Jeremia 38:1-28
38 Shefatia mora oa Matane, Gedalia mora oa Pashkure, Jukale+ mora oa Shelemia le Pashkure+ mora oa Malkija ba utloa ha Jeremia a re ho sechaba sohle:
2 “Jehova o re: ‘Motho ea tla sala motseng ona o tla bolaoa ka sabole, tlala le ka lefu la seoa.+ Empa ea inehelang* ho Bakalde o tla pholoha* ’me a ’ne a phele.’+
3 Jehova o re: ‘Ruri motse ona o tla nehelloa masole a morena oa Babilona ’me morena o tla o hapa.’”+
4 Liofisiri tse kholo tsa re ho morena: “Re kopa hore monna enoa a bolaoe+ hobane o nyahamisa masole a setseng motseng mona le batho bohle ka ho ba joetsa lintho tsena. Etsoe monna enoa ha a batlele sechaba sena khotso empa o se batlela tlokotsi.”
5 Morena Tsedekia a re: “Etsang ntho eo le e batlang ka eena. Ha ho letho leo nka le etsang ho le thiba.”
6 Kahoo, ba nka Jeremia eaba ba mo kenya ka sekoting* sa Malkija mora oa morena, se neng se le Lebaleng la Balebeli.+ Ba theolela Jeremia tlase ka liropo. Ka sekoting seo ho ne ho se na metsi, ho tletse seretse feela. Kahoo, Jeremia a tetebela seretseng.
7 Ebede-meleke+ oa Moethiopia, eo e neng e le ofisiri ea lekhotla* ka tlung ea morena,* a utloa hore ba kentse Jeremia ka sekoting. Morena o ne a lutse Keiting ea Benjamine.+
8 Kahoo, Ebede-meleke a tsoa ka tlung ea morena ’me a bua le morena a re:
9 “Khosi ea ka morena, ntho eo banna bana ba e entseng moprofeta Jeremia e mpe. Ba mo lahletse ka sekoting. O tla shoella teng ka lebaka la tlala hobane ha ho sa na bohobe motseng.”+
10 Morena a re ho Ebede-meleke oa Moethiopia: “Nka banna ba 30 mona u tsamaee le bona, le ntše moprofeta Jeremia ka sekoting pele a shoa.”
11 Kahoo, Ebede-meleke a tsamaea le banna bao, a kena ka tlung ea morena ka kamoreng e tlas’a moo ho bolokeloang matlotlo+ eaba ba nka likatana le masela a khale ba a theolela ho Jeremia ka sekoting ba sebelisa liropo.
12 Ebede-meleke Moethiopia a re ho Jeremia: “Ke kopa u kenye likatana le masela ka mahafing e le hore liropo li se ke tsa u sehla.” Jeremia a etsa joalo.
13 Eaba ba hula Jeremia ka liropo ’me ba mo nyolla ka sekoting. Jeremia a ’na a lula Lebaleng la Balebeli.+
14 Morena Tsedekia a bitsa moprofeta Jeremia hore a tle monyako oa boraro o ka tlung ea Jehova eaba morena o re ho Jeremia: “Ho na le ntho eo ke batlang ho u botsa eona. U se ke oa mpatela letho.”
15 Eaba Jeremia o re ho Tsedekia: “Ha nka u bolella, joang kapa joang u tl’o mpolaea. Hape ha nka u eletsa, ha u tl’o ’mamela.”
16 Eaba Morena Tsedekia o hlapanyetsa Jeremia lekunutung o re: “Ka Jehova ea phelang ea re fileng bophelo, nke ke ka u bolaea kapa ka u nehella banna bana ba batlang ho u bolaea.”
17 Joale Jeremia a re ho Tsedekia: “Jehova Molimo oa mabotho, Molimo oa Iseraele, o re: ‘Ha u ka inehela* ho liofisiri tse kholo tsa morena oa Babilona, u ke ke oa shoa. Motse ona o ke ke oa chesoa ka mollo ’me uena le ba ntlo ea hao le ke ke la shoa.+
18 Empa haeba u ke ke oa inehela* ho liofisiri tse kholo tsa morena oa Babilona, motse ona o tla nehelloa Bakalde, ba o chese ka mollo+ ’me uena u ke ke oa phonyoha matsohong a bona.’”+
19 Morena Tsedekia a re ho Jeremia: “Ke tšaba Bajuda ba balehetseng ho Bakalde hobane ha nka isoa ho bona, ba ka ’na ba ntlhahisa kotsi.”
20 Empa Jeremia a re: “U ke ke oa isoa ho bona. Ke kopa u mamele lentsoe la Jehova ka hore u mamele ntho eo ke u bolellang eona. Ha u ka etsa joalo, lintho li tla u tsamaela hantle ’me u tla ’ne u phele.
21 Empa haeba u sa inehele,* ho tla etsahala ntho ena eo Jehova a mpontšitseng eona:
22 Basali bohle ba siiloeng ka tlung ea morena oa Juda ba ntse ba tlisoa ho liofisiri tse kholo tsa morena oa Babilona+ ’me ba re:
‘Batho bao a neng a ba tšepile* ba mo thetsitse ’me ba mo hlotse.+
Ba entse hore leoto la hae le tetebele seretseng hoo a neng a sitoa ho tsoa.
Joale ba mo lahlile.’
23 Ba ntse ba tlisa basali bohle ba hae le bara ba hae kaofela ho Bakalde ’me a ke ke a phonyoha matsohong a bona. Morena oa Babilona+ o tla mo tšoara ’me motse ona o tla chesoa ka mollo ka lebaka la hae.”+
24 Eaba Tsedekia o re ho Jeremia: “U se ke oa tsebisa mang kapa mang lintho tsena e le hore u se ke oa shoa.
25 Haeba liofisiri tse kholo li utloa hore ke buile le uena ’me li tla ho uena li re: ‘Re kopa u re bolelle hore na u itse’ng ho morena. U se ke oa re patela letho, re ke ke ra u bolaea.+ Morena o itse’ng ho uena?’
26 U tle u re ho tsona: ‘Ke ne ke kopa morena hore a se ke a nkhutlisetsa ka tlung ea Jonathane hore ke shoelle teng.’”+
27 Ka mor’a nako, liofisiri tsohle tse kholo tsa tla ho Jeremia ’me tsa mo botsa. A li bolella lintho tsohle tseo morena a itseng a li bue. Kahoo, ha lia ka tsa hlola li re letho ho eena kaha ha ho motho ea neng a utloile puisano ea hae le morena.
28 Jeremia a ’na a lula Lebaleng la Balebeli+ ho fihlela letsatsing leo Jerusalema e haptjoang ka lona. O ne a ntse a le moo ha Jerusalema e haptjoa.+
Linaletsana
^ Ka Seheberu: “ea eang.”
^ Kapa: “bophelo ba hae e tla ba oona moputso oa hae.”
^ Kapa: “selibeng.”
^ Ka Seheberu: “e neng e le leqhalaha.”
^ Kapa: “phaleising.”
^ Ka Seheberu: “Ha u ka ea.”
^ Ka Seheberu: “u ke ke oa ea.”
^ Ka Seheberu: “u sa ee.”
^ Ka Seheberu: “ba neng ba e-na le khotso le eena.”

