Jeremia 37:1-21

  • Bakalde ba ikhula ka nakoana (1-10)

  • Jeremia oa tšoaroa (11-16)

  • Tsedekia o kopana le Jeremia (17-21)

    • Jeremia o fuoa bohobe (21)

37  Nebukadnezare* morena oa Babilona a khetha Tsedekia+ mora oa Josiase hore e be morena naheng ea Juda+ eaba Tsedekia o lula setulong sa Konia*+ mora oa Jojakime. 2  Empa Tsedekia le bahlanka ba hae le sechaba sa naha eo ha baa ka ba mamela mantsoe a Jehova ao moprofeta Jeremia a neng a a buile. 3  Morena Tsedekia a roma Jukale+ mora oa Shelemia le Sofonia+ mora oa moprista Maseia ho moprofeta Jeremia hore ba re: “Re kopa u re rapelle ho Jehova Molimo oa rona.” 4  Jeremia o ne a itsamaela ka bolokolohi har’a sechaba kaha ba ne ba e-s’o mo kenye teronkong.+ 5  Ka nako eo, Bakalde ba ne ba thibeletse Jerusalema. Eitse ha ba utloa hore lebotho la Faro le tla le tsoa Egepeta,+ ba ikhula hore ba se ke ba futuhela Jerusalema.+ 6  Joale Jehova a re ho moprofeta Jeremia: 7  “ ’Na, Jehova Molimo oa Iseraele ke re ho baromuoa ba Morena Tsedekia: ‘Le tle le re ho morena oa Juda ea le rometseng ho ’na: “Masole a Faro a tlang ho tla u thusa a tla lokela ho khutlela Egepeta naheng ea ’ona.+ 8  Bakalde ba tla khutla, ba loantše motse ona, ba o hape ba be ba o chese.”+ 9  ’Na Jehova ke re: “Le se ke la ithetsa ka ho re: ‘Bakalde ba tsamaetse ruri!’ hobane ba tl’o khutla. 10  Leha le ne le ka la bolaea masole ’ohle a Bakalde a le loantšang eaba ho sala feela banna ba tsoileng likotsi, ba ne ba tla ’ne ba raohe ba tsoa litenteng tsa bona ’me ba chese motse ona.”’”+ 11  Eare ha masole a Bakalde a se a ikhutse hore a se ke a futuhela Jerusalema ka lebaka la masole a Faro,+ 12  Jeremia a tloha Jerusalema a ea naheng ea Benjamine+ ho ea fumana lefa la hae har’a batho ba habo. 13  Eitse ha a fihla Keiting ea Benjamine, molaoli oa balebeli, mora oa Shelemia eo lebitso la hae e leng Irija setloholo sa Hanania, a tšoara moprofeta Jeremia eaba o re ho eena: “Uena u inehela ho Bakalde!” 14  Jeremia a re: “Ha se ’nete, ha ke inehele ho Bakalde.” Empa Irija ha aa ka a mo mamela. Ho e-na le hoo, a tšoara Jeremia ’me a mo isa ho liofisiri. 15  Liofisiri tsa halefela Jeremia+ eaba lia mo otla, ha li qeta tsa mo koalla+ ka tlung ea mongoli Jonathane e neng e fetotsoe teronko. 16  Jeremia o ne a koaletsoe ka seleng* e ka tlas’a lefatše ntlong eo. A koalloa moo matsatsi a mangata. 17  Morena Tsedekia a mo bitsa. Ha a se a le ka tlung*+ a mo botsa lipotso ka lekunutu a re: “Na ho na le molaetsa o tsoang ho Jehova?” Jeremia a re: “E, o teng. U tla nehelloa morena oa Babilona.”+ 18  Jeremia a boela a re ho Morena Tsedekia: “Uena le bahlanka ba hao le sechaba see, ke le sitetsoe ka eng ha e le moo le nkentse teronkong? 19  Ba kae baprofeta ba lona ba le profetetseng ba re morena oa Babilona a ke ke a le futuhela kapa a futuhela naha ee?+ 20  Ke kopa u ’mamele khosi ea ka morena. Ke kopa u nkhauhele. U se ke oa nkhutlisetsa ka tlung ea mongoli Jonathane,+ ho seng joalo ke tl’o shoella teng.”+ 21  Morena Tsedekia a fana ka taelo ea hore Jeremia a koalloe ka tlung e ka Lebaleng la Balebeli.+ O ne a fuoa bohobe bo tsoang seterateng sa baapehi letsatsi le leng le le leng,+ ho fihlela bohobe bohle bo fela motseng.+ Jeremia a ’na a lula Lebaleng la Balebeli.

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
^ O boetse o bitsoa Jojakine le Jekonia.
^ Ka Seheberu: “ka tlung ea seliba.”
^ Kapa: “phaleising.”