Joshua 1:1-18

  • Jehova o khothatsa Joshua (1-9)

    • Molao o baloe ka lentsoe le tlase (8)

  • Ho itokisetsa ho tšela Jordane (10-18)

1  Ka mor’a lefu la Moshe mohlanka oa Jehova, Jehova a re ho Joshua*+ mora oa Nune, mosebeletsi+ oa Moshe:  “Mohlanka oa ka Moshe o shoele.+ Joale ema, u tšele Jordane uena le sechaba sena sohle ’me le kene naheng eo ke tla e fa sechaba sa Iseraele.+  Ke tla le fa sebaka se seng le se seng seo le kenang ho sona* feela joalokaha ke ile ka tšepisa Moshe.+  Sebaka sa lona se tla ba ho tloha lefeelleng ho ea fihla Lebanone le ho ea fihla nokeng e kholo ea Eufrate e leng naha eohle ea Bahethe+ le ho ea Leoatleng le Leholo* ka bophirimela.+  Ha ho na motho ea tla u hlola hafeela u ntse u phela.+ Ke tla ba le uena feela joalokaha ke bile le Moshe.+ Nke ke ka u lahla kapa ka u tlohela.+  E-ba sebete ’me u be matla+ hobane ke uena ea tla kenya sechaba sena naheng eo ke ileng ka hlapanyetsa baholo-holo ba sona hore ke tla ba fa eona.+  U be sebete ’me u be matla haholo ’me u latele Molao oohle oo mohlanka oa ka Moshe a u laetseng oona. U se ke oa u kheloha, oa ea ka ho le letona kapa ka ho le letšehali+ e le hore u ka etsa lintho ka bohlale hohle moo u eang teng.+  Buka ena ea Molao e se ke ea tloha molomong oa hao.+ U e bale ka lentsoe le tlase* bosiu le motšehare e le hore u ka etsa lintho tsohle tse ngotsoeng ho eona.+ Ha u etsa joalo, seo u se etsang se tla atleha ’me u tla etsa lintho ka bohlale.+  Ke u file taelo ea hore u be sebete ’me u be matla. U se ke oa haroha letsoalo kapa oa tšoha hobane Jehova Molimo oa hao u na le uena kae kapa kae moo u eang teng.”+ 10  Eaba Joshua o laela balaoli ba sechaba o re: 11  “Tsamaeang ka har’a liahelo ’me le laele sechaba le re, ‘Lokisang mefaho hobane ka mor’a matsatsi a mararo le tla tšela Jordane ’me le nke naha eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona.’”+ 12  Joshua a re ho Barubene, Bagade le halofo ea leloko la Manase: 13  “Hopolang seo Moshe mohlanka oa Jehova a le laetseng sona ha a re:+ ‘Jehova Molimo oa lona o le fa phomolo ’me o le file naha ena. 14  Basali, bana le liphoofolo tsa lona li tla lula naheng eo Moshe a le fileng eona ka lehlakoreng lena* la Jordane.+ Empa lona banna bohle ba matla+ le lokela ho tšela le hlophisehile joaloka lebotho la ntoa ka pel’a bana ba bo lona.+ Le thuse bana ba bo lona 15  ho fihlela Jehova a etsa hore ba lule ba sireletsehile joaloka lona, ho fihlela le bona ba fumane naha eo Jehova Molimo oa lona a ba fang eona. Ka mor’a moo, le tla khutlela naheng eo le e fuoeng e leng naha eo Moshe mohlanka oa Jehova a le fileng eona ka lehlakoreng le ka bochabela la Jordane.’”+ 16  Ba araba Joshua ba re: “Re tla etsa sohle seo u re laetseng sona ’me re tla ea kae kapa kae moo u reng re ee teng.+ 17  Re tla u mamela feela joalokaha re ile ra mamela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Moshe a ileng a e bua. E se eka Jehova Molimo oa hao a ka ba le uena feela joalokaha a ile a ba le Moshe.+ 18  Motho ea fetohelang taelo ea hao ’me a sa mamele taelo e ’ngoe le e ’ngoe eo u mo fang eona o tla bolaoa.+ U be sebete ’me u be matla.”+

Linaletsana

Kapa: “Jehoshua,” e bolelang “Jehova ke Poloko.”
Ka Seheberu: “seo maoto a lona a hatang ho sona.”
E leng Leoatle la Mediterranean.
Kapa: “u nahanisise ka eona.”
E leng le ka bochabela.