Jeremia 46:1-28

  • Boprofeta bo mabapi le Egepeta (1-26)

    • Egepeta e tla hloloa ke Nebukadnezare (13, 26)

  • Lintho tseo Iseraele e li tšepisitsoeng (27, 28)

46  Ana ke mantsoe ao Jehova a ileng a a bolella moprofeta Jeremia ka lichaba:+ 2  O ile a bua ka Egepeta+ le lebotho la Faro Neko+ morena oa Egepeta ea ileng a hloloa ke Morena Nebukadnezare* oa Babilona a le Karkemishe pel’a Noka ea Eufrate ka selemo sa bone sa puso ea Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, a re:  3  “Nkang lithebe tsa lona tse nyenyane* le tse kholo,Le ee ntoeng.  4  Qhanehang lipere ’me le palame, lona banna ba lipere. Itokisetseng ntoa, le roale lihelmete. Leotsang marumo, le apare liaparo tsa tšepe.  5  Jehova o re: ‘Ke hobane’ng ha ke bona ba tšohile? Baa baleha, bahlabani ba bona ba hlotsoe. Ba balehile ke ho ferekana, bahlabani ba bona ha baa hetla morao. Boemo ke bo tšosang.  6  Ba lebelo ha ba khone ho baleha ’me bahlabani ha ba khone ho phonyoha. Ka leboea, pel’a lebopo la Noka ea Eufrate,Ba khopiloe ’me ba oele.’+  7  Ke mang eo ea nyolohang joaloka Noka ea NileJoaloka linoka tseo metsi a tsona a khahlellanang?  8  Egepeta e nyoloha joaloka Noka ea Nile+Joaloka linoka tseo metsi a tsona a khahlellanang. E re: ‘Ke tla nyoloha, ke koahele lefatše. Ke tla felisa motse le ba ahileng ho oona.’  9  Futuhang, lona lipere. Le mathe ka lebelo, lona likariki. Bahlabani ba ee,Ba Kushe le Pute, ba tšoarang lithebe+Le bahlabani ba Balude,+ ba sebelisang liqha ka boqhetseke.*+ 10  Letsatsi leo ke la ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho. Ke letsatsi la phetetso, letsatsi la hore a iphetetse ho lira tsa hae. Sabole e tla ja ho fihlela e khotše, e tla noa mali a bona ho fihlela e khotsofetse. ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho, o tla etsa sehlabelo naheng ea leboea pel’a Noka ea Eufrate.+ 11  Nyolohela Gileade u late balsame,+Uena morali oa Egepeta oa moroetsana. Ha ho na thuso ea hore ebe u ekelitse meriana ea haoHobane ha ho na pheko bakeng sa hao.+ 12  Lichaba li utloile ka ho tlotloloha ha hao.+ Sello sa hao se tletse motseng,Etsoe mohlabani o thulana le mohlabani e mongEbe ka bobeli ba oela fatše.” 13  Jehova o buile le moprofeta Jeremia ka ho tla ha Morena Nebukadnezare* oa Babilona ho tla hlasela naha ea Egepeta+ a re: 14  “Hasang molaetsa Egepeta, le o phatlalatse Migdole.+ Le o phatlalatse Nofe* le Takpanese,+Le re: ‘Emang, le itokiseKaha sabole e tla bolaea motho e mong le e mong ea le potolohileng. 15  Ke hobane’ng ha masole a lona a matla a hohotsoe? Ha aa khona ho ema a tiileHobane Jehova o a sutumelelitse fatše. 16  A khoptjoa ka bongata ebile aa oa. A ntse a buisana a re: “Emang re baleheng, re khutleleng sechabeng sa habo rona, naheng ea habo ronaEtsoe sabole e bolaea batho ba bangata ka sehloho.”’ 17  Ha masole ao a le moo, a phatlalatsa a re: ‘Faro morena oa Egepeta o bua haholo feela ha ho letho leo a le etsang. O tlohetse monyetla* hore o fete.’+ 18  Morena, eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho o re: ‘Ke hlapanya ka ’naHore o* tla fihla joaloka Tabore+ har’a lithaba,A be joaloka Karmele+ pel’a leoatle. 19  Tlamang thoto le itokisetse ho baleha,Lona baahi ba Egepeta. Etsoe Nofe* e tla fetoha ntho e tšosang. E tla chesoa,* e sale e se na baahi.+ 20  Egepeta e joaloka khomo e ntle ea sethojana.* Empa menoang e tla e futuhela e tsoa leboea. 21  Masole a eona a hiriloeng a joaloka manamane a nontšitsoeng ho tlola. A khutletse morao eaba a baleha kaofela. A ne a sa khone ho ema a tiile.+ Etsoe letsatsi la tlokotsi le a oetse holimo,Nako ea ’ona ea ho ahloloa.’ 22  ‘Lentsoe la eona le tšoana le molumo oa noha e balehang,Masole a matla a ba lireng, a e sala morao a nkile lilepeJoaloka banna ba remang lifate.* 23  Ba tla rema moru oa eona le hoja o teteane haholo,’ ke Jehova ea chong. ‘Etsoe ba bangata ho feta litsie, ha ba na palo. 24  Batho ba Egepeta ba tla tlotlolloa. Ba tla nehelloa sechaba sa leboea.’+ 25  Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Ke tla otla Amone+ molimo oa motse oa No,*+ ke otle Faro, Egepeta hammoho le melimo ea eona+ le marena a eona. Ke tla otla Faro le bohle ba mo tšepileng.+ 26  Ke tla ba nehella batho ba batlang ho ba bolaea, ke ba nehelle Morena Nebukadnezare* oa Babilona+ le bahlanka ba hae. Empa ka mor’a moo, Egepeta e tla ba le baahi joaloka mehleng ea pele,’ ke Jehova ea chong.+ 27  ‘Ha e le uena mohlanka oa ka Jakobo, u se ke oa tšoha. U se ke oa haroha letsoalo, uena Iseraele.+ Etsoe ke tla u pholosa u le hole,Ke pholose bana* ba hao naheng eo ba isitsoeng ho eona ha ba haptjoa.+ Jakobo o tla khutla ’me a phele ka khotso le khutsoHo se na motho ea tla mo tšosa.’+ 28  Jehova o re: ‘U se ke oa tšoha, uena mohlanka oa ka Jakobo etsoe ke na le uena. Ke tla felisa lichaba tsohle tseo ke u hasanyelitseng ho tsona+Empa uena nke ke ka u felisa.+ Ke tla u khalemela ka tsela e nepahetseng,*+Ho hang nke ke ka u tlohela feela ke sa u fe kotlo.’”

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
^ Hangata lithebe tsena li ne li sebelisoa ke masole a sebelisang liqha.
^ Ka Seheberu: “ba chehang liqha.”
^ Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
^ Kapa: “Memfise.”
^ Ka Seheberu: “nako.”
^ E leng ea tla hlola Egepeta.
^ Kapa: “Memfise.”
^ Kapa mohlomong: “fetoha lithako.”
^ Khomo e e-s’o be le namane.
^ Kapa: “rathang patsi.”
^ E leng Thebese.
^ Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
^ Ka Seheberu: “peo.”
^ Kapa: “ka tekanyo e loketseng.”