Jeremia 17:1-27
17 “Sebe sa Juda se ngotsoe fatše ka pene ea tšepe.
Se ngotsoe ka motsu oa taemane lipelong tsa bonaLe manakeng a lialetare tsa bona.
2 Le bara ba bona ba hopola lialetare tsena le lipalo tse halalelang*+Tse pel’a sefate se behang haholo, holim’a maralla a phahameng,+
3 Holim’a lithaba tse naheng.
Ke tla nehelana ka maruo a hao le matlotlo ’ohle a hao hore a hapuoe,+Ke nehelane ka lintho tse libakeng tsa hao tse phahameng ka lebaka la sebe libakeng tsohle tsa hao.+
4 Ka ho rata, u tla lahla lefa la hao leo ke u fileng lona.+
Hape ke tla etsa hore u sebeletse lira tsa hao naheng eo u sa e tsebeng+Hobane u hotelitse bohale ba ka joaloka mollo.*+
Mollo oo o tla tuka ka ho sa feleng.”
5 Jehova o re:
“Ho rohakoe motho* ea tšepang batho,+Ea tšepang matla a motho*+Le eo pelo ea hae e furallang Jehova.
6 O tla ba joaloka sefate se emeng se le seng lehoatateng.
A ke ke a bona lintho tse molemoEmpa o tla lula libakeng tse omeletseng lefeelleng,Naheng e letsoai moo ho se nang motho ea ka lulang.
7 Ho hlohonolofatsoe motho* ea tšepang Jehova,Eo tšepo ea hae e leng ho Jehova.+
8 O tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le metsi,Seo metso ea sona e namelang molapong.
A ke ke a utloa mocheso ha ho chesa haholo,Ho e-na le hoo, makhasi a hae a tla lula a le matle.+
Selemong sa komello a ke ke a tšoenyehaKapa a khaotsa ho beha litholoana.
9 Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ebile e tsitlella seo e se batlang.*+
Ke mang ea ka e tsebang?
10 ’Na Jehova, ke hlahloba pelo,+Ke phenya menahano e tebileng*E le hore ke fe e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae,Ho ea ka litholoana tsa mesebetsi ea hae.+
11 Motho ea fumanang maruo ka bolotsana*O joaloka khoale e fuoamang mahe ao e sa a behelang.+
Ka mor’a nako maruo ao a tla mo siea,Qetellong ho tla hlaka hore ha a na kelello.”
12 Terone e khanyang eo esale e phahamisitsoe ho tloha qalong,Ke sehalalelo sa rona.+
13 Jehova, tšepo ea Iseraele,Bohle ba u furallang ba tla hlajoa ke lihlong.
Ba u koenehelang* ba tla nyamela joaloka mongolo o mobung+Hobane ba furaletse Jehova, mohloli oa metsi a bophelo.+
14 Mpholise, Jehova ’me ke tla fola.
Mpholose ’me ke tla pholoha+Kaha ke uena eo ke mo rorisang.
15 Ho na le ba reng ho ’na:
“Ke hobane’ng ha mantsoe a Jehova a e-s’o phethahale?+
A ke a phethahale hle!”
16 Empa ha e le ’na, ha kea ka ka tlohela ho u sala morao joaloka molisaEbile ha kea ka ka lakatsa letsatsi la koluoa.
U tseba hantle lintho tsohle tseo molomo oa ka o li buileng,Kaofela li etsahetse ka pel’a sefahleho sa hao.
17 U se ke oa etsa hore ke tšohe.
U setšabelo sa ka letsatsing la tlokotsi.
18 Bahlorisi ba ka ba ke ba soabe+Empa u se ke oa lumella hore ke soabe.
E se eka ba ka tšohaEmpa u se ke oa lumella hore ke tšohe.
Ba tlisetse letsatsi la tlokotsi,+U ba timetse le ho ba felisa kaofela.*
19 Jehova o ile a re ho ’na: “E-ea ’me u eme keiting ea bara ba sechaba eo marena a Juda a kenang le ho tsoa ka eona le likeiting tsohle tsa Jerusalema.+
20 U re ho bona: ‘Mamelang lentsoe la Jehova, lona marena a Juda, batho bohle ba Juda le baahi bohle ba Jerusalema ba kenang ka likeiti tsena.
21 Jehova o re: “Itebeleng ’me le se ke la jara thoto leha e le efe kapa la e kenya ka likeiti tsa Jerusalema ka letsatsi la Sabatha.+
22 Le se ke la ntša thoto leha e le efe malapeng a lona ka letsatsi la Sabatha ’me ho hang le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe.+ Le boloke letsatsi la Sabatha le halalela feela joalokaha ke laetse baholo-holo ba lona.+
23 Empa ha baa ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe ’me ka manganga ba ile ba hana ho mamela* ha ba khalemeloa.”’+
24 Jehova o boetse o re: ‘Haeba le ’mamela ka hloko, le sa kenye thoto leha e le efe ka likeiti tsa motse ona ka letsatsi la Sabatha ’me le boloka letsatsi la Sabatha le halalela ka ho se etse mosebetsi leha e le ofe letsatsing leo+
25 joale marena le likhosana tse lulang teroneng ea Davida+ li tla kena le likeiting tsa motse ona. Marena le likhosana tsa ’ona, banna ba Juda le baahi ba Jerusalema ba tla kena ba palame likariki le lipere+ ’me motse ona o tla lula o e-na le baahi ka ho sa feleng.
26 Batho ba tla tla ba tsoa metseng ea Juda, ba tsoa libakeng tse potolohileng Jerusalema, ba tsoa naheng ea Benjamine,+ ba tsoa mabalane,+ ba tsoa libakeng tse lithaba le Negebe.* Ba tla tlisa linyehelo tsa secheso,+ mahlabelo,+ linyehelo tsa lijo,*+ libano tse tšoeu le mahlabelo a liteboho ka tlung ea Jehova.+
27 Empa haeba le sa ’mamele ha ke le laela ho boloka letsatsi la Sabatha le halalela ’me le jara lithoto le ho kena ka tsona likeiting tsa Jerusalema ka letsatsi la Sabatha, ke tla hotetsa likeiti tsa eona ka mollo. Ruri mollo o tla chesa litora tsa Jerusalema tse tiileng+ ’me o ke ke oa tima.’”+
Linaletsana
^ Kapa mohlomong: “u hotelitsoe joaloka mollo bohaleng ba ka.”
^ Kapa: “monna ea matla.”
^ Ka Seheberu: “Ea etsang nama letsoho la hae.”
^ Kapa: “monna ea matla.”
^ Kapa mohlomong: “e ke ke ea phekoloa.”
^ Ka Seheberu: “liphio.”
^ Kapa: “ka ho hloka toka.”
^ Ka Seheberu: “Ba nkoenehelang.” Ekare ea koeneheloang ke Jehova.
^ Kapa: “ba felise ka tšenyo e fetang eo habeli.”
^ Ka Seheberu: “ba satalatsa melala ea bona.”
^ Kapa: “boroa.”
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.