Jeremia 30:1-24

  • Sechaba se tla khutlisetsoa hae se be se folisoe (1-24)

30  Jehova a re ho Jeremia: 2  “ ’Na, Jehova Molimo oa Iseraele ke re: ‘Ngola mantsoe ’ohle ao ke u bolellang ’ona bukeng. 3  “Matsatsi aa tla ao ka ’ona ke tla lata batho ba ka ba hapuoeng e leng Iseraele le Juda,”+ ke Jehova ea chong. “Ke tla ba khutlisetsa naheng eo ke e fileng baholo-holo ba bona ’me e be ea bona hape,”’ ke Jehova ea chong.”+ 4  Ana ke mantsoe ao Jehova a a boleletseng Iseraele le Juda.  5  Jehova o re: “Le utloile seboko sa batho ba tšohileng. Ke tšabo feela, ha ho na khotso.  6  Ke kopa le botse, na ho na le monna ea ka belehang? Joale ke hobane’ng ha ke bona monna e mong le e mong ea matla a itšoere mpeng*Joaloka mosali ea belehang?+ Ke hobane’ng ha lifahleho tsohle li pulufetse?  7  Jooe! Letsatsi leo e tla ba le tšosang.*+ Ha ho le kileng la tšoana le lona. E tla ba nako ea mahlomola bakeng sa JakoboEmpa ke tla mo pholosa.” 8  Jehova oa mabotho o re: “Letsatsing leo, ke tla roba joko e melaleng ea bona, ke khaole liropo tse ba tlammeng likoto tse peli ’me balichaba* ha ba sa tla hlola ba ba* etsa makhoba a bona. 9  Ba tla sebeletsa Jehova Molimo oa bona, ba sebeletse Davida, morena eo ke tla mo khetha bakeng sa bona.”+ 10  Jehova o re: “Uena Jakobo mohlanka oa ka, u se ke oa tšoha,U se ke oa haroha letsoalo, uena Iseraele.+ Etsoe ke tla u pholosa u le hole,Ke pholose le bana ba hao naheng eo ba isitsoeng ho eona ha ba ne ba haptjoa.+ Jakobo o tla khutla ’me a phele ka khotso le khutso,Ho se na motho ea tla mo tšosa.”+ 11  Jehova o re: “Ke na le uena ho u pholosaEmpa ke tla felisa lichaba tsohle tseo ke u hasanyelitseng ho tsona.+ Leha ho le joalo, uena nke ke ka u felisa.+ Ke tla u khalemela ka tsela e nepahetseng,*Ho hang nke ke ka u tlohela feela ke sa u fe kotlo.”+ 12  Jehova o re: “Ha ho na letho le ka etsang hore u khaotse ho nyahama.+ Leqeba la hao ha le fole. 13  Ha ho na ea buellang nyeoe ea hao,Liso tsa hao ha li phekolehe. Ha ho mohla u tla fola. 14  Linyatsi tsa hao kaofela li u lebetse.+ Ha li sa u batla. Ke u otlile joalokaha sera se ka u otla,+Ke u otlile joalokaha motho ea sehloho a ka u otla,Ka lebaka la liphoso tsa hao tse ngata le libe tsa hao tse ngata.+ 15  Na u na le lebaka la ho lla hobane u nyahame? Bohloko ba hao ha bo phekolehe. Ke u entse tjenaKa lebaka la liphoso tsa hao tse ngata le libe tsa hao tse ngata.+ 16  Ka hona, bohle ba bolaeang batho ba hao ba tla bolaoa.+ Lira tsa hao kaofela li tla haptjoa.+ Ba u utsoetsang ba tla utsoetsoa,Bohle ba hapang thepa ea hao le bona ke tla etsa hore ba nkeloe thepa.”+ 17  “Empa ke tla u phekola ’me ke folise maqeba a hao,”+ ke Jehova ea chong,“Le hoja ba u bitsitse mokhelo ba re: ‘Sione, sebaka seo ho se nang motho ea se batlang.’”+ 18  Jehova o re: “Ke tla lata bana ba Jakobo ba hapuoeng,+Ke ba hauhele ’me ke lokise moo ba lulang. Motse o tla boela o hahoe moo o neng o hahiloe pele,+Ntlo ea boreneng e tla ema moo ho loketseng. 19  Ba tla leboha, ba hoeletse ba thabile.+ Ke tla ba atisa, ba ke ke ba fokotseha,+Ke tla eketsa palo ea bona*’Me ba ke ke ba khelloa fatše.+ 20  Bana ba hae ba tla ba joaloka pele,Ke tla ba etsa sechaba se matla ka pel’a ka.+ Ke tla sebetsana le bahatelli bohle ba hae.+ 21  Morena oa hae o tla hlaha har’a batho ba hae’Me ’musi oa hae o tla hlaha har’a bana ba hae. Ke tla etsa hore a atamele ’me o tla nkatamela.” “Etsoe ke mang ea nang le sebete sa* ho nkatamela ke sa re a atamele?” ke Jehova ea chong. 22  “Le tla ba sechaba sa ka+ ’me ke be Molimo oa lona.”+ 23  Jehova o tla halefa joaloka sefefo se matla,+Joaloka setsokotsane se tsukutlang batho ba khopo. 24  Jehova o tla lula a tuka ke bohaleHo fihlela a entse lintho tseo a li rerileng a bile a li phethile.+ Le tla utloisisa taba ena mehleng ea ho qetela.+

Linaletsana

^ Kapa: “thekeng.”
^ Ka Seheberu: “le leholo.”
^ Kapa: “basele.”
^ Kapa: “mo.”
^ Kapa: “ka tekanyo e loketseng.”
^ Kapa mohlomong: “etsa hore ba hlomphehe.”
^ Ka Seheberu: “ea faneng ka pelo ea hae e le tiiso.”