Jeremia 48:1-47
-
Boprofeta bo mabapi le Moabe (1-47)
48 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re ka Moabe:+
“Ho malimabe Nebo+ hobane e ripitliloe.
Kiriathaime+ e hapuoe, baahi ba eona ba soabile.
Batho ba lulang libakeng tse sireletsehileng ba tlotlolotsoe ebile ba tšohile.+
2 Ba lireng ha ba sa rorisa Moabe.
Ba rerile ho mo liha ba le Heshbone+ ba re:
‘Tloong, a re feliseng Moabe hore e se ke ea hlola e e-ba sechaba.’
Le uena Madmene, u lokela ho khutsaHobane sabole e u setse morao.
3 Ho na le seboko Horonaime+Hobane motse o ripitliloe ’me o oele.
4 Moabe o oele.
Bana ba hae baa bokolla.
5 Tseleng e nyolohelang Luhithe batho ba nyoloha ba ntse ba lla.
Tseleng e theohelang, e tsoang Horonaime ba utloa batho ba llang ka lebaka la tlokotsi.+
6 Balehang, le pholoseng bophelo ba lona,Le be joaloka sefate sa junipere lefeelleng.
7 Kaha uena Moabe u tšepile mesebetsi ea hao le maruo a hao,U tla haptjoa.
Kemoshe+ o tla haptjoaLe baprista ba hae le marena a mo sebeletsang.
8 Sera se felisang se tla kena motseng o mong le o mong.
Ha ho na motse o tla phonyoha.+
Khohlo* e tla senyehaLe naha* e tla felisoa feela joalokaha Jehova a boletse.
9 Etsetsang Moabe matšoao a tselaEtsoe ha metse ea hae e felisoa, batho ba hae ba tla baleha.
Batho ba tla tšoha ha ba bona metse ea haeE se nang baahi.+
10 Ho rohakoe motho ea phethang thomo ea Jehova ka ho se tsotelle,Ho rohakoe motho ea sa bolaeeng ka sabole ea hae.
11 Bamoabe ba ’nile ba lula ba iketlile ho tloha bocheng ba bonaJoaloka veine eo litlheferetsi tsa eona li theohetseng tlase.
Ha ba e-s’o ntšoe ka nkhong ebe ba tšeloa ka ho e ’ngoe,Ha ba e-s’o ka ba haptjoa.
Ke kahoo tatso ea bona e sa fetohangLe monko oa bona o ntseng o tšoana.
12 Jehova o re: ‘Ka hona, matsatsi aa tla ao ka ’ona ke tla roma banna hore ba ketole Bamoabe. Ba tla ba thulamisa, ba qhale linkho tsa bona ’me ba pshatle linkho tsa bona tse kholo.
13 Bamoabe ba tla soabela Kemoshe molimo oa bona feela joalokaha ba ntlo ea Iseraele ba soabela melimo ea bona eo ba neng ba e tšepile ha ba le Bethele.+
14 Le se nka kae sebete sa ho re: “Re bahlabani ba matla, re itokiselitse ntoa”?+
15 Moabe o ripitliloe,Metse ea hae e hlasetsoe.+
Bahlankana ba hae ba matla haholo ba bolailoe,’+Morena, eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho+ o cho joalo.
16 Bamoabe ba haufi le ho oeloa ke tlokotsi.
Nako ea hore ba oe e tla ka potlako.+
17 Bohle ba ba potolohileng, ba ba tsebang hantle,*Ba tla ba utloela bohloko.
E-reng ho bona: ‘Molamu o matla, lere la botle le robiloe hampe hakaakang!’
18 Theoha boemong ba hao bo hlomphehang’Me u lule fatše u nyoriloe,* uena morali ea lulang Dibone+Hobane ea felisang Moabe o u futuhetse.
O tla felisa libaka tsa hao tse sirelelitsoeng ka thata.+
19 Ema pel’a tsela u shebelle ka hloko, uena ea lulang Aroere.+
Botsa monna le mosali ea balehang u re: ‘Ho etsahetse’ng?’
20 Moabe o hlabisitsoe lihlong ebile o tšohile.
Bokollang le hoeletse.
Phatlalatsang Arnone+ hore Moabe o ripitliloe.
21 Molimo o lihetse kahlolo holim’a sebaka se motsitsa.*+ O ahlotse motse oa Holone, Jahaze,+ Mefathe,+
22 Dibone,+ Nebo+ le Bethe-diblathaime.
23 O boetse o ahlotse Kiriathaime,+ Bethe-gamule, Bethe-meone,+
24 Keriothe,+ Bozra le metse eohle ea naha ea Moabe, e hole le e haufi.
25 Jehova o re: ‘Lenaka la Moabe le khaotsoe,*Letsoho la hae le robehile.
26 Etsang hore a tahoe+ etsoe o ikhohomoselitse Jehova.+
Moabe o pitika mahlatseng a haeEbile oa songoa.
27 Na le ne le sa some Iseraele?+
Na o fumanoe har’a masholuHore ebe lea mo nyatsa le bile le mo sisinyetsa lihlooho?
28 Tlohang metseng ’me le lule mafikeng, lona baahi ba Moabe,Le be joaloka leeba le iketsetsang sehlaha lilomong.’
29 Re utloile ka boikakaso ba Moabe, o ikhohomosa haholo.
Re utloile ka boikhantšo ba hae, boikakaso, boikhohomoso le ho iphahamisa ha hae.*+
30 Jehova o re: ‘Ke tseba kamoo a leng bohale katengEmpa lipuo tsa hae tse se nang thuso li tla fela.
Ha ho letho leo Bamoabe ba tla le etsa.
31 Ke ka lebaka leo ke tla llela Moabe.
Ke tla bokolla ka lebaka la Bamoabe kaofela,Ke llele banna ba Kire-hereshe.+
32 Uena sefate sa morara sa Sibma,+Ke tla u llela ho feta Jazere.+
Mahlomela a hao a tlokomang a tšetse leoatle.
A fihlile leoatleng, a fihla Jazere.
Sera se futuhetse+Litholoana tsa hao tsa lehlabula le morara oa hao oo u o kotutseng.
33 Thabo le nyakallo ha li sa le eo serapeng sa lifate tsa litholoanaLe naheng ea Moabe.+
Ke entse hore veine e khaotse ho phalla moo ho tlhotloang morara ho etsa veine.*
Ha ho ea tla e tlhotla a ntse a hoeletsa ke thabo.
Mohoo e ke ke ea e-ba oa thabo.+
34 Ho na le seboko se hlahang Heshbone,+ se fihla le Eleale.+
Baa hoeletsa, seboko sa bona se fihla Jahaze,+Seboko se hlahang Zooare se fihla Horonaime+ le Eglathe-shelishia.
Le metsi a Nimrime a tla psha.+
35 Ke tla etsa horeMotho ea tlisang nyehelo sebakeng se phahamengLe ea etsetsang molimo oa hae mahlabelo a fele Moabe,’ ke Jehova ea chong.
36 ‘Ke ka lebaka leo ke* tla lla joaloka lekolilo*+ ke llela Moabe.
Ke tla lla joaloka lekolilo ke llela batho ba Kire-hereshe.
Maruo ao a nang le ’ona a tla fela.
37 Etsoe e mong le e mong o phumohile lefatla,+Litelu tsa bona kaofela li kutiloe.
Kaofela ba itšehile matsoho+Ebile ba itlamme ka lesela le hoashang* mathekeng a bona.’+
38 Jehova o re: ‘Marulelong ’ohle a MoabeLe mapatlelong ’ohle a eona,Ke seboko feela.
Etsoe ke pshatlile MoabeJoaloka nkho e lahliloeng.
39 O tšohile hakaakang. Bokollang lona baahi ba Moabe.
Moabe o balehile a soabile hakaakang!
Moabe o fetohile ntho e songoangLe ntho e tšosang ho bohle ba mo potolohileng.’
40 Etsoe Jehova o re:
‘Sera se tla phukalatsa mapheo a sona holim’a Moabe+Feela joaloka ntsu e tsubellang.+
41 Metse e tla haptjoaLe libaka tsa hae tse sirelelitsoeng ka thata li tla haptjoa.
Letsatsing leo, lipelo tsa bahlabani ba MoabeLi tla tšoana le pelo ea mosali ea pepang.
42 Moabe e tla felisoa hore e se ke ea e-ba sechaba+Kaha e ikhohomoselitse Jehova.+
43 Tšabo, sekoti le sefi li u emetse,Uena moahi oa Moabe,’ ke Jehova ea chong.
44 ‘Mang kapa mang ea balehang ke letsoalo o tla oela ka sekoting.
Mang kapa mang ea nyolohang ka sekoting o tla tšoasoa ke sefiKaha ke tla tlisetsa Moabe kotlo ka selemo seo ke se khethileng,’ ke Jehova ea chong.
45 ‘Ba balehelang Heshbone ho fumana tšireletso, ba ke ke ba fumana thusoKaha mollo o tla tsoa HeshboneLe lelakabe le tsoe Sihone.+
Lelakabe leo le tla chesa phatla ea MoabeLe mahata a bahlabani ba ntoa.+
46 Ho malimabe uena Moabe,Sechaba sa molimo oa hao Kemoshe+ se timetse.
Bara ba hao ba hapuoeLe barali ba hao ba hapuoe.+
47 Empa matsatsing a qetellang ke tla bokella batho ba Moabe ba hapuoeng,’ ke Jehova ea chong.
‘Kahlolo ea Moabe e fella mona.’”+
Linaletsana
^ Kapa: “Phula.”
^ Kapa: “sehlaba.”
^ Ka Seheberu: “ba ba tsebang mabitso.”
^ Kapa mohlomong: “moo ho omeletseng.”
^ Kapa: “holim’a sehlaba; sebataolo.”
^ Kapa: “Matla a Moabe a felile.”
^ Kapa: “pelo ea hae.”
^ Ka Seheberu: “ka sehatelong.”
^ Ka Seheberu: “pelo ea ka e.”
^ E leng lekolilo le letsoang lefung ha batho ba utloile bohloko.

