Jeremia 5:1-31

  • Batho ba hana ho khalemeloa ke Jehova (1-13)

  • Metse e tla felisoa empa sechaba se ke ke sa felisoa kaofela (14-19)

  • Jehova o bitsa batho hore ba tl’o ikarabella (20-31)

5  Sollang le literata tsa Jerusalema,Qamakang ka hloko. Batlang limmarakeng tsa eona le shebeHore na le ke ke la fumana motho ea sebetsang lintho ka toka,+Ea tšepahalang. Haeba le mo fumana, ke tla tšoarela Jerusalema.  2  Esita leha ba re: “Ka Jehova ea phelang!”Ba tla be ba hlapanyetsa ntho eo e seng ’nete.+  3  Jehova, na mahlo a hao ha a batle batho ba tšepahalang?+ U ba otlile empa ha baa utloa.* U timelitse naha ea bona empa ba hanne ho mamela khalemelo.+ Ba thatafalitse lipelo* tsa bona ho feta lefika,+Ba hanne ho baka.+  4  Empa ka re: “Kannete e tlameha ebe ke bafutsana. Ba etsa lintho tse se nang kelello hobane ha ba tsebe thato* ea Jehova,Molao oa Molimo oa bona.  5  Ke tla ea ho banna ba hlaheletseng ’me ke bue le bonaEtsoe e tlameha ebe ba tsebile thato* ea Jehova,Molao oa Molimo oa bona.+ Empa kaofela ba ne ba robile joko,Ba khaotse le liketane.”*  6  Ke ka lebaka leo tau ea morung e ba hlaselangLe phiri ea lehoatata e ntseng e ba bolaea. Hape ke kahoo lengau le lulang le falimehile metseng ea bona. Lengau le rusolla e mong le e mong ea tlohang metseng eo. Etsoe liphoso tsa bona li ngata,Ba bile bolotsana ka makhetlo a mangata.+  7  Nka u tšoarela joang ka ntho ee? Bana ba hao ba ntahlile,Ba ntse ba hlapanya ka ntho eo e seng Molimo.+ Ke ba file lintho tseo ba li hlokangEmpa ba ile ba ’na ba feba,Ba petetsana ho ea ntlong ea mosali oa letekatse.  8  Ba joaloka lipere tse lehala tse batlang ho tlolela tse ling. E mong le e mong o matha ka mor’a mosali oa monna e mong.+  9  Jehova o re: “Na ha kea lokela ho ba bitsa hore ba tl’o ikarabella bakeng sa lintho tsee? Na ha kea lokela ho iphetetsa ho sechaba se tjee?+ 10  Futuhelang lirapa tsa morara tsa Jerusalema ’me le li senyeEmpa le se ke la li senya kaofela.+ Pomang makalana a Jerusalema a hlahangHobane ha se a Jehova. 11  Etsoe ba ntlo ea Iseraele le ba ntlo ea JudaHa baa ntšepahalla,” ke Jehova ea chong.+ 12  “Ba latotse Jehova ba re: ‘A ke ke a re etsa letho.*+ Ha re na oeloa ke tlokotsi,Ntoa le tlala re ke ke ra li bona.’+ 13  Baprofeta ba profeta lintho tsa lefeela. Lentsoe la Molimo ha le eo lipelong tsa bona. Ba tla fetoha lefeela joaloka lintho tseo ba li profetang.” 14  Ka hona, Jehova Molimo oa mabotho o re: “Kaha batho bana ba buile joalo,Ke etsa hore mantsoe a ka e be mollo molomong oa hao.*+ Sechaba sena ke patsi,Mollo o tla se chesa.”+ 15  Jehova o re: “Ke le tlisetsa sechaba se tsoang hole, lona ba ntlo ea Iseraele.+ Ke sechaba se lulang se le teng. Ke sechaba sa khale,Sechaba seo le sa tsebeng puo ea sona. Le ke ke la utloisisa hore na se re’ng.+ 16  Mokotla oa sona o tšelang metsu o joaloka lebitla le ahlameng. Kaofela ke sechaba sa bahlabani. 17  Ba tla ja lijalo le bohobe ba lona.+ Ba tla bolaea bara le barali ba lona. Ba tla ja mehlape ea lona ea linku le lipoli le ea liphoofolo tse kholo. Ba tla senya lifate tsa lona tsa morara le tsa feie.* Metse ea lona e sirelelitsoeng ka thata eo le e tšepang, ba tla e felisa ka sabole.” 18  Jehova o re: “Empa esita le nakong eo, nke ke ka le felisa kaofela.+ 19  Etlare ha ba re: ‘Ke hobane’ng ha Jehova Molimo oa rona a re entse tjee?’ U re ho bona: ‘Feela joalokaha le ile la mphuralla la sebeletsa molimo osele naheng ea habo lona, le tla sebeletsa balichaba naheng eo e seng ea habo lona.’”+ 20  Bolellang ba ntlo ea Jakobo,Le tsebise Juda le re: 21  “Utloang, lona sechaba sa lithoto se bileng se se nang kelello,*+Le na le mahlo empa ha le bone.+ Le na le litsebe empa ha le utloe.+ 22  ‘Na ha le ntšabe?’ ke Jehova ea chong,‘Na ha lea lokela ho nthothomella? Ke ’na ea behileng lehlabathe e le moeli oa leoatle,E le molao oa tsamaiso o sa tloheng oo leoatle le ke keng la o tlola. Le hoja maqhubu a lona a akhotseha, a ke ke a o tlola. Le hoja a loebehlana, a ntse a ke ke a feta moeli oa leoatle.+ 23  Empa batho bana ba manganga ebile ba tletse borabele.* Ba khelohile ’me ba inketse tsela ea bona.+ 24  Ha ho mohla ba reng ka pelong: “A re tšabeng Jehova Molimo oa rona,Ea nesang pula ka nako ea eona,Pula ea lehoetla le pula ea selemo,Ea lebelang nako ea kotulo* bakeng sa rona.”+ 25  Liphoso tsa lona li thibile lintho tsena hore li se ke tsa e-ba teng. Libe tsa lona li le sitisa ho fumana melemo ena.+ 26  Etsoe har’a sechaba sa ka ho na le batho ba khopo. Ba ntse ba nyarela joaloka batšoasi ba linonyana ha ba khukhuna ba li laletse. Ba cheha sefi se bolaeang. Ba tšoasa batho. 27  Matlo a bona a tletse thetso+Joalokaha serobe se tletse linonyana. Ke kahoo ba leng matla ba bileng ba ruileng. 28  Ba nonne ebile baa benya. Bokhopo ba bona bo hlotse! Ha ba buelle nyeoe ea khutsana+E le hore ba ka atleha. Ha ba ahlolele bafutsana ka toka.’”+ 29  Jehova o re: “Na ha kea lokela ho ba bitsa hore ba tl’o ikarabella bakeng sa lintho tsee? Na ha kea lokela ho iphetetsa ho sechaba se tjee? 30  Ho etsahetse ntho e tšosang le e tšabehang naheng: 31  Baprofeta ba profeta mashano+Le baprista ba busa ka matla a bona. Sechaba sa ka se rata ha ho le joalo.+ Empa le tla etsa joang ha bofelo bo fihla?”

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “ha baa ka ba fokola.”
^ Ka Seheberu: “lifahleho.”
^ Ka Seheberu: “tsela.”
^ Ka Seheberu: “tsela.”
^ Ka Seheberu: “marapo.”
^ Kapa mohlomong: “Ha a eo.”
^ E leng molomo oa Jeremia.
^ Kapa: “feiga.”
^ Ka Seheberu: “pelo.”
^ Kapa: “ba lipelo li manganga ebile li tletse borabele.”
^ Ka Seheberu: “libeke tse khethiloeng tsa kotulo.”