Joshua 13:1-33

  • Naha e lokelang ho hapuoa (1-7)

  • Naha e ka bochabela ho Jordane ea aroloa (8-14)

  • Lefa la Rubene (15-23)

  • Lefa la Gade (24-28)

  • Lefa la Manase ka bochabela (29-32)

  • Jehova ke lefa la Balevi (33)

13  Joshua o ne a se a tsofetse ’me lilemo tsa hae li se li ile.+ Kahoo, Jehova a re ho eena: “U se u tsofetse le lilemo tsa hao li se li ile empa ho sa na le karolo e kholo ea naha e lokelang ho hapuoa.  Ena ke naha e ntseng e setse:+ Libaka tsohle tsa Bafilista le Bageshure bohle+  (ho tloha lekaleng la Nile* le ka bochabela ho* Egepeta ho fihlela ka leboea moeling oa Ekrone, e neng e nkoa e le sebaka sa Bakanana)+ ho kopanyelletsa le libaka tsa marena a mahlano a Bafilista+ e leng tsa Bagaza, Baashdode,+ Baashkelone,+ Bagathe+ le Baekrone+ le tsa Baavime+  ho ea ka boroa le naha eohle ea Bakanana le Meara ea Basidone+ ho ea fihla Afeke, ho fihlela moeling oa Baamore  le naha ea Bagebale+ le Lebanone eohle ka bochabela, ho tloha Baale-gade botlaseng ba Thaba ea Hermone ho ea Lebo-hamathe*+  baahi bohle ba sebaka se lithaba ho tloha Lebanone+ ho ea Misrefothe-maime+ le Basidone bohle.+ Ke tla ba leleka ka pel’a Baiseraele.+ Ntho feela eo u lokelang ho e etsa ke ho abela Baiseraele naha eo e le lefa feela joalokaha ke u laetse.+  Joale u arolele maloko a robong le halofo ea leloko la Manase naha ena e le lefa.”+  Barubene le Bagade hammoho le halofo e ’ngoe ea leloko la Manase, ba ile ba nka lefa la bona leo Moshe a ileng a ba fa lona ka lehlakoreng le ka bochabela la Jordane feela joalokaha Moshe mohlanka oa Jehova a ba file lona:+  Ho tloha Aroere+ e lebopong la Khohlo ea Arnone+ le motse o ka har’a khohlo le sebaka sohle se phahameng* sa Medeba ho ea fihla Dibone 10  le metse eohle ea Morena Sihone oa Baamore ea neng a busa Heshbone, ho fihlela moeling oa Baamone+ 11  le Gileade le naha ea Bageshure le Bamakathe+ le Thaba eohle ea Hermone le Bashane eohle+ ho ea fihla Salka,+ 12  sebaka sohle sa Bashane se busoang ke Oge ea neng a busa Ashtarothe le Edrei. (E ne e le oa ho qetela ho Barefaime.)+ Moshe o ile a hlola baahi ba libaka tsena ’me a ba leleka.+ 13  Empa Baiseraele ha baa ka ba leleka+ Bageshure le Bamakathe hobane Bageshure le Bamakathe ba ntse ba lula har’a Baiseraele ho fihlela letsatsing lena. 14  Ke leloko la Balevi feela leo a sa kang a le fa lefa.+ Linyehelo tse chesetsoang Jehova Molimo oa Iseraele ke lefa la bona+ feela joalokaha a ba tšepisitse.+ 15  Joale Moshe a fa leloko la Barubene lefa ho ea ka malapa a lona 16  ’me naha ea bona e ne e tloha Aroere, e lebopong la Khohlo ea Arnone le motse o ka har’a khohlo le sebaka sohle se phahameng* sa Medeba 17  le Heshbone le metseng eohle ea eona+ e sebakeng se phahameng, Dibone, Bamothe-baale, Bethe-baale-meone,+ 18  Jahaze,+ Kedemothe,+ Mefathe,+ 19  Kiriathaime, Sibma+ le Zerethe-shahare thabeng ea khohlo,* 20  Bethe-peore, moepeng oa Pisga,+ Bethe-jeshimothe,+ 21  metseng eohle e sebakeng se phahameng le sebakeng sohle se busoang ke Morena Sihone oa Baamore ea neng a busa Heshbone.+ Moshe o ile a mo hlola+ a ba a hlola le likhosana tsa Midiane e leng Evi, Rekeme, Zure, Hure le Reba+ ba neng ba busoa* ke Sihone ’me ba lula naheng eo. 22  Balame+ mora oa Beore, senohe,+ ke e mong oa batho bao Baiseraele ba ileng ba ba bolaea ka sabole. 23  Moeli oa Barubene e ne e le Jordane. Naha ena e ne e le lefa la Barubene ka malapa a bona hammoho le metse le metsana ea eona. 24  Ho feta moo, Moshe o ne a file leloko la Gade lefa ho ea ka malapa a lona. 25  Naha ea bona e ne e akarelletsa Jazere+ le metse eohle ea Gileade le halofo ea naha ea Baamone+ ho ea fihla Aroere e shebaneng le Raba+ 26  le ho tloha Heshbone+ ho ea Ramathe-mizpe le Betonime le ho tloha Mahanaime+ ho ea moeling oa Debire 27  le khohlong,* Bethe-harame, Bethe-nimra,+ Sukothe+ le Zafone e leng tse ling tsa libaka tse busoang ke Morena Sihone oa Heshbone,+ Jordane e le moeli ho tloha lebopong la Leoatle la Kinerethe*+ ka lehlakoreng le ka bochabela la Jordane. 28  Lena e ne e le lefa la Bagade ka malapa a bona hammoho le metse le metsana ea eona. 29  Ho ekelletsa moo, Moshe a fa halofo ea leloko la Manase lefa ho ea ka malapa a bona.+ 30  Naha ea bona e ne e tloha Mahanaime+ ’me e akarelletsa Bashane eohle, sebaka sohle se busoang ke Morena Oge oa Bashane le metse eohle ea litente ea Jaire+ e Bashane, metse e 60. 31  Halofo ea Gileade le Ashtarothe le Edrei,+ metse e busoang ke Oge e Bashane, ea ea ho bara ba Makire+ mora oa Manase, ho halofo ea bara ba Makire ka malapa a bona. 32  Ana ke mafa ao Moshe a ileng a ba fa ’ona lehoatateng la Moabe ka nģ’ane ho Jordane, ka bochabela ho Jeriko.+ 33  Empa Moshe ha aa ka a fa leloko la Balevi lefa.+ Jehova Molimo oa Iseraele ke lefa la bona feela joalokaha a ba tšepisitse.+

Linaletsana

Kapa: “ho tloha Shihore.”
Ka Seheberu: “ka pel’a.”
Kapa: “moo ho kenoang teng Hamathe.”
Kapa: “sehlabeng.”
Kapa: “sehlabeng.”
Kapa: “phula.”
E leng marena a neng a le tlas’a Sihone.
E leng letša la Genesarete kapa Leoatle la Galilea.
Kapa: “phuleng.”