Joshua 5:1-15

  • Ba bolla Gilgale (1-9)

  • Mokete oa Paseka; manna a khaotsa ho ba teng (10-12)

  • Khosana ea lebotho la Jehova (13-15)

5  Hang ha marena ’ohle a Baamore+ a neng a le ka lehlakoreng le ka bophirimela la Jordane* le marena ’ohle a Bakanana+ a neng a le haufi le leoatle a utloa hore Jehova o entse hore metsi a Jordane a khaotse ho phalla ka pel’a Baiseraele ho fihlela ba tšetse, a ile a tšoha ’me a nyahama haholo+ ka lebaka la Baiseraele.+ 2  Ka nako eo Jehova a re ho Joshua: “Iketsetse lithipa tsa lejoe le thata ’me u bolotse+ banna ba Iseraele hape ka lekhetlo la bobeli.” 3  Kahoo, Joshua a etsa lithipa tsa lejoe le thata ’me a bolotsa banna ba Iseraele Gibeathe-haralothe.*+ 4  Lena ke lebaka le entseng hore Joshua a ba bolotse: Banna bohle ba tsoileng Egepeta e leng banna bohle ba ntoa,* ba ne ba shoelletse lefeelleng tseleng ka mor’a hore ba tsoe Egepeta.+ 5  Batho bohle ba ileng ba tsoa Egepeta ba ne ba bolotse empa batho bohle ba tsoaletsoeng lefeelleng tseleng ka mor’a hore sechaba se tsoe Egepeta, ba ne ba e-s’o bolotsoe. 6  Baiseraele ba ne ba tsamaile lilemo tse 40+ lefeelleng ho fihlela sechaba sohle se shoele e leng banna ba ntoa ba tsoileng Egepeta ba sa kang ba mamela lentsoe la Jehova.+ Jehova o ile a ba a ikana hore le ka mohla a ke ke a ba lumella ho bona naha eo+ Jehova a neng a ikanne ho baholo-holo ba bona hore o tla ba fa eona,+ naha e phallang lebese le mahe a linotši.+ 7  Kahoo, a nka bara ba bona ho e-na le bona.+ Joshua o ile a ba bolotsa. Ba ile ba bolotsoa hobane ba ne ba sa bolotsoa ha ba ntse ba le leetong. 8  Ha ba qetile ho bolotsa sechaba sohle, ha baa ka ba tloha sebakeng seo ba neng ba le ho sona liahelong ho fihlela ba folile. 9  Joale Jehova a re ho Joshua: “Kajeno ke entse bonnete ba hore Baegepeta ba ke ke ba hlola ba le nyefola.”* Kahoo, sebaka seo esale se bitsoa Gilgale+ ho fihlela letsatsing lena. 10  Baiseraele ba ’na ba lula liahelong Gilgale eaba ba tšoara Paseka letsatsing la bo14 la khoeli,+ mantsiboea lehoatateng la Jeriko. 11  Ba ja lihlahisoa tsa naha letsatsing le hlahlamang ka mor’a Paseka e leng mahobe a se nang tomoso+ le lijo tse kotutsoeng tse halikiloeng letsatsing lona leo. 12  Joale manna a khaotsa ho ba teng letsatsing le latelang leo ka lona ba jeleng tse ling tsa lihlahisoa tsa naha. Ho ne ho se ho se na manna bakeng sa Baiseraele+ empa ba qala ho ja lihlahisoa tsa naha ea Kanana selemong seo.+ 13  Ha Joshua a le haufi le Jeriko, a phahamisa mahlo ’me a bona monna+ a eme ka pel’a hae a tšoere sabole letsohong la hae.+ Joshua a ea ho eena ’me a mo botsa a re: “Na u ka lehlakoreng la rona kapa la bahanyetsi ba rona?” 14  Eaba o re: “Che, ke tlile ke le khosana* ea lebotho la Jehova.”+ Hang-hang Joshua a khumama eaba o inamisa hlooho ’me a re ho eena: “Moren’a ka o re’ng ho mohlanka oa hae?” 15  Khosana ea lebotho la Jehova ea re ho Joshua: “Rola lieta* tsa hao hobane sebaka seo u emeng ho sona sea halalela.” Hang-hang Joshua a etsa joalo.+

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “lehlakore le ka nģa ea leoatle.”
^ E bolelang “Leralla la Ntlha ea Letlalo la Litho Tsa Botona.”
^ Kapa: “banna ba lilemong tsa ho kenela sesole.”
^ Ka Seheberu: “ke tlositse nyefolo ea Egepeta ho lona.”
^ Kapa: “molaoli.”
^ Ka Seheberu: “meqathatso.”