Jeremia 29:1-32

  • Lengolo la Jeremia le eang ho Baiseraele ba Babilona (1-23)

    • Baiseraele ba tla khutla ka mor’a lilemo tse 70 (10)

  • Molaetsa o eang ho Shemaia (24-32)

29  Ana ke mantsoe a hlahang lengolong leo moprofeta Jeremia a ileng a le romela a le Jerusalema. O ile a le romela banna ba baholo ba har’a batho ba hapuoeng, baprista, baprofeta le batho bohle bao Nebukadnezare a neng a ba hapile a ba tlositse Jerusalema ho ba isa Babilona. 2  Ka nako eo, Morena Jekonia,+ ’mè oa morena,*+ balaoli ba lekhotla, likhosana tsa Juda le Jerusalema, litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le batho ba sebetsang ka tšepe* ba ne ba se ba tsoile Jerusalema.+ 3  A le neheletsa Elasa mora oa Shafane+ le Gemaria mora oa Hilkia bao Morena Tsedekia+ oa Juda a neng a ba romme Babilona ho Morena Nebukadnezare oa Babilona. Lengolo leo le ne le re: 4  “Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, o re ho batho bohle ba hapuoeng bao a entseng hore ba hapuoe Jerusalema ba isoe Babilona: 5  ‘Hahang matlo le lule ho ’ona. Lemang lirapa le je litholoana tsa tsona. 6  Nyalang basali ’me le be le bara le barali. Le batlele bara ba lona basali le be le nyalise barali ba lona e le hore le bona ba tle ba be le bara le barali. Ngatafalang moo, le se ke la fokotseha. 7  Hape le leke ho phela ka khotso motseng oo ke le isitseng ho oona ha le haptjoa ’me le o rapelle ho Jehova, etsoe ha o na le khotso le tla ba le khotso.+ 8  Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, o re: “Le se ke la lumela ho thetsoa ke linohe le baprofeta ba har’a lona+ hape le se ke la mamela litoro tseo ba li lorang. 9  Jehova o re: ‘Ba le profetela mashano ka lebitso la ka. Ha kea ba roma.’”+ 10  Jehova o re: ‘Ha ho se ho fetile lilemo tse 70 le le Babilona, ke tla le hopola+ ’me ke tla phetha tšepiso ea ka, ke le khutlisetse hae.’+ 11  Jehova o re: ‘Ke tseba hantle hore na ke tla le etsetsa’ng. Ke tla le tlisetsa khotso eseng tlokotsi,+ e le hore le be le tšepo le bokamoso bo chabileng.+ 12  Le tla mpitsa le nthapele ’me ke tla le mamela.’+ 13  ‘Le tla mpatla le mphumane+ hobane le tla mpatla ka lipelo tsohle tsa lona.+ 14  Ke tla etsa hore le mphumane,’+ ke Jehova ea chong. ‘Ke tla bokella batho ba lona ba hapuoeng ’me ke le bokelle ho tsoa lichabeng tsohle le libakeng tsohle tseo ke le hasantseng ho tsona,’+ ke Jehova ea chong. ‘Ke tla le lata sebakeng seo ke le isitseng ho sona ha le ne le haptjoa.’+ 15  Empa le itse: ‘Jehova o re hlahiselitse baprofeta Babilona.’ 16  Jehova o re ka morena ea lutseng teroneng ea Davida+ le ka batho bohle ba lulang Jerusalema e leng bana ba bo lona ba sa haptjoang ’moho le lona: 17  ‘Jehova oa mabotho o re: “Ke ba otla ka sabole, tlala le lefu la seoa,+ ke tla etsa hore ba tšoane le lifeie* tse bolileng* tse mpe hoo li ke keng tsa jeoa.”’+ 18  ‘Ke tla ba lelekisa ka sabole,+ tlala le lefu la seoa, ke ba etse ntho e tšosang ka pel’a mebuso eohle ea lefatše,+ ntho e rohakiloeng, e makalloang, e letsetsoang mololi+ le e nyefoloang har’a lichaba tsohle tseo ke tla ba hasanyetsa ho tsona+ 19  hobane ha baa mamela molaetsa oa ka oo ke ba rometseng oona ka bahlanka ba ka ba baprofeta, bao ke ba rommeng ka makhetlo-khetlo,’*+ ke Jehova ea chong. ‘Empa le lona ha lea mamela,’+ ke Jehova ea chong. 20  Mamelang lentsoe la Jehova, lona bohle ba hapuoeng bao ke ba tlositseng Jerusalema ka ba isa Babilona. 21  Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re ka Akabe mora oa Kolaia le Tsedekia mora oa Maseia, ba le profetelang mashano ka lebitso la ka:+ ‘Ke tla nehelana ka bona letsohong la Morena Nebukadnezare* oa Babilona ’me o tla ba bolaea ka pel’a mahlo a lona. 22  Ntho e tla ba etsahalla e tla fetoha tlhapa e buuoang ke Bajuda bohle ba hapuoeng ba leng Babilona e reng: “E se eka Jehova a ka etsa hore u tšoane le Tsedekia le Akabe, bao morena oa Babilona a ba besitseng mollong!” 23  Ba entse lintho tse soabisang Iseraele,+ ba feba le basali ba baahisani ba bona le ho bua mashano ka lebitso la ka, mashano ao ke sa kang ka ba laela hore ba a bue.+ “Ke ’na ea tsebang ebile ke paki,”+ ke Jehova ea chong.’” 24  “Hape u tle u re ho Shemaia+ oa Nehelame: 25  ‘Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, o re: “Kahobane u rometse mangolo ka lebitso la hao ho batho bohle ba Jerusalema, ho Sofonia+ mora oa moprista Maseia le ho baprista bohle, a reng: 26  ‘Sofonia, Jehova o u entse moprista ho e-na le ho etsa Jehojada moprista e le hore u hlokomele ntlo ea Jehova, u tšoare monna leha e le ofe ea hlanyang ea iketsang moprofeta le hore u mo kenye litlamong tsa maoto le matsoho.*+ 27  Ke hobane’ng ha u sa khalemela Jeremia oa Anathothe,+ ea iketsang moprofeta oa lona?+ 28  O ile a ba a re romella molaetsa ha re ntse re le Babilona a re: “Ho tla feta nako e telele. Hahang matlo le lule ho ’ona. Lemang lirapa le je litholoana tsa tsona,+ . . . ”’”’” 29  Ha moprista Sofonia+ a bala lengolo lena moo moprofeta Jeremia a ntseng a utloa, 30  Jehova a re ho Jeremia: 31  “Romela molaetsa ho batho bohle ba hapuoeng o reng: ‘Jehova o re ka Shemaia oa Nehelame: “Kahobane Shemaia o le profetetse le hoja ke sa mo roma ’me o lekile ho etsa hore le lumele mashano,+ 32  Jehova o re: ‘Ke tla otla Shemaia oa Nehelame le bana ba hae. Ha ho le ea mong oa bana ba hae ea tla pholoha har’a sechaba sena ’me a ke ke a bona molemo oo ke tla o etsetsa sechaba sa ka kaha o khothalelitse batho ho fetohela Jehova,’ ke Jehova ea chong.”’”

Linaletsana

^ Kapa mohlomong: “lihahi tsa marako a tšireletso.”
^ Kapa: “mofumahali.”
^ Kapa mohlomong: “tse butsoitseng haholo.”
^ Kapa: “lifeiga.”
^ Ka Seheberu: “ke neng ke tsoha hoseng ’me ke ba roma.”
^ Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
^ Ka Seheberu ho na le mantsoe a mabeli. Ho bonahala eka le leng ke “litlamo tsa maoto”, le leng lona ke “litlamo tsa matsoho le hlooho.”