Joshua 19:1-51
19 Lotho ea bobeli+ ea tsoa bakeng sa Simeone,+ bakeng sa leloko la Simeone ka malapa a lona. Lefa la lona le ne le le har’a lefa la Juda.+
2 Lefa la lona e ne e le Beersheba+ hammoho le Sheba, Molada,+
3 Hazare-shuale,+ Bala, Ezeme,+
4 Eltolade,+ Bethule, Horma,
5 Ziklage,+ Bethe-markabothe, Hazare-susa,
6 Bethe-lebaothe+ le Sharuhene e le metse e 13 le metsana ea eona.
7 Aine, Rimone, Ethere le Ashane+ e le metse e mene le metsana ea eona
8 le metsana eohle e neng e pota-potile metse ena ho ea fihla Baalathe-beere, eo hape e bitsoang Rama e ka boroa. Lena e ne e le lefa la leloko la Simeone ho ea ka malapa a lona.
9 Lefa la litloholo tsa Simeone le ne le tsoa karolong ea naha e neng e fuoe Juda hobane karolo ea Juda e ne e le kholo haholo bakeng sa tsona. Kahoo, litloholo tsa Simeone tsa fumana sebaka har’a lefa la tsona.+
10 Ka mor’a moo, lotho ea boraro+ ea hlaha bakeng sa litloholo tsa Zabulone+ ho ea ka malapa a tsona ’me moeli oa lefa la tsona o ne o fihla Saride.
11 Moeli oa tsona o ne o nyolohela ka bophirimela ho ea Mareala ’me o fihla Dabeshethe o ea khohlong* e ka pel’a Jokneame.
12 O ne o tloha Saride ka bochabela, o ea moeling oa Kislothe-tabore ’me o fihla Dabrathe+ ebe o nyolohela Jafia.
13 Ho tloha moo o ne o fetela ka bochabela ho ea Gathe-hefere,+ o ea Ethe-kazine ’me o fetela Rimone ho ea fihla Nea.
14 Moeli o ne o e potoloha ka leboea ho ea Hanathone ’me o fella Khohlong ea Ifta-ele
15 le Katathe, Nahalale, Shimrone,+ Idala le Bethlehema+ e le metse e 12 le metsana ea eona.
16 Lena e ne e le lefa la litloholo tsa Zabulone ho ea ka malapa a tsona.+ Ena e ne e le metse le metsana ea eona.
17 Lotho ea bone+ ea tsoa bakeng sa Isakare,+ bakeng sa litloholo tsa Isakare ho ea ka malapa a tsona.
18 Moeli oa bona e ne e le Jezriele,+ Kesulothe, Shuneme,+
19 Hafaraime, Shione, Anaharathe,
20 Rabithe, Kishione, Ebeze,
21 Remethe, Ene-ganime,+ Ene-hada le Bethe-pazeze.
22 Moeli o ne o fihla Tabore+ le Shahazuma le Bethe-shemeshe ’me o ne o fella Jordane e le metse e 16 le metsana ea eona.
23 Lena e ne e le lefa la leloko la Isakare ho ea ka malapa a lona,+ metse le metsana ea eona.
24 Lotho ea bohlano+ ea tsoa bakeng sa leloko la Ashere+ ho ea ka malapa a lona.
25 Moeli oa lona e ne e le Helkathe,+ Hali, Betene, Akshafe,
26 Alameleke, Amade le Mishale. O ne o fihla ka bophirimela ho ea Karmele+ le ho ea Shihore-libnathe
27 ’me o ne o khutlela morao ka bochabela ho ea Bethe-dagone, o fihla Zabulone le Khohlong ea Ifta-ele ho ea ka leboea, o ea Bethe-emeke le Nejele hape o ne o fihla Kabule ka ho le letšehali
28 le ho ea Ebrone, Rehobe, Hamone le Kana ho ea fihla Sidone e Kholo.+
29 Moeli o ne o khutlela Rama ho ea fihla motseng oa Tyre+ o sirelelitsoeng ka marako. Ho tloha moo, o ne o khutlela Hosa ’me o fella leoatleng sebakeng sa Akzibe,
30 Uma, Afeke+ le Rehobe+ e le metse e 22 le metsana ea eona.
31 Lena e ne e le lefa la leloko la Ashere ho ea ka malapa a lona.+ Ena e ne e le metse le metsana ea eona.
32 Lotho ea botšelela+ ea tsoa bakeng sa litloholo tsa Nefthali ho ea ka malapa a tsona.
33 Moeli oa tsona o ne o tloha Helefe, ho tloha sefateng se seholo se Zananime,+ Adami-nekebe le Jabniele ho ea fihla Lakume ’me o fella Jordane.
34 Moeli o ne o khutlela morao ka bophirimela ho ea Aznothe-tabore, o tloha moo o ea Hukoke o bile o fihla Zabulone ka boroa, o ea Ashere ka bophirimela o leba Juda ’me o fihla Jordane ka bochabela.
35 Metse e sirelelitsoeng ka marako e ne e le Zidime, Zere, Hamathe,+ Rakathe, Kinerethe,
36 Adama, Rama, Hazore,+
37 Kedeshe,+ Edrei, Ene-hazore,
38 Yirone, Migdale-ele, Horeme, Bethe-anathe le Bethe-shemeshe+ e le metse e 19 le metsana ea eona.
39 Lena e ne e le lefa la leloko la Nefthali ho ea ka malapa a lona,+ metse le metsana ea eona.
40 Lotho ea bosupa+ ea tsoa bakeng sa leloko la Dane+ ho ea ka malapa a lona.
41 Moeli oa lefa la bona e ne e le Zora,+ Eshtaole, Ire-shemeshe,
42 Shalabine,+ Ajalone,+ Ithela,
43 Elone, Timna,+ Ekrone,+
44 Elteke, Gibethone,+ Baalathe,
45 Jehude, Bene-berake, Gathe-rimone,+
46 Me-jarkone le Rakone hammoho le moeli o shebaneng le Jopa.+
47 Empa sebaka sa Dane se ne se le senyenyane haholo bakeng sa leloko leo.+ Kahoo la nyoloha, la loantša Lesheme+ ’me la e hapa le ho e hlasela ka sabole. La e hapa ’me la lula ho eona eaba le fetola lebitso la Lesheme hore e be Dane, la e rehella ka lebitso la moholo-holo oa lona Dane.+
48 Lena e ne e le lefa la leloko la Dane ho ea ka malapa a lona. Ena e ne e le metse le metsana ea lona.
49 Kahoo, ba qeta ho arola naha ho ea ka libaka tsa eona hore e be lefa. Joale Baiseraele ba fa Joshua mora oa Nune lefa har’a bona.
50 Ka taelo ea Jehova, ba mo fa motse oo a ileng a o kopa e leng Timnathe-sera,+ sebakeng se lithaba sa Efraime ’me a haha motse le ho lula ho oona.
51 Ana ke mafa ao moprista Eleazare, Joshua mora oa Nune le lihlooho tsa malapa a bo-ntate ba maloko a Iseraele, ba ileng ba a aba+ ka lotho ba le Shilo+ ka pel’a Jehova monyako oa tente ea pokano.+ Ba qeta ho arola naha.

