Jeremia 28:1-17

  • Jeremia le Hanania moprofeta oa bohata (1-17)

28  Selemong sona seo, qalong ea puso ea Morena Tsedekia+ oa Juda, ka selemo sa bone khoeling ea bohlano, moprofeta Hanania mora oa Azure, ea tsoang Gibeone+ a re ho Jeremia ka tlung ea Jehova ka pel’a baprista le sechaba sohle: 2  “Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Ke tla roba joko ea morena oa Babilona.+ 3  Pele lilemo tse peli li fela, ke tla khutlisetsa lisebelisoa tsohle tsa ntlo ea Jehova mona, lisebelisoa tseo Morena Nebukadnezare oa Babilona a li nkileng mona a li isa Babilona.+ 4  Ke tla lata Jekonia+ mora oa Jojakime,+ morena oa Juda le Bajuda bohle ba hapuoeng ba ileng Babilona,+ ke ba khutlisetse mona hobane ke tla roba joko ea morena oa Babilona,’ ke Jehova ea chong.” 5  Eaba moprofeta Jeremia o bua le moprofeta Hanania ka pel’a baprista le sechaba sohle se neng se eme ka tlung ea Jehova. 6  Moprofeta Jeremia a re: “Amen!* E se eka Jehova a ka etsa joalo! E se eka Jehova a ka phethahatsa mantsoe a hao ao u a profetileng ka hore a late lisebelisoa tsa ntlo ea Jehova Babilona. A late le batho bohle ba hapuoeng ba isitsoeng moo a ba khutlisetse mona. 7  Leha ho le joalo, ka kopo, utloa molaetsa ona oo ke o fetisang moo u ntseng u utloa le moo sechaba sohle se ntseng se utloa. 8  Mehleng ea khale, baprofeta ba tlileng pele ho ’na le uena ba ne ba tloaetse ho profeta ka linaha tse ngata le mebuso e meholo, ba profeta ntoa, tlokotsi le lefu la seoa. 9  Haeba moprofeta a profeta khotso ’me lentsoe la hae le phethahala, ho tla tsebahala hore o fela a rometsoe ke Jehova.” 10  Eaba moprofeta Hanania o tlosa joko molaleng oa Jeremia ’me oa e roba.+ 11  Moprofeta Hanania a re ka pel’a sechaba sohle: “Jehova o re: ‘Joko eo Nebukadnezare morena oa Babilona a e behileng molaleng oa lichaba tsohle, ke tla e roba ka tsela ena, pele lilemo tse peli li fela.’”+ Eaba moprofeta Jeremia oa itsamaela. 12  Ka mor’a hore moprofeta Hanania a robe joko molaleng oa moprofeta Jeremia, Jehova a fa Jeremia molaetsa ona o reng: 13  “E-ea, u re ho Hanania: ‘Jehova o re: “U robile lijoko tsa lepolanka+ empa sebakeng sa tsona u tla etsa lijoko tsa tšepe.” 14  Etsoe Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: “Ke tla beha joko ea tšepe melaleng ea lichaba tsena tsohle hore li sebeletse Morena Nebukadnezare oa Babilona ’me li tla mo sebeletsa.+ Ke tla mo fa esita le libata tsa naha.”’”+ 15  Moprofeta Jeremia a re ho moprofeta Hanania:+ “Ke kopa u mamele uena Hanania! Jehova ha aa u roma empa u entse hore sechaba sena se lumele leshano.+ 16  Ka hona, Jehova o re: ‘Bona, ke tla u felisa lefatšeng. U tla shoa selemong sena hobane u khothalelitse batho hore ba fetohele Jehova.’”+ 17  Kahoo, moprofeta Hanania a shoa selemong seo, ka khoeli ea bosupa.

Linaletsana

^ Kapa: “Ha ho be joalo.”