Joshua 11:1-23

  • Metse e ka leboea ea hapuoa (1-15)

  • Kakaretso ea lintoa tseo Joshua a li hlotseng (16-23)

11  Hang ha Jabine morena oa Hazore a utloa litaba tsena, a romela molaetsa ho Jobabe morena oa Madone,+ ho morena oa Shimrone, ho morena oa Akshafe+  le ho marena a neng a le lithabeng tse ka leboea, a lithoteng* tse ka boroa ho Kinerethe, a Shefela le moepeng oa Dore+ ho ea ka bophirimela.  A o romela le ho Bakanana+ ba leng ka bochabela le ka bophirimela, Baamore,+ Bahethe, Bapereze, Bajebuse ba lithabeng le Baheve+ botlaseng ba Hermone+ naheng ea Mizpa.  Marena ao ’ohle a tloha le masole ’ohle a ’ona, a le mangata joaloka lehlabathe le lebopong la leoatle hammoho le lipere tse ngata haholo le likariki tsa ntoa.  Marena ana ’ohle a lumellana hore a kopane eaba aa tla ’me a hloma litente metsing a Merome ho loantša Baiseraele.  Jehova a re ho Joshua: “U se ke oa ba tšaba+ hobane hosane hoo e ka bang ka nako ena, ke tla nehelana ka bona kaofela ho Baiseraele hore ba ba bolaee. U khaole lipere tsa bona mesifa+ ’me u chese likariki tsa bona mollong.”  Joshua hammoho le masole ’ohle ba ba hlasela ba sa lebella metsing a Merome.  Jehova a nehelana ka bona matsohong a Baiseraele+ ’me ba ba hlola le ho ba lelekisa ho ea fihla Sidone e Kholo+ le Misrefothe-maime+ le Khohlo ea Mizpe ho ea ka bochabela ’me ba ba bolaea ho fihlela ba shoele kaofela.+  Ka mor’a moo, Joshua a etsa seo Jehova a neng a itse a se etse ho bona. A khaola mesifa ea lipere tsa bona ’me a chesa likariki tsa bona tsa ntoa mollong.+ 10  Ho feta moo, Joshua a khutla ’me a hapa Hazore eaba o bolaea morena oa eona ka sabole+ hobane pele ho moo Hazore e ne e le hlooho ea mebuso ena eohle. 11  Ba bolaea batho bohle ba lulang moo ka sabole, ba ba felisa.+ Ba ile ba ba bolaea kaofela.+ Eaba ba chesa Hazore ka mollo. 12  Joshua a hapa metse eohle ea marena ana ’me a hlola marena ’ohle a eona ka sabole.+ A a felisa+ feela joalokaha Moshe mohlanka oa Jehova a ne a laetse. 13  Leha ho le joalo, Baiseraele ha baa ka ba chesa metse leha e le efe e neng e le holim’a maralla a manyenyane. Ke Hazore feela eo Joshua a ileng a e chesa. 14  Baiseraele ba ile ba inkela thepa eohle ea metse ena le liphoofolo tsa eona.+ Empa ba ile ba bolaea batho bohle ka sabole ho fihlela ba ba felisitse kaofela.+ Ha ho na motho eo ba ileng ba mo siea a phela.+ 15  Feela joalokaha Jehova a ne a laetse mohlanka oa hae Moshe eaba Moshe le eena o laela Joshua,+ Joshua a etsa joalo. O ile a etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a neng a e laetse Moshe.+ 16  Joshua a hapa naha ena eohle, sebaka se lithaba, Negebe eohle,+ naha eohle ea Goshene, Shefela,+ Araba+ le sebaka se lithaba sa Iseraele le Shefela ea eona.* 17  A hapa marena ’ohle a eona ho tloha Thabeng ea Halake, e nyolohelang Seire le ho ea fihla Baale-gade+ Khohlong ea Lebanone botlaseng ba Thaba ea Hermone.+ A a hlola le ho a bolaea. 18  Joshua a loana le marena ana ’ohle ka nako e telele. 19  Ha ho na motse o ileng oa etsa khotso le Baiseraele ntle le Baheve ba lulang Gibeone.+ Ba ile ba hlola metse e meng eohle ka ho e loantša.+ 20  Jehova ke eena ea ileng a etsa hore ba be manganga+ ’me ba loantše Baiseraele e le hore a ba felise ’me a se ke a ba hauhela.+ Ba ne ba lokela ho felisoa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.+ 21  Ka nako eo, Joshua a felisa Baanake+ sebakeng se lithaba ho tloha Hebrone, Debire, Anabe, lithabeng tsohle tsa Juda le lithabeng tsohle tsa Iseraele. Joshua a ba felisa hammoho le metse ea bona.+ 22  Ha ho na Baanake ba ileng ba sala naheng ea Baiseraele. Ba ile ba sala+ Gaza,+ Gathe+ le Ashdode+ feela. 23  Kahoo, Joshua a hapa naha eohle feela joalokaha Jehova a ne a tšepisitse Moshe+ ’me Joshua a fana ka eona e le lefa ho Baiseraele ka likarolo tsa eona hore ba e aroleloe ho ea ka maloko a bona.+ Eaba lintoa lia fela naheng eo.+

Linaletsana

Kapa: “Araba.”
Kapa: “maralla a eona.”