Jeremia 1:1-19
1 Ana ke mantsoe a Jeremia* mora oa Hilkia, e mong oa baprista ba neng ba le Anathothe+ naheng ea Benjamine:
2 Jehova o ile a bua le ’na mehleng ea Josiase+ mora oa Amone,+ morena oa Juda, ka selemo sa bo13 sa puso ea Josiase.
3 A boela a bua le ’na mehleng ea Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, ho fihlela qetellong ea selemo sa bo11 sa puso ea Tsedekia+ mora oa Josiase, morena oa Juda, ho fihlela Jerusalema e haptjoa ka khoeli ea bohlano.+
4 Jehova a re ho ’na:
5 “Ke u tsebile* le pele u e-ba teng,+Ka u halaletsa* pele u hlaha.*+
Ke u entse moprofeta ho lichaba.”
6 Empa ka re: “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle,Ha ke tsebe ho bua+ hobane ke sa le moshanyana.”*+
7 Eaba Jehova o re ho ’na:
“U se ke oa re: ‘Ke sa le moshanyana.’
U lokela ho ea ho bohle bao ke u romang ho bona,U bue ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke u laelang eona.+
8 ’Na Jehova, ke re u se ke oa ba tšaba+Kaha ‘ke na le uena ho u pholosa.’”+
9 Jehova a otlolla letsoho la hae ’me a thetsa molomo oa ka.+ Eaba Jehova o re ho ’na: “Ke behile mantsoe a ka molomong oa hao.*+
10 Letsatsing lena, ke u behile hore u okamele lichaba le mebuso, u fothole le ho heletsa, u qhaqhe le ho felisa, u hahe le ho hloma.”+
11 Jehova a boela a re ho ’na: “U bona’ng Jeremia?” Ka re: “Ke bona lekala la sefate sa almonde.”*
12 Jehova a re ho ’na: “U bone hantle, etsoe ke falimehile ebile ke malala-a-laotsoe ho phetha lentsoe la ka.”
13 Jehova a re ho ’na ka lekhetlo la bobeli: “U bona’ng?” Kahoo ka re: “Ke bona pitsa* e belang ’me molomo oa eona o sekame o furaletse leboea.”
14 Eaba Jehova o re ho ’na:
“Tlokotsi e tla hlaha e tsoa leboea,E hlahele baahi bohle ba naha.+
15 Jehova o re: ‘Ke laela malapa ’ohle a mebuso ea leboea hore a tle.+
Le leng le le leng le tla beha terone ea lonaLikeiting tsa Jerusalema,+Marakong a eona ho e potolohaLe metseng eohle ea Juda.+
16 Ke tla phatlalatsa likahlolo tsa ka ho batho ba ka ka lebaka la bokhopo bohle ba bonaHobane ba ntahlile,+Ba etsetsa melimo e meng mahlabelo*+Ebile ba inamela melimo eo ba e entseng ka matsoho a bona.’+
17 Empa u lokela ho itokisetsa ho nka khato,*U eme ’me u ba bolelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke u laelang eona.
U se ke oa ba tšaba+E le hore ke se ke ka etsa hore u ba tšabe le ho feta.
18 Etsoe kajeno ke u entse motse o sirelelitsoeng ka thata,Pilara ea tšepe le marako a koporo e le hore u ka ema u tiile ka pel’a naha eohle,+Marena a Juda le likhosana tsa eona,Baprista ba eona le batho ba naha.+
19 Ba tla fela ba u loantšeEmpa ba ke ke ba u hlolaHobane ‘ke na le uena+ ho u pholosa,’ ke Jehova ea chong.”
Linaletsana
^ Mohlomong le bolela “Jehova oa Phahamisa.”
^ Kapa: “khethile.”
^ Ka Seheberu: “pele u tsoa ka popelong.”
^ Kapa: “qolla.”
^ Kapa: “mocha.”
^ Kapa: “Ke u boleletse hore na u re’ng.”
^ Ka Seheberu: “ea tsohileng.”
^ Kapa: “pitsa e kholo.”
^ Kapa: “mosi oa sehlabelo.”
^ Ka Seheberu: “itlama letheka.”

