Jeremia 6:1-30

  • Jerusalema e haufi le ho thibelloa (1-9)

  • Jehova o halefetse Jerusalema (10-21)

    • Ba re: “Khotso e teng!” Empa e le sieo (14)

  • Tlhaselo e sehloho e tsoang ka leboea (22-26)

  • Jeremia o etsoa mohlahlobi oa tšepe (27-30)

6  Itšireletseng, lona bana ba Benjamine, balehang Jerusalema. Letsang lenaka+ Tekooa.+ Besang mollo e le letšoao Bethe-hakeremeHobane ho na le tlokotsi e tlang e tsoa leboea, tlokotsi e kholo.+  2  Morali oa Sione* o tšoana le mosali e motle ea phelang hamonate.+  3  Balisa ba tla tla le mehlape ea bona. Ba tla hloma litente ho mo pota-pota ka hohle,+E mong le e mong a fulise mohlape oo a o hlokomelang.+  4  “Itokisetseng ho mo loantša,Emang, re mo hlaseleng har’a mpa ea motšehare.” “Re malimabe hobane letsatsi le ntse le sekamaLe meriti e hlahlamela lithaba.”  5  “Emang, re mo hlaseleng bosiuRe senye litora tsa hae tse tiisitsoeng ka thata.”+  6  Etsoe Jehova oa mabotho o re: “Remang lifate ’me le etse qubu e thibellang Jerusalema.+ Ke motse o lokelang ho ahloloa. Ka har’a oona ha ho letho haese khatello.+  7  Joalokaha seliba e le mohloli oa metsi a pholileng,Motse ona le oona ke mohloli oa bokhopo. Ho oona ho utloahala ntoa le timetso.+ Ke lula ke bona boloetse le kotlo.  8  Mamela uena Jerusalema esere ka u furalla ke lekehile.+ Ke tla u ripitla, ke u etse naha e se nang baahi.”+  9  Jehova oa mabotho o re: “Ba tla bokella Baiseraele ba setseng hantle feela joalokaha ho bokelloa morara oa ho qetela sefateng. Ba bokelle hape joaloka ea khang morara sefateng.” 10  “Ke tla bua le bo-mang ’me ke ba lemose? Ke mang ea tla mamela? Litsebe tsa bona li thibane* hoo ba sa khoneng ho utloa.+ Lentsoe la Jehova le fetohile ntho eo ba e nyefolang,+Ha ba le rate. 11  Ke tletse khalefo ea Jehova. Ke khathetse ke ho e mamella.”+ “E tsebise ngoana ea seterateng+Le lihlopha tsa bahlankana ba bokaneng ’moho. Etsoe ba tla haptjoa kaofela, monna hammoho le mosali oa hae,Banna-baholo hammoho le ba seng ba khokhoba.*+ 12  Matlo a bona a tla nehoa batho ba bangHammoho le masimo le basali ba bona.+ Ke tla phahamisa letsoho ke otle baahi ba naha,” ke Jehova ea chong. 13  “Ho tloha ho mofutsana ho ea ho morui, e mong le e mong o ithuisa ka bolotsana.+ Ho tloha ho moprofeta ho ea ho moprista, kaofela ba etsa bobolu.+ 14  Ba leka ho folisa sechaba sa ka se sithabetseng ka hore feela ba re: ‘Khotso e teng! Khotso e teng!’ Empa khotso e le sieo.+ 15  Na batho ba ka ba soabetse lintho tse nyonyehang tseo ba li entseng? Ha ba soabe ho hang! Ha ba tsebe le hore na ho soaba ke ntho e joang.+ Ka hona, ba tla oela har’a ba oeleng. Ha ke ba otla ba tla khothometseha,” ke Jehova ea chong. 16  Jehova o re: “Emang mateanong a litsela ’me le bone. Le botse ka litsela tsa khale,Botsang hore na tsela e nepahetseng ke efe ’me le tsamaee ho eona,+Le iphumanele phomolo.” Empa ba re: “Re ke ke ra tsamaea ho eona.”+ 17  “Ke khethile balebeli+ ba ileng ba re: ‘Mamelang molumo oa lenaka!’”+ Empa ba re: “Re ke ke ra mamela.”+ 18  “Ka hona utloang, lona lichaba. Lona phutheho, tsebangHore na ho tla etsahala’ng ka batho ba Jerusalema. 19  Mamela, uena lefatše. Ke tlisa tlokotsi holim’a batho bana+E le litla-morao tsa merero ea bonaHobane ha baa mamela mantsoe a kaEbile ba hanne molao* oa ka.” 20  “Ha ke tsotelle le haeba le tlisa libano tse tšoeu tse tsoang ShebaLe lehlaka* le tsoang naheng e hole. Linyehelo tsa lona tsa secheso ha li amoheleheLe mahlabelo a lona ha a nkhahle.”+ 21  Kahoo Jehova o re: “Ke behela batho bana lintho tse tla ba khopa,Li tla ba liha,Bo-ntate le bara,Moahisani le motsoalle oa hae. Kaofela ba tla timela.”+ 22  Jehova o re: “Batho ke bao ba tsoa naheng ea leboea,Batho ba matla ba tla hlaha likarolong tse hole ka ho fetisisa tsa lefatše.+ 23  Ba tla tšoara seqha le lerumo. Ba sehloho ’me ba ke ke ba e-ba le mohau. Mantsoe a bona a tla luma joaloka leoatleEbile ba palama lipere.+ Ba itokisetsa ho u loantša ba ikentse ngatana-’ngoe, uena morali oa Sione.” 24  Re utloile tlaleho e mabapi le bona. Re feletsoe ke matla.*+ Re aparetsoe ke mathata,Re utloile bohloko bo kang ba mosali ea pepang.+ 25  U se ke oa tsoela tšimong. Hape u se ke oa tsamaea tselengHobane sera se nkile sabole,Hohle batho ba tšohile haholo. 26  Uena morali oa sechaba sa ka,Apara lesela le hoashang*+ u ipitike moloreng. Lla joalokaha eka u llela mora ea mong, u bokolle haholo+Hobane sera se felisang se tla re futuhela ka tšohanyetso.+ 27  “Ke u* entse mohlahlobi oa tšepe har’a batho ba ka,Ea batlisisang. U lokela ho ela hloko ’me u hlahlobe liketso tsa bona. 28  Kaofela ha bona ke batho ba manganga,+Ba tsamaea hohle ba ntse ba etselletsa batho ba bang.+ Ba tšoana le koporo le tšepe,Kaofela ha bona ba tletse bobolu. 29  Mosebetsi o sebelitse ka thata ho hloekisa tšepe,Hoo le lisebelisoa tsa hae li cheleng. Empa ha ho na thuso hobane ho itsoela loto feela mollong.+ Batho ba khopo ha baa tlosoa sechabeng.+ 30  Ruri batho ba tla ba bitsa silevera e lahliloengHobane Jehova o ba lahlile.”+

Linaletsana

^ Kapa: “Motse oa Sione.”
^ Ka Seheberu: “Litsebe tsa bona ha lia bolla.”
^ Ka Seheberu: “ba atetsoeng ke matsatsi.”
^ Kapa: “taelo.”
^ Lehlaka le nkhang hamonate.
^ Kapa: “Matsoho a rona aa tepella.”
^ E leng Jeremia.