Jeremia 22:1-30

  • Melaetsa ea kahlolo e eang ho marena a mabe (1-30)

    • Molaetsa o amanang le Shalume (10-12)

    • Molaetsa o amanang le Jojakime (13-23)

    • Molaetsa o amanang le Konia (24-30)

22  Jehova o re: “Theohela ntlong ea morena* oa Juda ’me u fetise molaetsa ona. 2  U re: ‘Utloa lentsoe la Jehova, uena morena oa Juda ea lutseng teroneng ea Davida, uena le bahlanka ba hao le batho ba hao ba kenang ka likeiti tsena. 3  Jehova o re: “Sebetsang ka toka le ho loka. Motho ea utsoetsoang le mo pholose letsohong la molotsana. Le se ke la tšoara molichaba hampe ’me le se ke la ntša khutsana* kapa mohlolohali kotsi.+ Le se ke la bolaea batho ba se nang molato sebakeng sena.+ 4  Etsoe haeba le phetha lentsoe lena hantle, marena a lulang teroneng ea Davida+ a tla kena ka likeiti tsa motse ona, a palame likariki le lipere, ’ona hammoho le bahlanka ba ’ona le sechaba sa ’ona.”’+ 5  Jehova o re: “Haeba le sa mamele mantsoe ana, ke hlapanya ka ’na hore ntlo ena e tla soahlamana.”+ 6  “Etsoe Jehova o re ka ntlo ea morena oa Juda: ‘U joaloka Gileade ho ’na,U tšoana le tlhoro ea Lebanone. Empa ke tla u etsa lithako,Ha ho le o mong oa metse ea hao o tla ba le baahi.+  7  Ke tla khetha batho ba tla u felisa,E mong le e mong ka libetsa tsa hae.+ Ba tla rema lifate tsa hao tsa kedare tse khethehilengBa li akhele mollong.+ 8  “‘Lichaba tse ngata li tla feta haufi le motse ona ’me li buisane li re: “Ke hobane’ng ha Jehova a entse tjee ka motse oo o moholo?”+ 9  Li tla re: “Ke hobane batho ba motse oo ba fetohetse selekane seo ba se entseng le Jehova Molimo oa bona, ba inametse melimo e meng ’me ba e sebelelitse.”’+ 10  Le se ke la llela ea shoelengHape le se ke la mo utloela bohloko. Ho e-na le hoo, llang haholo bakeng sa motho ea haptjoangKaha ha a sa tla hlola a khutla hore a bone naha eo a hlahetseng ho eona. 11  “Etsoe Jehova o re ka Shalume*+ mora oa Josiase, morena oa Juda ea busang sebakeng sa ntate oa hae Josiase+ le ea tlositsoeng sebakeng sena: ‘Ha a sa tla hlola a khutlela moo. 12  O tla shoella sebakeng seo ba mo isitseng kholehong ho sona ’me ha a sa tla hlola a bona naha ena.’+ 13  Ho malimabe ea hahang ntlo ea hae ka bolotsana,Ea hahang likamore tsa eona tse ka holimo empa e se ka toka,Ea etsang hore oa habo a mo sebeletse mahala,Ea hanang ho mo patala.+ 14  Ho malimabe ea reng: ‘Ke tl’o ikahela ntlo e kholoE nang le likamore tse kholo ka holimo. Ke tla e kenya lifensetere,Ke e kenye mapolanka a kedare ’me ke e pente ka bofubelu.’ 15  Na u tla tsoela pele ho busa hobane feela u hlolisa ba bang ka ho sebelisa kedare? Ntate oa hao le eena o ile a ja le ho noaEmpa o ile a sebetsa ka toka le ka ho loka+Eaba lintho li mo tsamaela hantle. 16  O ile a buella nyeoe ea mofutsana le ea motho ea mahlomolengEaba lintho li tsamaea hantle. ‘Na eo ha se eona ntho e boleloang ke ho ntseba?’ ke Jehova ea chong. 17  ‘Empa u lula u nahana le ho batla mekhoa ea ho ithuisa ka bolotsana,Ho bolaea batho ba se nang molato,Ho etsa bobolu le ho nka thepa ea batho ka mahahapa.’ 18  “Ka hona, Jehova o re ka Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda: ‘Ba ke ke ba mo llela ba re: “Ao ngoan’eso! Ao ngoan’eso!” Ba ke ke ba mo llela ba re: “Ao mong’a ka! Ao moren’a ka!” 19  O tla patoa joaloka tonki,+A hulanngoe a be a lahloe,A lahleloe ka nģ’ane ho likeiti tsa Jerusalema.’+ 20  Nyolohela* Lebanone ’me u hoeletse. Hoeletsa u le Bashane,U hoeletse u le Abarime+Hobane bohle ba u ratang haholo ba timelitsoe.+ 21  Ke buile le uena nakong eo u neng u ikutloa u sireletsehile. Empa oa re: ‘Nke ke ka mamela.’+ Haesale u itšoere ka tsela ena ho tloha u sa le mocha,Etsoe ha oa mamela lentsoe la ka.+ 22  Moea o tla khanna balisa bohle ba hao,+Ba u ratang haholo ba tla haptjoa. Joale u tla soaba le ho tlotloloha ka lebaka la tlokotsi e tla u hlahela. 23  Uena ea lulang Lebanone,+Ea entseng sehlaha har’a likedare,+U tla lumaela ha u otloa ke mahlaba,Ha u utloa bohloko bo kang ba mosali ea belehang.”+ 24  “Jehova, Molimo ea phelang o re: ‘Ke hlapanya ka ’na hore esita le haeba uena Konia*+ mora oa Jojakime,+ morena oa Juda, u ne u le reng e tempang e letsohong la ka le letona, ke ne ke tla u rola. 25  Ke tla nehelana ka uena ho ba batlang ho u bolaea, ho bao u ba tšabang, ho Nebukadnezare* morena oa Babilona le ho Bakalde.+ 26  Ke tla lahlela uena le ’mè oa hao naheng esele ’me le tla shoela teng. 27  Le ke ke la hlola le khutlela naheng eo le e labalabelang.+ 28  Na Konia eo ha a tšoane le nkho feela e nyatsehang, e pshatlehileng,Sejana seo ho seng motho ea se batlang? Ke hobane’ng ha eena le bana ba hae ba lihetsoe fatše’Me ba lahletsoe naheng eo ba sa e tsebeng?’+ 29  Lona batho ba lefatšeng,* mamelang lentsoe la Jehova. 30  Jehova o re: ‘Ngolang monna enoa a se na banaE le monna ea ke keng a atleha bophelong,*Etsoe ha ho le ea mong oa bana ba hae ea tla atlehaHo lula teroneng ea Davida ’me a buse Juda hape.’”+

Linaletsana

^ Kapa: “phaleising.”
^ Kapa: “ngoana ea se nang ntate.”
^ O boetse o bitsoa Joakaze.
^ Ho bonahala taelo ena e ne e fuoa Jerusalema.
^ O boetse o bitsoa Jojakine le Jekonia.
^ Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
^ Ka Seheberu: “Uena lefatše, lefatše, lefatše.”
^ Ka Seheberu: “matsatsing a hae.”