Joshua 10:1-43

  • Baiseraele ba sireletsa Bagibeone (1-7)

  • Jehova o loanela Baiseraele (8-15)

    • Sefako se otla lira tse balehang (11)

    • Letsatsi lea ema (12-14)

  • Marena a mahlano a hlaselang aa bolaoa (16-28)

  • Metse e ka boroa ea hapuoa (29-43)

10  Hang ha Morena Adoni-zedeke oa Jerusalema a utloa hore Joshua o hapile Ai le hore o e felisitse, o entse Ai le morena oa eona+ seo a ileng a se etsa Jeriko le morena oa eona+ le hore baahi ba Gibeone ba entse khotso le Baiseraele+ ’me ba lula le bona,  a tšoha haholo+ hobane Gibeone e ne e le motse o moholo, e tšoana le o mong oa metse ea borena. E ne e le kholo ho feta Ai+ ’me banna bohle ba eona ba ne ba le matla.  Kahoo, Adoni-zedeke morena oa Jerusalema a romela molaetsa ona ho Hohame morena oa Hebrone,+ ho Pirame morena oa Jarmuthe, ho Jafia morena oa Lakishe le ho Debire morena oa Eglone+ a re:  “Nthuseng re hlasele Gibeone hobane e entse khotso le Joshua le Baiseraele.”+  Eaba marena a mahlano a Baamore+ e leng morena oa Jerusalema, morena oa Hebrone, morena oa Jarmuthe, morena oa Lakishe le morena oa Eglone, a kopana hammoho le masole a ’ona ’me a ea Gibeone ho ea e loantša.  Banna ba Gibeone ba romela molaetsa ho Joshua liahelong Gilgale+ ba re: “U se ke oa lahla* makhoba a hao.+ Tloo kapele! Re pholose ’me u re thuse! Marena ’ohle a Baamore a tsoang lithabeng a re futuhetse.”  Kahoo, Joshua a nyoloha a tsoa Gilgale a e-na le masole ’ohle le banna bohle ba matla.+  Jehova a re ho Joshua: “U se ke oa ba tšaba+ hobane ke nehelane ka bona ho uena.+ Ha ho le ea mong oa bona ea tla u hlola.”+  Joshua le masole a hae ba tsamaea bosiu kaofela ho tloha Gilgale ’me ba hlasela lira tsa bona li sa lebella. 10  Jehova a li ferekanya ka pel’a Baiseraele+ ’me ba li bolaea ka bongata Gibeone, ba li lelekisa tseleng e moepa ea Bethe-horone ’me ba li bolaea ho ea fihla Azeka le Makeda. 11  Ha lira tsa Baiseraele li ntse li ba baleha ’me li le motheong oa Bethe-horone, Jehova a li nesetsa sefako se seholo ho ea fihla Azeka ’me tsa shoa. Ha e le hantle, ba bolailoeng ke sefako ba ne ba le bangata ho feta bao Baiseraele ba ba bolaileng ka sabole. 12  Joale, letsatsing leo ka lona Jehova a ileng a felisa Baamore ka pel’a Baiseraele, Joshua o ile a bua le Jehova ka pel’a Baiseraele a re: “Letsatsi, ema+ holim’a Gibeone,+Uena khoeli, u se ke oa sisinyeha holim’a Khohlo* ea Ajalone!” 13  Kahoo, letsatsi la ema tsi! le khoeli ea se ke ea sisinyeha ho fihlela sechaba se iphetelitse ho lira tsa sona. Na ha hoa ngoloa bukeng ea Jashare?+ Letsatsi la ema bohareng ba leholimo ’me la se ke la potlakela ho likela hoo e ka bang letsatsi lohle. 14  Ha ho e-s’o ka ho e-ba le letsatsi le tšoanang le leo, leo ka lona Jehova a ileng a mamela lentsoe la motho+ ebang ke pele ho lona kapa ka mor’a lona hobane Jehova o ne a loanela Baiseraele.+ 15  Ka mor’a moo, Joshua le masole ’ohle a Iseraele ba khutlela litenteng tsa bona tse Gilgale.+ 16  Ka nako eo, marena a mahlano a baleha ’me a ipata lehaheng Makeda.+ 17  Joshua a bolelloa molaetsa o reng: “Marena a mahlano a fumanoe a ipatile lehaheng Makeda.”+ 18  Joshua a re: “Thetelang majoe a maholo molomong oa lehaha ’me le behe banna hore ba a lebele. 19  Empa lona ba bang le se ke la ema. Lelekisang lira tsa lona ’me le li hlasele.+ Le se ke la li lumella ho kena metseng ea tsona hobane Jehova Molimo oa lona o nehelane ka tsona matsohong a lona.” 20  Ka mor’a hore Joshua le Baiseraele ba bolaee lira tsa bona tse ngata, hoo ba batlileng ba ba bolaea kaofela, ntle le ba ileng ba phonyoha ’me ba balehela metseng e sirelelitsoeng ka marako, 21  banna bohle ba khutlela ho Joshua liahelong tse Makeda ba bolokehile. Ka mor’a moo, ha ho na motho le ea mong ea ileng a bua* ntho leha e le efe ho tšosa Baiseraele. 22  Joale Joshua a re: “Bulang molomo oa lehaha ’me le ntše marena ao a mahlano ka lehaheng le a tlise ho ’na.” 23  Kahoo, ba ntša marena ana a mahlano ka lehaheng ’me ba a tlisa ho eena: morena oa Jerusalema, morena oa Hebrone, morena oa Jarmuthe, morena oa Lakishe le morena oa Eglone.+ 24  Ha ba se ba tlisitse marena ana ho Joshua, a bitsa banna bohle ba Iseraele ’me a re ho balaoli ba masole a neng a tsamaile le eena: “Tloong le hate marena ana melaleng.”* Kahoo, ba atamela ’me ba a hata melaleng.+ 25  Eaba Joshua o re ho bona: “Le se ke la tšoha kapa la thothomela.+ E-bang sebete ’me le be matla hobane sena ke seo Jehova a tla se etsa ho lira tsohle tsa lona tseo le li loantšang.”+ 26  Joshua a bolaea marena ao, a a fanyeha lipalong* tse hlano eaba a lula a leketlile lipalong ho fihlela mantsiboea. 27  Ha letsatsi le likela Joshua a laela hore ba a theole lipalong+ ’me ba a lahlele ka lehaheng leo a neng a ipatile ho lona. Joale ba beha majoe a maholo molomong oa lehaha ’me a ntse a le teng ho fihlela letsatsing lena. 28  Joshua a hapa Makeda+ letsatsing leo ’me a e loantša ka sabole. A bolaea morena oa eona le batho bohle ba lulang ho eona. Ha hoa ka ha e-ba le motho ea phonyohang.+ A bolaea morena oa Makeda+ feela joalokaha a ile a bolaea morena oa Jeriko. 29  Joshua le masole ’ohle a Iseraele ba tloha Makeda ba ea Libna ’me ba loantša Libna.+ 30  Le eona Jehova o ile a nehelana ka eona le morena oa eona+ matsohong a Baiseraele eaba ba e hlasela ka sabole hammoho le motho e mong le e mong ea lulang moo. Ha hoa ka ha e-ba le motho ea phonyohang ho eona. Kahoo, ba bolaea morena oa eona feela joalokaha ba ile ba bolaea morena oa Jeriko.+ 31  Ka mor’a moo, Joshua le masole ’ohle a Iseraele ba tloha Libna ba ea Lakishe+ ’me ba hloma litente tsa bona moo eaba baa e loantša. 32  Jehova a nehelana ka Lakishe matsohong a Baiseraele ’me ba e hapa letsatsing la bobeli. Ba hlasela eona le motho e mong le e mong ea lulang moo ka sabole+ feela joalokaha ba ne ba entse Libna. 33  Horame morena oa Gezere+ a nyoloha ho ea thusa Lakishe, empa Joshua a mo bolaea le masole a hae ho fihlela ho se na ea setseng. 34  Joshua le masole ’ohle a Iseraele ba tloha Lakishe ba ea Eglone+ ’me ba hloma litente tsa bona moo eaba baa e loantša. 35  Ba e hapa letsatsing leo ’me ba e hlasela ka sabole. Ba felisa motho e mong le e mong ea lulang moo letsatsing leo feela joalokaha ba ne ba entse Lakishe.+ 36  Joshua le masole ’ohle a Iseraele ba nyoloha ho tloha Eglone ho ea Hebrone+ ’me ba e loantša. 37  Ba e hapa ’me ba hlasela morena oa eona, metse ea eona le motho e mong le e mong ea lulang moo ka sabole. Ha hoa ka ha e-ba le motho ea phonyohang. A e felisa hammoho le batho bohle ba lulang ho eona feela joalokaha a ne a entse Eglone. 38  Qetellong Joshua le masole ’ohle a Iseraele ba khutlela Debire+ ’me ba e loantša. 39  A e hapa le morena oa eona le metse eohle ea eona ’me ba ba hlasela ka sabole, ba bolaea+ motho e mong le e mong ea lulang moo. Ha hoa ka ha e-ba le motho ea phonyohang.+ Ntho eo Joshua a ileng a e etsa Hebrone le Libna le morena oa eona, o ile a e etsa ho Debire le ho morena oa eona. 40  Joshua a hlola libaka tsohle tse lithabeng, Negebe, Shefela+ le libaka tse moepeng le marena ’ohle a tsona. Ha hoa ka ha e-ba le motho ea phonyohang. A felisa batho bohle+ feela joalokaha Jehova Molimo oa Iseraele a ne a laetse.+ 41  Joshua a ba hlola ho tloha Kadeshe-barnea+ ho ea Gaza+ le naheng eohle ea Goshene+ le ho ea fihla Gibeone.+ 42  Joshua a hlola marena ana ’ohle ’me a hapa naha ea ’ona kaofela ka nako e le ’ngoe hobane ke Jehova Molimo oa Iseraele ea neng a loanela Baiseraele.+ 43  Ka mor’a moo, Joshua le masole ’ohle a Iseraele ba khutlela litenteng tsa bona tse Gilgale.+

Linaletsana

Ka Seheberu: “lumella letsoho la hao hore le phomole bakeng sa.”
Kapa: “Phula.”
Ka Seheberu: “a leotsa leleme la hae.”
E leng ka sekotlong.
Kapa: “lifateng.”