Numere 14:1-45

  • Batho ba batla ho khutlela Egepeta (1-10)

    • Joshua le Kalebe ba fana ka tlaleho e nepahetseng (6-9)

  • Jehova o halefile; Moshe o buella sechaba (11-19)

  • Kahlolo: Lilemo tse 40 lefeelleng (20-38)

  • Baamaleke ba hlola Baiseraele (39-45)

14  Sechaba sohle sa hoeletsa ’me sa lla bosiu boo bohle.+  Baiseraele bohle ba qala ho korotlela Moshe le Arone+ ’me sechaba sohle sa bua le bona sa re: “Hoja ra shoella naheng ea Egepeta kapa ra shoella lefeelleng lena.  Ke hobane’ng ha Jehova a re tlisa naheng ee hore re tl’o bolaoa ka sabole?+ Basali ba rona le bana ba rona ba tla hapuoa.+ Na ha ho molemo hore re khutlele Egepeta?”+  Ba ne ba bile ba buisana ba re: “A re khetheng moeta-pele ’me re khutleleng Egepeta.”+  Moshe le Arone ba khumama ’me ba inama ka pel’a sechaba sohle se bokaneng sa Baiseraele.  Joshua+ mora oa Nune le Kalebe+ mora oa Jefune ba neng ba le har’a ba ileng ba hloela* naha, ba tabola liaparo tsa bona  eaba ba re ho sechaba sohle sa Baiseraele: “Naha eo re tsoang ho e hloela* ke naha e ntle haholo.+  Haeba re khahlisa Jehova, o tla re kenya naheng ena ’me a re fe eona, naha e phallang lebese le mahe a linotši.+  Empa le se ke la fetohela Jehova ’me le se ke la tšaba batho ba naha eo+ hobane re tla ba hlola habonolo.* Ha ba sa na letho le ba sirelelitseng ’me Jehova o na le rona.+ Le se ke la ba tšaba.” 10  Leha ho le joalo, sechaba sohle sa re se tla ba tlepetsa ka majoe.+ Empa khanya ea Jehova ea hlaha tenteng ea pokano ho sechaba sohle sa Iseraele.+ 11  Eaba Jehova o re ho Moshe: “Sechaba see se tla ntlhompholla ho fihlela neng+ ’me se tla hana ho lumela ho ’na ho fihlela neng, ho sa tsotellehe lipontšo tsohle tseo ke li entseng har’a sona?+ 12  E-re ke se otle ka lefu la seoa ebe kea se leleka, ke u etse hore u be sechaba se seholo le se matla ho se feta.”+ 13  Empa Moshe a re ho Jehova: “Joale Baegepeta bao u ntšitseng sechaba sena har’a bona ka matla a hao, ba tla utloa+ 14  ’me ba tla bolella baahi ba naha ena. Le bona ba utloile hore uena Jehova, u har’a sechaba sena+ ’me u itlhahisitse ho sona ka ho hlaka.*+ Ke uena Jehova ’me leru la hao le eme holim’a sona ’me u tsamaea ka pel’a sona ka leru* motšehare le ka mollo* bosiu.+ 15  Haeba u ka bolaea sechaba sena kaofela ka nako e le ’ngoe,* lichaba tse utloileng ka botumo ba hao li tla re: 16  ‘Jehova o ne a sa khone ho kenya sechaba sena naheng eo a ileng a ikana hore o tla se fa eona. Kahoo, o se bolaetse lefeelleng.’+ 17  Joale ka kopo Jehova, matla a hao a ke a be maholo joalokaha u tšepisitse ha u ne u re: 18  ‘Jehova, ea liehang ho halefa le ea nang le lerato,*+ ea tšoarelang phoso le tlolo empa ho hang a sa tlohele ea molato hore a se ke a fuoa kotlo, ea tlisang kotlo bakeng sa phoso ea bo-ntate ho bara, ho moloko oa boraro le ho moloko oa bone.’+ 19  Ka kopo, tšoarela phoso ea sechaba sena ka lebaka la lerato* la hao le leholo feela joalokaha u tšoaretse sechaba sena ho tloha Egepeta ho fihlela hona joale.”+ 20  Eaba Jehova o re: “Kea ba tšoarela joalokaha u kopile.+ 21  Empa ka lehlakoreng le leng, kea ikana* hore lefatše lohle le tla tlala khanya ea Jehova.+ 22  Leha ho le joalo, ha ho na motho le ea mong ea boneng khanya ea ka le lipontšo tsa ka+ tseo ke li entseng Egepeta le lefeelleng ’me leha ho le joalo a ’na a nteka+ ka makhetlo ana a leshome ’me a sa ka a mamela lentsoe la ka+ 23  ea tla bona naha eo ke hlapanyelitseng baholo-holo ba bona hore ke tla ba fa eona. Ha ho le ea mong ea ntlhomphollang ea tla e bona.+ 24  Empa kaha mohlanka oa ka Kalebe+ o ne a fapane le ba bang ’me o ile a ’na a ntatela ka pelo eohle, ke tla mo tlisa naheng eo a ileng a ea ho eona ’me bana ba hae ba tla e rua.+ 25  Kaha Baamaleke le Bakanana+ ba lutse khohlong,* le lokela ho khutla hosane ’me le ee lefeelleng ka tsela ea Leoatle le Lefubelu.”+ 26  Eaba Jehova o re ho Moshe le Arone: 27  “Sechaba see se sa lokang se tla ’ne se nkorotlele ho fihlela neng?+ Ke utloile lintho tseo Baiseraele ba nkorotlelang ka tsona.+ 28  E-re ho bona, ‘Jehova o re: “Ke hlapanya ka ’na* hore ke tla le etsa ka tsela eo ke le utloileng le bua ka eona.+ 29  Le tla shoella* lefeelleng lena,+ kaofela ha lona, bohle ba ileng ba nkorotlela ho tloha ka ba lilemo li 20 ho ea holimo ba ileng ba ngolisoa.+ 30  Ha ho le ea mong oa lona ea tla kena naheng eo ke hlapantseng* hore le tla lula ho eona+ haese Kalebe mora oa Jefune le Joshua mora oa Nune.+ 31  Bana ba lona bao le itseng ba tla hapuoa,+ ke tla ba tlisa naheng ena ’me ba tla tseba naha eo le e lahlileng.+ 32  Empa lona le tla shoella lefeelleng lena. 33  Joale bara ba lona e tla ba balisa lefeelleng ka lilemo tse 40+ ’me ba tla lokela ho arabella liketso tsa lona tsa ho se tšepahale* ho fihlela setopo sa e mong le e mong oa lona se rapalla lefeelleng.+ 34  Ho ea ka palo ea matsatsi ao le ileng la hloela* naha ka ’ona, matsatsi a 40,+ letsatsi bakeng sa selemo, letsatsi bakeng sa selemo, le tla arabella liphoso tsa lona ka lilemo tse 40.+ Le tla utloa litla-morao tsa ho ba khahlanong le ’na.* 35  ’Na Jehova, ke buile. Ke tla etsa tjena ho sechaba sena sohle se sa lokang, se bokaneng khahlanong le ’na: Se tla fella lefeelleng lena ’me se tla shoella mona.+ 36  Banna bao Moshe a ba rometseng ho hloela* naha le ba entseng hore sechaba sohle se mo korotlele ha ba ne ba tlisa tlaleho e mpe ka naha eo,+ 37  banna bana ba ileng ba tlisa tlaleho e mpe ka naha eo, ba tla fuoa kotlo ’me ba shoe ka pel’a Jehova.+ 38  Empa Joshua mora oa Nune le Kalebe mora oa Jefune, ba neng ba le har’a ba tsoang ho hloela* naha, ba tla lula ba phela.”’”+ 39  Ha Moshe a bolella Baiseraele bohle mantsoe ana, ba utloa bohloko haholo. 40  Ho feta moo, ba tsoha hoseng haholo ’me ba leka ho nyolohela ka holim’a thaba ba re: “Ke rona bana ’me re se re itokiselitse ho nyolohela sebakeng seo Jehova a buileng ka sona hobane re entse sebe.”+ 41  Empa Moshe a re: “Ke hobane’ng ha le tlola taelo ea Jehova? Ntho eo le batlang ho e etsa e ke ke ea atleha. 42  Le se ke la nyoloha hobane Jehova ha a eo har’a lona ’me lira tsa lona li tla le hlola.+ 43  Baamaleke le Bakanana ba teng ho kopana le lona+ ’me le tla bolaoa ka sabole. Kaha le khaolitse ho latela Jehova, Jehova le eena a ke ke a ba le lona.”+ 44  Leha ho le joalo, ba ile ba e-ba manganga ’me ba nyolohela ka holim’a thaba+ empa areka ea selekane sa Jehova ha ea ka ea tloha har’a liahelo le Moshe ha aa ka a tloha.+ 45  Joale Baamaleke le Bakanana ba neng ba lula thabeng ba theoha ’me ba ba hlasela, ba ba hasanya ho ea fihla Horma.+

Linaletsana

Kapa: “hlahloba.”
Kapa: “hlahloba.”
Ka Seheberu: “hobane ke bohobe ho rona.”
Ka Seheberu: “lifahleho li talimane.”
Ka Seheberu ke leru le kang pilara.
Ka Seheberu ke mollo o kang pilara.
Ka Seheberu: “joaloka motho a le mong.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ka ’na ea phelang.”
Kapa: “phuleng.”
Ka Seheberu: “ka ’na ea phelang.”
Ka Seheberu: “Litopo tsa lona li tla oa.”
Ka Seheberu: “phahamisitseng letsoho la ka.”
Ka Seheberu: “tsa botekatse.”
Kapa: “hlahloba.”
Ka Seheberu: “ho nketsa sera sa lona.”
Kapa: “hlahloba.”
Kapa: “hlahloba.”