Numere 12:1-16

  • Miriame le Arone ba bua Moshe hampe (1-3)

    • Moshe o ne a le bonolo haholo ho feta batho bohle (3)

  • Jehova o buella Moshe (4-8)

  • Miriame o otloa ka lepera (9-16)

12  Miriame le Arone ba qala ho bua Moshe hampe ka lebaka la mosali oa Mokushe eo Moshe a ileng a mo nyala.+  Ba ne ba re: “Na Jehova o bua a sebelisa Moshe feela? Na ha a bue a sebelisa le rona?”+ Jehova o ne a mametse.+  Monna enoa Moshe, o ne a le bonolo haholo ho feta batho bohle*+ ba teng lefatšeng.  Kapele Jehova a re ho Moshe le Arone le Miriame: “Tsamaeang, ka boraro ba lona, le ee tenteng ea pokano.” Kahoo, ba tsamaea hammoho ba le bararo.  Jehova a theoha a le lerung*+ eaba o ema monyako oa tente ’me o bitsa Arone le Miriame. Eaba ba tla ba le babeli.  Joale Molimo a re: “Ke kopa le ’mamele. Haeba ho ne ho e-na le moprofeta oa Jehova har’a lona, ke ne ke tla itsebahatsa ho eena ponong+ ’me ke ne ke tla bua le eena torong.+  Empa ha ho joalo ka mohlanka oa ka Moshe. Sechaba sohle* sa ka se hlokomeloa ke eena.*+  Ke bua le eena joalokaha motho a bua le motho e mong,*+ ka tsela e hlakileng, eseng ka lilotho ’me o bona ponahalo ea Jehova. Joale ke hobane’ng ha le sa ka la tšaba ho bua mohlanka oa ka Moshe hampe?”  Kahoo, Jehova a ba halefela haholo ’me a tloha pel’a bona. 10  Ha leru le tloha holim’a tente, Miriame o ne a otliloe ka lepera, a le mosoeu joaloka lehloa.+ Arone a sheba Miriame ’me a bona hore o ne a otliloe ka lepera.+ 11  Kapele-pele Arone a re ho Moshe: “Kea u kopa, moren’a ka! Ke kopa u se ke oa re tlohela hore re fuoe kotlo ka lebaka la sebe sena. Ntho eo re e entseng ke booatla. 12  Ke kopa u se ke oa mo tlohela hore a lule a tšoana le ngoana ea hlahileng a shoele, eo karolo e ’ngoe ea nama ea hae e senyehileng.” 13  Moshe a hoeletsa ho Jehova a re: “Ka kopo Molimo, mo folise. Kea u kopa hle!”+ 14  Jehova a re ho Moshe: “Haeba ntate oa hae a ne a ka mo tšoela ka mathe sefahlehong, na o ne a ke ke a tlotloloha ka matsatsi a supileng? Joale a ke a behelloe ka ntle ho liahelo ka matsatsi a supileng+ ’me ka mor’a moo a ka khutlisetsoa liahelong.” 15  Kahoo, Miriame a behelloa ka ntle ho liahelo ka matsatsi a supileng+ ’me sechaba ha sea ka sa tsamaea ho fihlela Miriame a khutliselitsoe liahelong. 16  Ka mor’a moo, sechaba sa tloha Hazerothe+ ’me sa hloma litente lefeelleng la Parane.+

Linaletsana

Kapa: “o ne a ikokobelitse ho feta motho leha e le ofe.”
Ka Seheberu ke leru le kang pilara.
Ka Seheberu: “Ntlo eohle.”
Ka Seheberu: “Ntlong eohle ea ka, oa tšepahala.”
Ka Seheberu: “molomo le molomo.”