Joshua 14:1-15

  • Naha e ka bophirimela ho Jordane ea aroloa (1-5)

  • Kalebe o fuoa Hebrone e le lefa (6-15)

14  Sena ke seo Baiseraele ba ileng ba se nka e le lefa naheng ea Kanana, eo moprista Eleazare le Joshua mora oa Nune le lihlooho tsa matlo a bo-ntate ba maloko a Baiseraele ba ileng ba ba fa eona e le lefa.+  Lefa la bona le ile la ajoa ka lotho+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse a sebelisa Moshe bakeng sa maloko a robong le halofo.+  Moshe o ne a file maloko a mang a mabeli le halofo lefa la bona ka lehlakoreng le leng* la Jordane+ ’me ha aa ka a fa Balevi lefa.+  Litloholo tsa Josefa e ne e le maloko a mabeli,+ Manase le Efraime+ ’me ha baa ka ba fa Balevi karolo naheng, haese metse+ hore ba lule ho eona le makhulo a bona bakeng sa liphoofolo tsa bona le thepa ea bona.+  Kahoo, Baiseraele ba arola naha feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.  Joale banna ba Juda ba atamela Joshua Gilgale+ ’me Kalebe+ mora oa Jefune Mokenize a re ho eena: “U tseba hantle seo Jehova a se boleletseng+ Moshe mohlanka oa Molimo oa ’nete+ mabapi le ’na le uena Kadeshe-barnea.+  Ke ne ke le lilemo li 40 ha Moshe mohlanka oa Jehova a nthoma ho tsoa Kadeshe-barnea ho ea hloela* naha.+ Ha ke khutla ke ile ka mo bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e boneng.+  Le hoja bana beso ba ileng ba nyoloha le ’na ba ile ba nyahamisa* sechaba, ’na ke ile ka latela Jehova Molimo ka pelo eohle.*+  Moshe o ile a hlapanya letsatsing leo a re: ‘Naha eo leoto la hao le tsamaileng holim’a eona e tla ba lefa le tla lula le le teng bakeng sa hao le bara ba hao hobane u latetse Jehova Molimo oa ka ka pelo eohle.’+ 10  Jehova o phethile tšepiso ea hae+ ka ho mpoloka ke phela+ ka lilemo tsena tse 45, ho tloha ha Jehova a etsa tšepiso ena ho Moshe ha Baiseraele ba ntse ba tsamaea lefeelleng.+ Le kajeno ke ntse ke le teng ’me ke lilemo li 85. 11  Kajeno ke matla joaloka letsatsing leo Moshe a ileng a nthoma ka lona. Ke ntse ke e-na le matla joaloka mehleng eo, matla a ho loana le a ho etsa lintho tse ling. 12  Kahoo, mphe sebaka sena se lithaba seo Jehova a ileng a ntšepisa sona letsatsing leo. Le hoja u ile oa utloa letsatsing leo hore ho ne ho e-na le Baanake+ moo le metse e meholo e sirelelitsoeng ka marako,+ ka sebele* Jehova o tla ba le ’na+ ’me ke tla ba leleka feela joalokaha Jehova a tšepisitse.”+ 13  Kahoo, Joshua a mo hlohonolofatsa ’me a fa Kalebe mora oa Jefune sebaka sa Hebrone e le lefa.+ 14  Ke ka lebaka leo Hebrone e leng lefa la Kalebe mora oa Jefune Mokenize ho fihlela letsatsing lena hobane o ile a latela Jehova Molimo oa Iseraele ka pelo eohle.+ 15  Lebitso la Hebrone pele ho moo e ne e le Kiriathe-arba+ (Arba e ne e le monna ea tsebahalang har’a Baanake). Eaba lintoa lia fela naheng eo.+

Linaletsana

E leng ka lehlakoreng le ka bochabela.
Kapa: “hlahloba.”
Ka Seheberu: “ba entse hore lipelo tsa sechaba li nyahame.”
Ka Seheberu: “ka ho feletseng.”
Kapa: “ke tšepa hore.”