metse e meng e 42.  Metse eohle eo le tla e fa Balevi e be metse e 48 hammoho le makhulo a eona.+  Metse eo le tla ba fa eona e be e tsoang lefeng la Baiseraele.+ Lelokong le nang le batho ba bangata le nke metse e mengata ’me ho leloko le nang le batho ba seng bakae le nke e seng mekae.+ Leloko ka leng le fe Balevi e meng ea metse ea lona ho ea ka hore na leloko leo le fumane lefa le lekae.”  Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe a re: 10  “Bua le Baiseraele ’me u re ho bona, ‘Tšelelang ka nģ’ane ho Jordane le ee naheng ea Kanana.+ 11  Le ikhethele metse e le loketseng eo e tla ba metse ea lona ea setšabelo, moo ’molai ea bolaeang motho e se ka morero a tla balehela teng.+ 12  Metse ena e tla ba setšabelo bakeng sa lona ha le baleha motho ea amanang le motho ea bolailoeng*+ e le hore ’molai a se ke a shoa ho fihlela nyeoe ea hae e hlahlojoa ka pel’a phutheho.+ 13  Metse e tšeletseng ea setšabelo eo le tla fana ka eona e tla sebelisetsoa morero ona. 14  Le fane ka metse e meraro ka lehlakoreng lena la Jordane+ le metse e meraro naheng ea Kanana+ hore e be metse ea setšabelo. 15  Metse ena e tšeletseng e tla ba setšabelo bakeng sa Baiseraele, bakeng sa molichaba+ le bakeng sa moahi ea sa tsoa fihla har’a bona hore mang kapa mang ea bolaeang motho e se ka morero a balehele teng.+ 16  Empa haeba a mo otlile ka ntho e entsoeng ka tšepe ’me a shoa, ke ’molai. ’Molai o lokela ho bolaoa.+ 17  Haeba a mo otlile ka lejoe le neng le ka mo bolaea ’me a shoa, ke ’molai. ’Molai o lokela ho bolaoa. 18  Haeba a mo otlile ka ntho e entsoeng ka lepolanka e neng e ka mo bolaea ’me a shoa, ke ’molai. ’Molai o lokela ho bolaoa. 19  Motho ea amanang le motho ea bolailoeng ke eena ea tla bolaea ’molai. Ha a kopana le eena, o tla mo bolaea. 20  Haeba a shoele hobane a mo sutumelitse ka lebaka la lehloeo kapa a mo betsitse ka ntho e itseng ka morero oa ho mo lematsa*+ 21  kapa ka lebaka la lehloeo a mo otlile ka letsoho ’me a shoa, ea mo otlileng o tla bolaoa. Ke ’molai. Motho ea amanang le motho ea bolailoeng o tla bolaea ’molai ha a kopana le eena. 22  Empa haeba a mo sutumelitse e se ka boomo ebile e se hobane a mo hloile kapa a mo betsitse ka ntho leha e le efe e se ka morero oa ho mo lematsa*+ 23  kapa haeba a sa mo bona ’me a entse hore lejoe le mo oele holimo empa e ne e se sera sa hae kapa a ne a sa batle ho mo ntša kotsi ’me motho eo a shoa, 24  phutheho e ahlole pakeng tsa hae le motho ea amanang le motho ea bolailoeng, ho ea ka likahlolo tsena.+ 25  Joale phutheho e pholose ’molai letsohong la motho ea amanang le motho ea bolailoeng ’me e mo khutlisetse motseng oa hae oa setšabelo oo a neng a balehetse ho oona ’me a lule ho oona ho fihlela moprista ea phahameng ea tlotsitsoeng ka oli e halalelang a shoa.+ 26  Empa haeba ’molai a tlola moeli oa motse oa habo oa setšabelo oo a balehetseng ho oona 27  ’me motho ea amanang le motho ea bolailoeng a mo fumana ka ntle ho moeli oa motse oa habo oa setšabelo ’me a bolaea ’molai, ha a na molato oa mali. 28  ’Molai a lule motseng oa habo oa setšabelo ho fihlela moprista ea phahameng a shoa. Empa ka mor’a lefu la moprista ea phahameng, ’molai a ka khutlela naheng ea hae.+ 29  Lintho tsena e tla ba litaelo tsa kahlolo bakeng sa lona melokong eohle ea lona libakeng tsohle tsa lona tsa bolulo. 30  Haeba motho a bolaea e mong ’me ho e-na le bopaki* bo fanoeng ke lipaki+ ba hore o mo bolaile, motho eo a bolaoe hobane ke ’molai.+ Empa ha ho na motho ea tla bolaoa ka lebaka la bopaki ba paki e le ’ngoe feela. 31  Le se ke la amohela chelete ea ho lopolla bophelo ba ’molai ea tšoanelang ho shoa hobane o lokela ho bolaoa.+ 32  Le se ke la amohela chelete ea topollo ho ea balehetseng motseng oa habo oa setšabelo ’me la mo lumella hore a qale hape ho lula naheng ea hae pele moprista ea phahameng a shoa. 33  Le se ke la silafatsa naha eo le lulang ho eona hobane mali a silafatsa naha.+ Ho ke ke ha e-ba le tšoarelo ea libe bakeng sa mali a tšollotsoeng holim’a naha, ntle le ka mali a ea a tšollotseng.+ 34  Le se ke la silafatsa naha eo le lulang ho eona, eo ke lulang ho eona hobane ’na, Jehova, ke lula har’a sechaba sa Iseraele.’”+

Linaletsana

Ka Seheberu: “litsoe tse 1 000.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “litsoe tse 2 000.”
Kapa: “mopheteletsi oa mali.”
Ka Seheberu: “e itseng ha a ntse a mo laletse.”
Ka Seheberu: “a ne a sa mo lalla.”
Ka Seheberu: “molomo.”