Jeremia 47:1-7

  • Boprofeta bo mabapi le Bafilista (1-7)

47  Jehova o ile a bua le moprofeta Jeremia ka Bafilista+ pele Faro a hlasela Gaza. 2  Jehova a re: “Bonang! Metsi a tla a tsoa leboea. A tla tla ka sekhahla se kang sa sekhohola. A tla koahela naha le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ho eona,Motse le baahi ba oona. Banna ba tla bokolla,Bohle ba lulang naheng ba tla hlaba seboko.  3  Ha ho utloahala molumo oa litlhako tsa lipere tse matla tsa ba lirengLe oa likariki tsa bona tsa ntoa’Me ho utloahala molumo oa mabili a tsona,Bo-ntate ba ke ke ba khutlela ho tla pholosa bara ba bonaKaha ba tla be ba thothomela ke letsoalo.*  4  Ho tla fihla letsatsi la hore Bafilista bohle ba felisoe.+ Bohle ba neng ba thusa Tire+ le Sidone+ ba tla felisoa. Jehova o tla felisa BafilistaBa setseng sehlekehlekeng sa Kaftore.*+  5  Gaza e tla phumoha lefatla.* Ashkelone e ripitliloe.+ Lona ba setseng ba phula ea bona,Le tla intša kotsi* ho fihlela neng?+  6  Uena sabole ea Jehova,+U tla khutsa neng? Khutlela selateng sa hao. Iphomolele ’me u khutse.  7  E ka khutsa joangJehova a e file taelo? O e laetse hore e loantšeAshkelone le lebopo la leoatle.”+

Linaletsana

^ Kapa: “matsoho a bona a tla tepella.”
^ E leng Kreta.
^ E leng hore batho ba Gaza ba tla beola lihlooho hobane ba siame ba bile ba soabile.
^ Kapa: “itšeha.”